PONTSHO YA BOBEDI

Ketsahalo ya pele

Mamello o dutse moriting wa sefate o shebile banana ba ntseng ba bapala thokwana mane.

Mamello o bua a le mong.
Ke hore ke kgalletse ho ya tlola kgati le boDisebo. Ekaba ke ne ke etsang. Bona jwale ke se ke phela jwalo ka batho ba baholo. Ho bohloko kannete. Le bona ha ba sa batla ho bapala le ho tsamaya le nna sekolong mane. E se e ka ha se metswalle ya ka. Tjhe ke tshaba metswalle.
Tumi: Mamello o duletseng moo haeka o hlorile tje? O hopotse kae?
Mamello: Ke shebile thaka tsaka ha di bapala kgati mme. Ke hopola hore le nna nkabe ke le hona moo ke bapala le bona hoja ka se ke kai ma.
Tumi: Hao mosadi, o tla ikotla ho fihlela neng? Ho se ho etsahetse hle mme re ke ke ra fetola boemo bo teng. Seo re lokelang hose etsa feela ke ho amohela. Le wena o lokela ho tlohella ho ngongoreha kaha o tla bakela lesea mathata. Ha se mara ha se ho fela. Ho tla loka.
Mamello: Ke a leboha mme ka mantswe ana. Ke a tseba hore ke o swabisitse kaha le wena o ne o ntse o ena le ditoro le ditabatabelo ka nna. E ne e se morero wa ka hore ke o phoqe mme.
Mamello o qhela dikgapha ka letsoho tse keleketlang marameng a hae.
Tumi: Mamello, ke itse o tlohelle ho llela lebese le qhalaneng. Phumula dikeledi tseno o ye ka tlung o ilo phomola. Ke kgale ke o bitsa ke re o tlo ja. O lokela ho ja hantle bakeng sa lesea. Le wena o hloka matla hore o tle o se be le mathata.
Mamello: Ke pelo e ntsho mme. Ke utlwa ke sa batle dijo hona jwale.
Tumi: O tla lokela ho di qobella le ha o sa di hana ngwanaka.
Mamello: Empa mme o bone hore maoba mona di ile tsa kgutla kaofela ha ke qeta ho ja.
Tumi: Ke ditaba tsa boimana tsena ngwanaka. Di tla feta. Le nna ha ke ne ke le moimana ke ne ke sa je haholo empa ke ne ke rata papa le moroho haholo. Le wena o ke o leke ho bona hore na ke sejo sefe se dumelang ha o se ja.
Mamello: Ke a leboha mme ke tla etsa jwalo. Mamello o bua jwalo a ema moo a neng a dutse teng. E re ke kene ka tlung mme.
Tumi: Nna ke sa ya sedibeng. O bolelle ntatao ha a fihla mona hore ke kwahetse dijo tsa hae mme o tla di fumana tafoleng moo. Ke tla fapohela ha Maphoka pele ke fetela sedibeng. Ke batla a ke a nkadime sefe ya motoho.
Mamello: Ho lokile mme ke tla o bona ha o kgutla. Nna ke utlwa boroko jwale. Ke tla sekama betheng ya hao.
Tumi: Ho lokile.
Mamello a hlwella betheng ya mmae a ya le sephume sa boroko.

Ketsahalo ya bobedi

Ke ha Maphoka, Tumi o ntse a kokota fela ha ho karabo. O kokota hape mme o hwelehetsa Maphoka.

