PONTSHO YA PELE

Ketsahalo ya pele

Ke hoseng, Mamello moradi wa Tumi ya dilemo di leshome le metso e mehlano, o itukisetsa ho ya sekolong. O ntse a hlapa. Mmae o a kena.

Tumi: Mamello, o nonne kapa ho etsahalang?
Tumi o botsa a tonne mahlo a shebile Mamello mpeng.
Mamello a se arabe mmae.
Tumi: Ke ntse ke bua le wena ngwana towe. Ho etsahalang?
Mamello a inamisa hlooho a thola tuu!
Tumi: Na ha se mehlolo? Na mahlo a ka a mpontsha nnete? Mamello! Araba ngwana towe ke bua le wena.
Tumi a atamela Mamello a fihla a mo tshwara mpa.
Tumi: Haeka o moimana tje Mamello? Jowe! Mamello bua na ho etsahalang?
Mamello a se hlabela hodimo.
Tumi: Ke re o nkarabe Mamello. Keng e o e llisang? Ana o imme?
Mamello a oma ka hlooho.
Tumi: Jonna ekaba ke bomadimabe ba eng boo? Hao basadi! Mamello o imme jwang o sa le mokalenyana? Ako mpolelle hore ke a lora Mamello.
Tumi a re sihla fatshe a nto se hlabela hodimo le yena.
Tumi: Ebe ke fositse kae ho hodiseng ngwana yeo? Hao bathong? Ekaba ke hlahelwa keng?
Tumi a bokolla le ho feta.
Tumi: Mamello ekaba o nketsetsang tje? Ke tlo reng ho ntatao? Hona sekolong o tla ya jwang? Hobaneng o entse ntho e tje Mamello?
Mamello a sheba mmae a hloka dikarabo tsa dipotso tsohle tseo mmae a neng a mmotsa tsona.
Tumi: Ke mang ya o etseditseng ngwana Mamello? Hona o ne o kopana kae le yena? Neng le hona?
Mamello a se arabe empa a boela a inamisa hlooho a ntsha dikeledi.
Tumi: Ke tenwa ke ha o sa nkarabe Mamello. O se o le nako e kae? Hona ha o dutse o mpatla tjhelete ya diphetse o ntse o e isa kae? Ke hore o nkentse sehole sa hao ngwana towe? Ke hore o kgopo e le kannete.
Mamello a ikhara fatshe a ntse a hikitsa.
Tumi: Ha ke tsebe na o llelang. Nkarabe o tlohele ho nyibidiha tjena Mamello. Athe ha o tsebe hore seo o neng o ntse o se etsa lefifing se ne se tlo hlahella kganyeng? O ne o rerile hore mpa ee o tla e pata hofihlela neng? Ha o tsebe hore e a hola?
Mamello a se arabe mmae empa a tswelapele ho bokolla.
Tumi: Ena ke mehlolo kannete. Jwale ha o sa nkarabe tjena ke utlwa e le meleko e felletseng. Ke hore ke bitse ntatao, mohlomong yena o tla mo araba.
Mamello ha a utlwa mmae a re o tla bitsa ntatae, a phahamisa hlooho a tswa puo hanong.
Mamello: Tjhe mme, ke tla araba dipotso tsa hao. Ke kopa o ntshwarele mme.
Tumi: Tshwarelo ha e tlo hlakola se seng se etsahetse Mamello. Ke ntse ke emetse dikarabo tsa dipotso tseo ke o botsitseng tsona.
Mamello: Ke qetetse ho ya matsatsing dikgwedi tse nne tse fetileng.
Tumi a tona mahlo ya ka motho ya bonang ho hong ho tshosang.
Tumi: Mamello o reng? Kannete o ka bolaya motho. O ne o ntse o tholetseng ngwana towe? Ho ja ka se ke ka kena ka moo Mamello ho ne ho tlo etsahalang ka wena?
Mamello: Ke kopa tshwarelo mme ke ne ke tshaba ho o bolella.
Tumi: E o tswetse molemo ofe ntho yeo ya hao ya ho thola? E o thusitse kang? Ke mang ya o imisitseng?
Mamello: Ke abuti Tatolo mme.
Tumi a itswara hloohong.
Tumi: Tatolo wa mohlankanahadi? Tatolo ya etsang kereiti ya leshome le metso e mmedi? Mamello o kopana kae le Tatolo e le abutiao? Thaka tsa hao di ile kae ngwana towe? Na o tseba ntatae hantle? Re tlo qala kae hore re mo tsebise ditaba tsee?
Mamello a se arabe mmae empa a tjamela fatshe e ka o tla fumana dikarabo tsa letoto lena la dipotso tsa mmae.
Tumi: Tatolo yena thaka tsa hae di ne di ile kae ha tla qhomela ho wena o le lesea? Hona dintho tsee le ne le di etsa neng nna ke ntse ke re o ile sekolong?
Mamello a hobolela mmae mahlo a hloka dikarabo.
Tumi: Na o a tseba yena Tatolo hore o imme?
Mamello: E o a tseba mme.
Tumi: Utlwang mehlolo. O hlotswe ho mopella kgale hore o imme athe lona le a tseba le re entse ditshwene?
Mamello: Kgale abuti Tatolo a re ke o bolelle feela ke ne ke tshaba.
Tumi: Yena o bolelletse batswadi ba hae?
Mamello: Tjhe mme.
Tumi: O re wena o bolelle batswadi ba hao empa yena a sa bolelle ba hae? Hobaneng a sa ba bolella?
Mamello: O re o tshaba ntate wa hae.
Tumi: Jwale rona ha o re tshabe ha a re o re bolelle?
Mamello: Tjhe mme.
Tumi: Ho tlo etsahala jwang ka sekolo Mamello? Na o a tseba hore ho hodisa ngwana ho boima jwang? Ha se kgwele tsa kobo ho hodisa ngwana. Na ke dintho tseo le di nahanneng ha le ne le kena thobalanong?
Mamello a hadikisa mahlo a hloka karabo.
Tumi: Ke tlo qala kae ho bolella ntatao ha a kgutla masimong? Na o a tseba o ithorisa ka wena ho jwang? O re o tlo ruteha o be ngaka ya pele lelokong la bo. O nahana o tlo reng ha a utlwa? O tlo shebana jwang le wena?
Mamello: Ke le sitetswe mme. Ke se ke ikopela tshwarelo.
Tumi a ema moo a neng a dutse teng.
Tumi: Hlapa o tsamaye o ye sekolong. Na ba se ba o hlokometse hore o moimana sekolong?
Mamello: Tjhe mme. Ha ba so mpone.
Tumi: Ruri ke utlwa ke imetswe. Tsamaya o ye sekolong re tla bua ha o kgutla.
Tumi a tswa monyako.