Tumi: Koko koko! Maphoka! Maphoka we!
Maphoka: Ke nna enwa ka mora ntlo. Fetela ka mona.
Tumi: Hao mosadi, o etsang kamora ntlo?
Maphoka: Ke ntse ke pola mabele mosadi. Ke batla bana ba tle ba ilo sila hosane. Ke feletswe ke phoofo ya mabele.
Tumi: Nna ke ile maobane ho ya sila.
Maphoka: Oh! hana jwale moradi wa hao o ithwetse ke ka hoo o ikisang le sedibeng. Ao tje bana ba rona.
Tumi: Re tla reng mosadi ha e se hona hob a fa tshehetso eo ba e hlokang. Ho se ho etsahetse kannete.
Maphoka: Ke mmone maoba mona a feta mona a kgathetse haholo. Ekaba o se a tla kena tlung?
Tumi: Tjhe! O se a e na le dikgwedi tse pedi pele a kena tlung. Hei mosadi ha ke dule le ho dula, ke ya sedibeng. Ke tlo kadima sefe ya hao ya motoho. Ke nepotse motoho mane lapeng.
Maphoka: Ha ho bothata mosadi. Kena ka mono ka tlung o e nke leboteng moo ke e hakileng teng. Feela o re o ntse o ya jwang motho wa batho ka monna wa hao ya bohale ha kale? Ke ne ke o nahanne maoba mona ke ipotsa hore na ebe taba ena ya ho ima ha moradi wa lona e mo tshwere jwang. Ke a tseba hore na o tshabana jwang le moradi wa hae.
Tumi: Hei mosadi! Ke tabatabelo ya motswadi e mong le e mong hore a bone moradi wa hae a kena sekolo a pasa a atleha. Empa he re a tseba hore monokotshwai ha o butswe ho latela lephako la tshwene. Monna moholo o ile a kwata haholo a ba a qeta matsatsi a sa buise Mamello empa kamora hore ke bue le yena a theola pelo. Taba e ileng ya mo kwatisa haholo ke ha a e utlwa e qoqwa motseng mona. O ne a nahana hore le nna ke ne ke tseba, athe ke ne ke sa tsebe letho jwalo ka yena. Ha ke bua tjena ke yena ya bileng a hlokomelang Mamello le ho mpheta. O bile a nka Mamello a re ba ye toropong ba ilo sheba diaparo tsa lesea. Ke ne ke maketse hampe mosadi (Tumi o a tsheha).
Maphoka: O reng na mosadi? Na re bua ka Ntsie tje? Ke hore feela mosadi ha re hlokomele hore mehla e fetohile. Bana ba se ba lokela ho fuwa monyetla wa ho ikgethela seo ba batlang ho ba sona le ho se etsa. Ho kgethela bana kapa ho ba le tebello ya hore ba nyalwe e felletswe ke nako. Nka dumellana le wena ka ditaba tsa sekolo kaha bophelo ba matsatsi ana e se e le tjhelete. Empa le teng ho ka etsahala hore ngwana a be le kgwebo ya hae mme e atlehe haholo a ntse a sa ya sekolong ha lelele. A fana ka mesebetsi mme le yena a se batle ho hirwa. Batho ba bangata ba nahana hore bophelo ke ba ho hirwa feela. Athe ho itshebetsa ho ntse ho le molemo mme ho patala haholo.
Tumi: Ke a bolella motswalle. Mehlolo e ya etsahala. Ke ne ke maketse tje jwalo ka wena. Wa tla wa mpula mahlo he ka ditaba tsa ho itshebetsa. Akere rona batswadi ba rona ba ne ba re bolella hore re lokela ho nyalwa. Re ne re tshaba ho bitswa mafetswa. Bobedi ba shwa ke ditsheho.
Maphoka: Moo o nepile mosadi. Kgale re phela ka thata hle.
Maphoka a tswelapele. E fela batho ba hola hle mosadi. Nna ke tshaba le ho o botsa ntse ke re ke tla thonkga maqeba. Ha ke nahane hore ditaba di boemong bona. Kannete ke a o lebohela mosadi. Ha se ba bangata ba ka utlwisisang tjena jwalo ka monna wa hao. Ho betere ha batswadi ka bobedi ba tshehetsa ngwana wa bona le ha a ba foseditse ha kaalo. Tshwarelo ke ntho ya bohlokwa. Tsena ke ditaba tse monate ruri.
Tumi: Ho jwalo motswalle. E re ke o siye hle ke se fumane batho ba se ba tletse sedibeng.
Maphoka: Ho lokile mosadi.
Tumi a nka nkgo ya hae le sefe a tsamaya.
Maphoka: Di a ja di a roba molekane haeba ke Ntsie ya nkileng ditaba tsena ka bobebe ha kana. Empa ke ditaba tse monate kannete. Ke ne ke ngongorehile habohloko ke ntse ke ipotsa hore na ekaba Tumi wa modimo o ntse a etsa jwang, athe ditaba di thekeng la tshwene. E se e ka batswadi ba bangata ba ka qopitsa taba ena mme ba tshehetsa bana ba bona ha phoso e se e etsahetse. Taba ena e nkgahlile haholo.
E re ke tlohele ho bua ke le mong etswe batho ba tla nahana hore ke se ke ena le lefu la hlooho ke ye haka.