Ketsahalo ya bobedi

Ke matsheare wa mantsibuya, Ntsie o tswa masimong o fihla a dula tlasa moriti wa sefate mme o hwelehetsa Tumi ya neng a paqame betheng.

Ntsie: Tumi! Tumi! Ke se ke kgutlile. Ke kopa metsi. Ke shwele ke lengora. Motjheso ona o tla re bolaya kannete.
Tumi ha a arabe. O hlaha a sosobantse sefahleho eka motho ya tshwerweng ke lehlaba.
Ntsie: Hao! O robetse na? Ha o sa rate boroko ba motsheare tje, ho etsahalang? Kapa o a kula na mosadi?
Tumi: Tjhe ntate. E re ke ofe metsi a hao.
Tumi o kgutlela ka tlung o nka lebekere o kga metsi ka nkgong a tswa monyako.
Ntsie: Keng na mosadi wa kgomo tsa ntate. Ha o bonahale o thabile. Ekare ho na le ho o tshwenyang. Bua le nna ke utlwe.
Tumi a hula setulo sa lekgala se tlasa sefate a dula pela Ntsie.
Tumi: O opile kgomo lenaka ntate. E teng tabahadi yeo ke lokelang ho o jwetsa yona.
Ntsie: Se ke wa ntshosa hle mosadi. Ho na le motho ya seng a re siile?
Ntsie a beha lebekere la metsi leo a neng a le tshwere ka letsoho a nto tadima Tumi ka tjhesehelo e kgolo.
Tumi: O ka tjho jwalo ntate hoba taba ena e nkimetse hona hoo.
Ntsie: Bua hle mosadi o tlohele ho ntotha.
Tumi: Ntate, moradi wa hao ke moimana.
Ntsie: Moradi wa ka ofe?
Tumi: Athe o na le baradi ba ba kae na ntate?
Ntsie: Nna moradi wa ka e sa le lesea. E ka se be moimana. Ke ka hoo ke o botsang na o bua ka ofeng.
Tumi: Ntate ke bua ka Mamello.
Ntsie: Kamoo o ratang boswaswi ka teng. A ko bue ditaba mosadi o tlohele ho ntlodisa kgati.
Tumi: Ntate, ke tiisitse. Hoseng ke ile ka ya ka mokgorong ke ilo nka emere mme ka fumana Mamello a ntse a hlapa. O ne a sa nahana hore ke tla kena. Ke ha a tlolela hodimo. Ho tlola hona ha etsa hore ke mo shebe. Ke ha ke bona hore mpa e hodile. Ke ile ka mmotsa hore na ho etsahalang ka mpa ya hae. A hlolwa ho nkaraba empa a bokolla. Ke ile ka mo emella hofihlela a mpolella hore ke moimana mme o imisitswe ke Tatolo wa Bene.
Nakong ena Ntsie o tonetse Tumi mahlo ha a panye le ho panya
Ntsie: Na o ntse o utlwa na o ntse o reng Tumi?
Tumi: Kannete ho jwalo ntate.
Ntsie a ipholla hlooho a nto inamela fatshe a thola tuu!
Tumi: Ke yona taba e nkimetseng ena ntate. E sale e ntshwara habohloko ho tloha hoseng.
Ntsie: Ke utlwa ke feletswe ke matla Tumi. Ha ke tsebe nkareng ka ngwanaka e monyenyane hakana.
Ntsie o ema moo a dutseng.
Ntsie: Ke hloka ho phodisa hlooho. Ekare pelo ena ya ka e tla ema. E re ke theohele ka mona ka dikgomong. Ke halefile hoo ke sa batleng ho bona Mamello ke le boemong bona.
Ntsie a nka molamu wa hae a theohela tlase. Tumi a sala a dutse tlasa sefate a ntse a bua a le mong.
Tumi: Ke hore jwale re thutse thaba. Ha ke tsebe na re tlo feta jwang ho ena kgehlepe ya taba. Ke hore bana ba rona ha ba nahane le ho bona ha ba re utlwisa bohloko. Ke a ikwahlaya hore na ha ke a isa ngwana enwa lefapheng la thero ya malapa keng. Empa ke ne ke bona a sa le monyenyane ke sa lemohe hore a ka kena ditabeng tsa thobalano a sa le tlase hakana dilemong. Ako bone ka moo ntatae a utlwileng bohloko ka teng? Mmmm! Morena kgotso! Ha ke so utlwe bohloko bo tjena. Ke hore boMaditaba ba tlo ntlhoma thupeng hampe ha ba fumana hore ngwana enwa wa ka o imme. Ha ke tsebe hore na ke tlo ba wa mang.
Kamora metsotso e mashome a mabedi, Ntsie o a fihla a bonahala a kgathetse haholo mme o fumana Tumi a ntse a dutse moo a mo siileng teng.
Ntsie: Ke kgutlile mosadi.
Tumi a tlolela hodimo kaha a sa utlwa Ntsie ha a fihla ke ho bua ka pelo.
Tumi: Jo! Ntate, ekaba o ntshosetsang hakaale?
Ntsie: Ke re kaba o a mpona. Metsi a le a ka a kae? Ke omme nthane ena.
Ntsie o nanabela lebekere la metsi o a nwa.
Ntsie: Ke e nahanisitse taba ena ya Mamello mme ke nahana ke mohopolo o motle wa hore re se mo halefele haholo. Ke a tseba o se a ntse a itjhapile mono moo a teng. Re bue le yena hore a tsebe seo a se entseng ha re a se thabela ebile ke phoso. A tsebe hore phoso e tsamaya le ditlamorao tse sa thabiseng. Ha re qeta re mo tshehetse hoba o tlo fumana le dithohako ho tswa sekolong le motseng. Re lokela ho ema le yena jwalo ka ngwana wa rona. Ho se ho etsahetse mme ha ho thuse hore re ikutlwele bohloko ka hore kgodiso ya rona e mpe.
Tumi: Ke a utlwa ntate mme ke dumellana le wena ha lekgolo. Ke ile ka nkwa ke pelo ka mmolella mantswe a seng monate. Ke a dumela hore o sa ntsane a tlo nenwa le ke metswalle ya hao.
Tumi: Ere ke ilo pheha a tle a fumane ke tshotse.
Tumi o nka lebekere o kena ka tlung. O siya Ntsie a ntse a dutse tlasa sefate.
Tumi: Ha ba ha re kokololo. Ke ne ke ipotsa hore na ntata Mamello o tlo reng ha a utlwa. Mohlolo ebile ke nna ya buileng mantswe a bohloko ho ngwana. Ke ne ke nahanne hore Ntsie o tlo ba bohale a nkomanye le nna. Ao tje batho ba fetoha. Ere ke tlohele ho balabala ke phehe.

Ketsahalo ya boraro

Ke mantsibuya Mamello o fihla ho tswa sekolong. O fumana ntatae a dutse tlasa sefate. Mmae a le ka tlung. O dumedisa ntatae.

Mamello: Dumela ntate.
Ntsie: Dumela moradi. Ke hona o fihlang na?
Mamello: Ke hona ke fihlang ntate.
Ntsie: Ho ne ho le jwang sekolong? Hape o ntse o ya jwang mosebetsi wa sekolo?
Mamello: Sekolong ho ne ho le monate e le dipapadi kajeno. Mosebetsi wa sekolo o ntse o tsamaya hantle.
Ntsie: Kena ka tlung o hlobole unifomo o je o tle ho nna mona.
Mamello pelo ya kututsa kapele ha ntatae a re a kgutlele ho yena. A tseba hoba mmae o se a mmolelletse ka tsa boimana ba hae. Mmele wa hatsela a kenelwa ke serame kahare matshwafong. Ya ka motho wa feberu. A otlanya meno sa motho ya tsamayang lehlweng a sa apara. A kgwehla mangole ke letswalo. A imelwa ke mokotlo wa dibuka oo a neng a ntse a o jere. Ya ka a ka re lefatshe ngamoha ke kene. A tsamaya butle ho ya kena ka tlung. A hloka takatso ya dijo. A fihla a petlenya mokotla hodima bethe a nto hlobola unifomo a ya kitjhining ho mmae.
Tumi: Dumela Mamello.
Mamello: Dumela mme.
Tumi: Le ne le le jwang letsatsi la hao, ha o papateisitse melomo tje? Ke yona tlala?
Mamello: Tjhe mme ha ke a lapa. Letsatsi la ka le tsamaile hantle.
Tumi: Ha ho bonahale jwalo sefahlehong sa hao mona. Molato keng? O jele eng?
Mamello: Ke tshohile mme. Ntate o itse ke hlobole ke je ke ye ho yena. Na o ilo ntjhapa mme?
Mamello o botsa mmae a ntse a thothomela ke letswalo.
Tumi a tsheha a nto tshwara Mamello mahetleng.
Tumi: Tjhe ngwanaka, ntatao a ke ke a o shapa. Empa feela a batla ho bua le wena. Ke mmolelletse ka boimana ba hao.
Mamello a tona mahlo.
Mamello: A reng mme ha o mmolella?
Tumi: Ha a ka ba a re letho. O itse o tlo bua le wena. Feela o se tshohe. A ke ke a o etsa letho.
Mamello a kokobela ha a utlwa mmae a re ntatae a ke ke a mo etsa letho.
Tumi: Dijo tsa hao ke tseno rakeng. O tsebe ha o sa jella wena o le mong. Lesea le lokela ho ja le lona.
Mamello a nka dijo a dula setulong a ja. Ha a qeta ho ja a hlatswa sejana sa hae a nto ya ho ntatae.
Mamello: Ke nna enwa ntate.
Ntsie: Ho lokile. Tlo dule pelaka mona.
Mamello a hula setulo sa lekgala a dula pela ntatae.
Ntsie: Ngwanaka, mmao o mpolelletse hore o moimana. Ke a hlokomela hore o a thothomela. Ke batla o se tshohe kaha hoo ho ka ama lesea. Ke o bitsitse hore re tlo buisana hore na ho etsahaleng ho tloha mona.
Mamello a inamisa hlooho ke dihlong.
Ntsie: Ke batla hore o phutholohe o bue le nna. O se tshabe letho. Ho se ho etsahetse mme re ka se hlole re etsolla. Ke mang monga molato Mamello?
Mamello: Ke abuti Tatolo ntate.
Ntsie: O a tseba hore o imme?
Mamello: E, o a tseba ntate.
Ntsie: Jwale o rerile hore ho etshahaleng? Hona o se a bolelletse batswadi ba hae?
Mamello: Ha re so bue hore na ho tla etsahala jwang. O itse feela a keke a ntshiya empa o tla mpha tshehetso yohle yeo ke e hlokang. Ha a so bolelle batswadi ba hae ntate.