Ketsahalo ya boraro

Ke lapeng ha Tumi ho fihla Ntsie o fumana Mamello a ile le sephume sa boroko. O hwelehetsa Tumi. O hlwedisa monyako mme ha ho motho ya arabang. O hwelehetsa Tumi le Mamello.

Ntsie: Helang banna, ha ho motho ka moo? Tumi! Haeka lemati ha le a kwalwa tje feela ho se motho, ekaba mosadi eo o etsang? Hona Mamello yena o kae? Tumi! Mamello! Ntsie o potela ka mora ntlo ka ho nahana hore o tla bona mosadi le moradi. Helang banna! Na ha se meleko ee? Hosane ba tla re ba utsweditswe ba ntse ba siya ba butse mamati tjena.
Thokwana mane ho tla Tumi a tsamaya a rwetse nkgo ya metsi a potlakile. O hlokomela hore Ntsie o ntse a tsomana le ho hong mme o mo hwehla ka letsoho.
Tumi: Ntata Mamello! Ana o ntse o sheba nna?
Ntsie: O re ke ntse ke sheba wena le siile mamati a le phenyenye moo. Ha mashodu a ka kena moo a alola sohle o tla reng? Hobaneng o siya o butse mamati ha o ya sedibeneg? Hona Mamello o kae?
Tumi: Butle hle mokwena, ha ke a siya mamati a bulehile phenyenye. Ke siile Mamello lapeng mona ka ba ka re a o botshe moo dijo tsa hao ke di kwahetseng teng.
Ntsie: Kannete o bapala ka mathe metsi a le teng. O reng? O siile o kwahetse dijo empa o sa kwala mamati? Haekaba motho o ntshelletse tjhefo moo o tla reng? Nke ke ka ja dijo tse siuweng ka tlung e sa kwalwang nna.
Tumi: Ntate ke ntse ke re ke siile Mamello mona. O ne a kena ka tlung ha ke tloha. Na o mo shebile ka moo? E re ke bone.
Ntsie: Ke hweleheditse ha ke fihla mona mme ha ho kaba haeba le motho ya nkarabang.
Tumi: Empa Mamello ke enwa betheng moo a robetseng teng. Ao tje ntate. Ha o wa kena ka tlung ho sheba.
Ntsie: Hao, Mamello o a shwa ha a robala? Ke entse lerata ha ke fihla mona. O bolela hore ha a nkutlwa le ho nkutlwa? Ke mehlolo kannete. Kapa ngwana eo o a ntsofatsa?
Tumi: Ke ne ke maketse hoba ke tlohile mona a ntse a mpolella hore o utlwa a kgathetse. Ke ne ke ipotsa na o ile kae athe ha se le motho ya ratang ho tsamaya kapa ho tjhaka matsatsing ana.
Ntsie: Ntsholele nna ke shwele ke tlala.
Tumi: Ke itse dijo tsa hao ke tseo moo ke di kwahetseng. Akere o a bona hore Mamello o teng jwale ha ho motho ya keneng.
Ntsie: Le ho leka. Ya shweleng eo? Le hona jwale o ntse a sa re utlwi ha re bua. Ha e kaba motho o kene moo. O atseba hore ken a le dira tse ngata motseng mona. Ha ke batle ho ikwahlaya nna. Ntsholele dijo tse ding. Tsena o tla di fa dintja.
Tumi o tshehela hodimo hape o opa diatla.
Tumi: Itjhuu! Ka tla ka qaboha. Jwale ntate o re dijo tsee di fapana jwang le tse ka dipitseng? Ha o nahane hore sera see sa hao se ka tshela tjhefo le ka dipitseng? Ha se sentse se batla ho o bolaya se ka o bolaya le tseleng moo o tsamayang teng haholo ha o rata ho tsamaya le masiu tjena.
Ntsie: Ako ntsholele o tlohelle ho bua. Ke itse ke a shwa ke tlala hle.
Tumi: Ho lokile ntate Tumi o bua a beha nkgo fatshe le sefe eo a tswa e kadima. O fetela rakeng o ntsha sejana o se beha tafoleng ha a qeta o nka dipitsa o tsholela monna.
Tumi: Dijo ke tsena mokwena.
Ntsie: O a bona hee. Motho ha a re o lapile o mo fe dijo o tlohele ditaba. Ntsie o nka kgaba o hlaba hlaba papa o sheba mosadi. Hana moo motho ha a sa batle metsi a ho hlapa matsoho a ka se a fuwe?
Tumi: A kere ntate ha o wa mpha le sebaka sa ho beha metsi fatshe o ne o se o ntse o le ho nna ka ho se kwale lemati le ho o tsholela. Ke ne ke tla lata basekomo neng?
Ntsie: Le jwale o sa ntse o bua ha o lokela ho mpha metsi ke hlape matsoho.
Tumi o tswela ka ntle ho ya lata basekomo mme o kena e ka o a betsetswa o fihla a tshela metsi a ketleleng e setofong basekomong a fa monna hore a hlape matsoho. O boetse o lata lesela le tla hlakola metsi matsohong a monna.
Tumi: Lesela ke lena ntate.
Ntsie: O a bona. Jwale enwa ke mosadi wa ka eo ke mo nyetseng.
Tumi o nka basekomo o tswela kantle ho ya qhala metsi.
Tumi: Ntate, re lokela ho ya kopanong ya rona le mookamedi wa sekolo. O se ke wa lebala o ile re ilo mmona hosane.
Ntsie: Be! Ke ne ke se ke lebetse. O kgopoditse hantle. Ke ile ka re mptjwang ptjang le yena lebenkeleng mane a mpotsa na re ntse re ya jwang lapeng mona kamora ditaba tsa moradi.
Tumi: Oh! Wa mmolella hore le ha ho bile boima empa re amohetse?
Ntsie: Ke mmolelletse jwalo mme a re tsohle re se re tla di tshohla mane sekolong ka letsatsi la kopano ya rona.
Tumi: Ke a ipotsa na o ilo re bolella di fe tse fetang tseo re seng re di tseba.
Ntsie: Re tla utlwa teng. Ke sa batla hore kgalo, ka thabeng ka mane ke ilo sheba na bashanyana ba ntse ba ya jwang. Ke utlwile ba re kgomo ya ne e kgolo, Kgubedu e bonahala e robehile leqaqailana. Ba re e a hlotsa mme e ruruhile.
Tumi: Ao! leqheku la batho. E kaba e tla fola? O tsebe ho hola le hona ho baka mathata. Masapo a se a tiile mme ho boela a kopana ke bothata.
Ntsie: Ha re tshepe ha ho hobe hakaalo. E re ke hle ke itahle. Ke tla le bona hamorao.
Tumi: Ho lokile ntate.