Ntsie: Hoja mmao a se o bone hantle le ne le rerile ho re bolella neng?
Mamello: Ke ne ke tshaba ntate.
Mamello a boela a tadima fatshe a ntsa dikeledi.
Ntsie: Se ke wa ntsha menyepetsi eno Mamello ke itse ke bua le wena ele hore re fumane tharollo qakeng ena. Na sekolong teng ba se ba tseba?
Mamello: Ha ba so tsebe ntate.
Ntsie: O ka rata ha ke etsa jwang he ngwanaka? Ke bolelle mookamedi wa sekolo?
Mamello: Ke kopa o mo tsebise ntate.
Ntsie: Ke tla ngola lengolo o tle o tsamaye le lona hosane. Ke tla utlwa na o tla batla re mmone na kamora ho bala lengolo la ka.
Mamello: Ke a leboha ntate. Ke ikopela tshwarelo ka ho o swabisa ntate. E ne e se maikemisetso a ka a ho o phoqa ntate.
Ntsie: Ha re tlohele tseno di fetile. Na o a tseba hore o lokela hore e be o se o ntse o tsamaya tliliniki? Ke utlwile mmao a re o kgweding ya bohlano jwale.
Mamello: Ke ne ke sa tsebe hore ke lokela hore ebe ke se ke ntse ke ya tliliniking ntate. Ho jwalo ke bolelletse mme hore ke qetetse ho ya matsatsing kgweding tse nne tse fetileng. Ekaba tliliniking ho etswa eng ntate?
Ntsie: Moimana e mong le e mong o lokela ho ya tliliniking ya baimana ho ya hlahlojwa hore na boemo ba hae le ba lesea bo tsitsitse na. Le ho ya rupelwa hore o lokela ho ja le ho itshwara jwang ha o le mmeleng. O hlokomela ha o se o ile hore o ne o ntse o etsa diphoso tse ngata tse neng di ka ama lesea.
Mamello: Oh ke a bona jwale. Ke ne ke ipotsa hore hobaneng mmangwane a ne a ya kgwedi le kgwedi. Jwale ke tla reng ha ke fihla moo?
Ntsie: Se tshwenyehe. Ke tla tsamaya le wena. Wena o tlo fe mookamedi wa sekolo lengolo lena e le hore a tle a tsebe hore o tla lofa sekolo ka labone re tsebe ho ya tliliniking pele re aha serobe phiri e se e jele.
Mamello: Ke tla etsa jwalo ntate.
Ntsie: O bolelle mohlankana eno wa hao hore ke batla a tsebise ntatae ka boemo bona. Le ne le le babedi ha sena se etsahala. Le yena o tla lokela ho tsebisa batswadi ba hae.
Mamello: Ke tla mmolella ntate.
Ntsie: Tsamaya o ilo phomola o tsebe ho etsa mosebetsi wa hao wa sekolo. Ke se ke rapella feela hore mookamedi wa sekolo a se o tebele sekolong. Ke se ke itshepisa ka molao ona o motjha wa lefapha la thuto wa hore bana ha ba imme ba se lelekwe sekolong. Ke a tshepa re tla utlwana le mookamedi.
Mamello a se arabe a mpa a ema setulong moo a neng a dutse teng a ya ka tlung.
Tumi a hlaha monyako han kamora hore Mamello a kene ka tlung.
Tumi: Le se le qetile ho bua na ntate?
Ntsie: E, re qetile. Ako mphe pampiri le pene ke tlo ngolla mookamedi wa sekolo.
Tumi a kgutlela ka tlung ho ya lata pene le pampiri.
Tumi: Ke tsena ntate.
Ntsie: Ke a leboha mme.
Ntsie a kgwaritsa a ngolla mookamedi lengolo.