Ketsahalo ya bone

Ke hoseng Mamello o ya sekolong mme o kopana le Tatolo hang ha a tswa ka keiti.

Tatolo: Dumela Mamello. O tsohile motsheare kajeno. Molato?
Mamello: Ke tsohile ke se monatenyana tjena jwale ka dieha ho itukisa.
Tatolo: Molato? Ho hana kae?
Mamello: Ke ne ke ena le lehlaba ka mokokotlong empa mme a re ke tlameha ke robetse habohloko. Ke utlwa le le betere hona jwale.
Tatolo: Mohlomong le baka ke ho touta. Na ha ho jwalo?
Mamello: Ke toutang abuti Tatolo?
Tatolo: Ke a tseba hle hore taba ena ya ho ima ha e ya o tshwara hantle. Ke ye ke o bone le ha o tadima metswalle ya hao ha e ntse e bapala mokou mane sekolong hore o tshwenyehile.
Mamello: Moo teng o bua nnete abuti. Le maobane ke ne ke ba shebile ha ba bapala mane patlollong. Ka hopola hore pele ke ima ke ne ke bapala hamonate jwang.
Tatolo: Ke maswabi hore ebe ke o fetotse mme o e so be dilemong tsa ho ba mme. E se e ka o ka ntshwarela hle.
Mamello: Ho lla ha ho thuse abuti Tatolo. Ho se ho etsahetse. Seo re ka se etsang ke ho amohela fela.
Tatolo: Ke lebohela ha o ntshwaretse.
Mamello: Abuti Tatolo, ke kopa ho o botsa hore na o se o tsebisitse batswadi ba hao na? Ntate o mpotsitse maobane mme ya ba ke re ke tla o botsa kajeno.
Tatolo: Ho bua nnete ha ke so tsebise ntate. Ke sa ntse ke nahana hore na ke tla qala kae. Ha ho motho ya sa tsebeng hore na ntate ke motho ya jwang. Ke a tseba hore o tlo halefa jwang ha a utlwa.
Mamello: Jwale re tla fella kae ha o sa mmolelle?
Tatolo: Ha ke re ha ke na ho mmolella. Ke mpa ke re ke sa loha mano a hore na ke tla mo hlaha ka kae.
Mamello: Ha o bolelle mme wa hao keng?
Tatolo: Mme o tshaba ntate hampe. Ke a tseba o tla re ke itjwetsetse ntate.
Mamello: Empa ha o bone ho le betere ha ho na le motswadi ya tsebang?
Tatolo: Le moo o ntse o bolela. Empa ke ne ke ena le monahano o mong.
Mamello: Ke monahano o fe jwale?
Tatolo: Wa hore ntate wa hao a ise molato ho ntate. Ka tsela eno e tla ba bobebe. Ke a tseba o tla mpitsa a mpotse. Ke moo ke tla mmolella nnete.
Mamello: Ha ke tsebe hore na ntate o tla reng. O batla ke mmolelle hore o kopa a ise molato ho ntate wa hao?
Tatolo: Ke a kopa hle. Taba ena le nna ha e ntjese ditheohelang. Le jwale thapelo ya ka e ile ya arabeleha ha mme wa hao a ne a o hlokomela hore o imme.
Mamello: Jo! abuti Tatolo, athe o ne o nthapella hore ke tshwarwe? Na o a tseba hore mme wa ka o ile a lla ho jwang? A re ke sale monyenyane na ngwana ke tlo mo etsang. O ne a sa dumele feela a bona hore ke imme. Le yona taba ya hore ke ne ke ntse ke mo kopa tjhelete ya ho reka diphetse o ne a sa hlokomele hore ke ntse ke mo roka mahlwana naketsana.
Tatolo: Ke ka hoo ke neng ke rapella hore a mpe a o bone pele re aha serobe phiri e se e jele. Ho se ho le betere hore o fumana tshehetso ho tswa batswading ba hao ebile o e hloka e le kannete. Le nna ke o tshepisa ho o tshehetsa ka hohle ka moo nka kgonang.
Mamello: Teng nke ke ba bua leshano. Ke ne ke sa nahana ntate o tla ba bonolo tjena. Ebile motho ya ileng a nkomanya ke mme. Ntate eitse ha a utlwa a re phoso e se e etsahetse ha ho se ka etsollwang. Esale ke sa tshepe ke nahana ho na le mohla a tla nkomanya. Le ho leka.
Tatolo: Ha o tsebe na taba eno e nthabisa jwang. Ekare ntate a ka bona hore na Ntate Ntsie o lerato ho jwang.
Mamello: O tsebe o ntlela le ditholwana mehlaena ha a tswa mosebetsing. O re ke lokela ho ja ditholwana le meroho. O sa hopola ke yena ya nkisitseng tliliniking re siile mme hae. Ke ne ke maketse le hore o a tseba moo ke lokelang ho ya teng.
Tatolo: Kannete ha ke tsebe na nka mo leboha kang. Ke a ipotsa hore na re ka be re le ba mang ho ja o tshwana le ntate. Ntate ke leshokgwa o baba he!
Mamello: Ke mo tshaba ke sa dule le yena. Mamello a tsheha.
Tatolo: Ke ntatao matsale eo. O tla mo tlwaela.
Bobedi bo a tsheha.
Tatolo: Hela pele ke lebala hape, ke bona o se o tsamaya o le mong ka dinako tsa dijo mane sekolong. Ho etsahalang ka Mmampe ha le ne le le mathe le leleme?
Mamello: Ha ke tsebe hore na re qabantswe ke eng. Le ha ke mmitsa ka sehlopheng ha a nkarabe. Ke bile ke kgaohane le yena.
Tatolo: O nahana mohlomong ke hoba o imme?
Mamello: E kanna ya ba ho jwalo. Ehlile hore ba tsebe sehlopheng sa ka ke ha ke bona a se a mphetohela.
Tatolo: Ke motswalle ya jwang tjhe? Motswalle wa hao o wa o tsoha le yena e seng ha bothata bo le teng ebe o a mo hlanohela.
Mamello: Ke tla reng kannete. Ebile o tlohile le pelaka moo a neng a dula teng. O se a dula tafoleng e ka morao. Ke ipotsa feela hore na ebe setswalle sa rona se fedile na.
Tatolo: Kgaohana le yena ngwana batho. Ha se moo re se re fihlile sekolong. Nka mokotla wa hao re tla kopana ha sekolo se etswa.
Mamello: Ho lokile abuti Tatolo.
Mamello o nanabela mokotla wa hae mme o o jara ka mahetleng o leba sehlopheng sa hae.