Kopanong High school

Private bag x23

Leratong

Mookamedi ya ratehang

Ke ngola lengolo lena ka tshwabo e kgolo. Ha ke tsebe le hore nka qala kae ha e se feela hore ke phunye seso se tswe boladu. Ke kopa ho o tsebisa hore moradi wa ka Mamello ke moimana ya kgwedi di hlano. Mme wa hae o mmone hoseng hona hore o se a imme. Ha ke na bonnete feela o re monga molato ke Tatolo ya etsang kereiti ya leshome le metso e mmedi sekolong moo. Taba ena e sa le lehwetla ditsebeng tsa rona kahoo re nahana ho potlakela lesea re ise Mamello tliliniking ka Labone. Ke tla kopa ho mo lofisa ka letsatsi leno.

Ke tla utlwa ho wena hore na o ka rata ha re tlo o bona ka seqo mono sekolong kapa tjhe.

Ka boikikibetso

Ntsie

Ntsie: Le nke lengolo lena o hle o le kenye dibukeng tsa Mamello a se ke a le lebala.
Tumi a nka lengolo a kena ka tlung.
Ntsie: Jwale mona di eme ka lekwa di hana ho tshela. Kannete di hlwa lekgwara. Ekana ngwana eo wa ka o ne a kenwe keng ha a ilo ipha moshanyana ya seng a tiil hakale? Hona ha mookamedi a ka mo ntsha sekolong re tlo etsa jwang? Ke hore bana ba rona ha ba nahane ha ba etsa dintho hore di tla morao di teng. Ke hore re ntse re sa mmone hore o se a bile iphile mmele haholo. Ke hona ho se nahane. Banna!