PONTSHO YA BORARO

Ketsahalo ya pele

Ke hoseng Tatolo o eme thokwana le ha boTumi o shebile teng o emetse Tumi. O ntse a bua a le mong.

Tatolo: Ke hore ke entse sono ka ngwanenwa wa batho. Ke ipotsa hore na batswadi ba hae ba tla tsebisa batswadi ba ka neng hore re se re entse diphoso. Ke hore motho le dijo di hana ho theohela ha ke hopola hore na ntate o bohale jwang. Feela ke tla wa ke tsohe le Mamello hoba re entse ditaba tsena mmoho. Leha ntate a ka nteleka ha hae, ke tla tsamaya le Mamello. Ho se ho le betere hore batswadi ba hae ba tseba mme ha ba mo leleka. Ekare le nna ba ka ba ka be ba se ba tseba hle. Ka nako e nngwe ha ntate a ntadima ekare o bona ka hare ho nna hore ke tshwenyehile. Ke hopola a mpotsa maoba mona hore na ke toutang e le hoba esale ke inamisa hlooho. Ke ne ke sa hlokomele hore e se e le nako ke imame. Ke hore le sekolong ha ke sa kgona ho tsepamisa maikutlo a ka dithutong. Ke ipotsa hore Mamello yena o jwang.
Be! Moratuwa, ha ke o hlokomele hore o se o le pelaka mona. Ke bua ka pelo ke ka hoo ke sa o lemohang.
Mamello: Hao abuti Tatolo, ebe molato keng?
Tatolo: Kannete o botsa molato ngwana batho o ntse o tseba hore re sa le ka hara kgehlepe ya taba? Ekana ntate Ntsie o tla tsebisa batswadi ba ka neng? Kapa motho o itete sefuba o ba bolelle?
Mamello: Kannete ha ke tsebe. Feela maoba mona ke utlwile e ka ba bua ka yona. Ke utlwile ba ntse ba botsana hore ba ba ka roma mang ho isa molato.
Tatolo: Ke bona ba ntiehela hoo. Ke batla hore ba phunye seso se tswe boladu ke tle ke okane le leqeba le setseng. Ha seso se sa fehla boladi se dieha ho fola.
Mamello o a tsheha.
Mamello: Motho e kare o o lebetse ka maele ana a hao. Eba le mamello hle ho tla loka.
Tatolo: Taba ena ha e nthobatse Mamello. Ke bala bala nyene le bosiu. Ke batla hore ke phutholohe ke o fe tshehetso eo o e batlang. Ke batla ke tle ho wena lapeng ha o ntlhoka. Ke a tseba hore ha o sa bapala le banana ba mona motseng. Ke boetse ke a tseba hore metswalle ya hao e o fetohetse esale o ima. Ke lokela ho ba le wena ho ofa tshehetso. O tsebe hore ha o mong.
Mamello: Ke a tseba hle abuti empa re tla reng hoba re lokela ho emela batswadi?
Tatolo: Ke a utlwa feela ho boima moratuwa. Ha ke rate ha ke o bona o se o le motwaitwai.
Mamello: Ke se ke amohetse hore metswalle ya ka e mphetohetse.
Tatolo: Ke batswadi ba bona ba itseng o mohlala o mobe mme ba se hlole ba o bona le bona.
Mamello: Kannete abuti? O utlwile ka mang?
Tatolo: Ha re tlohelle dintho tse tla o utlwisa bohloko re potlakele sekolong. Hora ba borobedi e se e tla otla. Mphe mokotlana wa dibuka ke o nkise.
Mamello: Ha ke hlokomele hore e se e le motsheare tjena. Ha re hatise re se fihle lata.
Tatolo: Bona na ho bua mang? O a tseha
Mamello: Mang? Nka matha nna hona jwale. O nahana hore o ka ntshiya?
Bobedi ba shwa ke ditsheho.
Tatolo: Ho lokile mofumahadi o ka ntshiya he. Ke mpe ke amohele. Empa o se ke ba wa lla ka lehlaba jwalo ka maobane.
Mamello: Hao, o sa hopola ditaba tsa maobane? Maobane e fetile, re bua ka tsa kajeno. Lebala ka tse etsahetseng maobane. Hape ke ne ke o bolelletse hore ke ne ke nwele metsi a mangata.
Tatolo: Ke se ke thotse he. Ditaba ke tsa eng ngwetsi e sa ngala?
Mamello: O so qadile hape ka dilotho tsena tsa hao.
Tatolo: Tjhe bo! Ke mpa ke re ho lokile re habele pele moo ho tjhang teng.
Mamello o tadima Tatolo ka pososelo.
Mamello: Ke hore ke mpe ke busane le mookamedi wa sekolo hore a o fe mosebetsi wa ho re ruta Sesotho. O fela o se tseba e le nnete.
Tatolo: Etsa jwalo hle motlatsi wa mookamedi. Nka thaba haholo ho fuwa mosebetsi wa ho ba titjhere.
Mamello o a tsheha.
Mamello: Jwalo ke se ke le motlatsi wa mookamedi? Ao tjhe mehlolo ke dinoha mesenene ke batho.
Tatolo: Ke tla reng o qeta hore o tla buisana le yena a mphe mosebetsi? Ke re kaba o motlatsi wa hae.
Tatolo o pholla hlooho ya Mamello ya itopodisitseng.
Mamello: Ho lokile o mphoqe jwalo.
Tatolo: O bua ka nna? Lekgale ke phoqa pabala ya ka. Mme wa ngwana wa ka? Thope ya kweneng. Seponono se dikoti marameng. Ngwanaka ha o tsheha ponto di ya wa. Ako bone meno ana eka phopi ya lebese. Ke a shwa ke a ikepela ho wena mona. Nka o phoqa jwang sephalaphala sa ka?
Mamello a bososela ha a utlwa theneketso.
Tatolo: Dikwata di hosha ka dimpa ha di o bona ngwanaka. Boholo ba lora o le wa bona. Ke lehlohonolo hara banna ke fumaneng silatsatsi se tjena ka wena. Ke bua ka Thakane wa tshomong. Ha o ka duka metsi nka a nwa. Ngwananyana ya tlhaku ya tekwane.
Mamello: Jo abuti Tatolo, molato keng? Wa ntheneketsa ha kaale molato? Difela tsee tsa lerato di tswa kae? Ha ke tsebe hore o kgeleke e tjena.
Tatolo: Hao Mamello, o ntse o nahana hore ke lepepele nna? Athe ha o ntsebe tje?
Mamello: Atjhe ke ntse ke re ke a o tseba athe ke ntse ke ithetsa. Tsatsing lena ke o tsebile he. O kgeleke sebele. Jwale ke a bona hore na keng o nqhekanyeditse.
Mamello a tsheha.
Tatolo: Bua nnete Mamello. Ha ke a o qhekanyetsa. O jele tsuo.(Tatolo a shwa ke ditsheho) O bone hore banana ba ne ba shwa ba ikepela ho nna mona. Ke hopola hantle hore ha ke ne ke o fereha ha o kaba ba ntshenyetsa le nako.
Bobedi ba shwa ke ditsheho.
Tatolo: Ke ne ke tla bona pososelo e tje neng? Ako bone kgotso e kana. Nka mokotla wa hao o ye sehlopheng sa hao. Bona kamoo mookamedi wa sekolo a re shebileng ka teng. Ke a tshepa ha a nahane ho re bitsa. Re tla kopana mane lebaleng ha sekolo se tswa.
Mamello o nanabela mokotla mme o fetela sehlopheng sa hae. Tatolo le yena o kena ho sa hae.

Ketsahalo ya bobedi

Ke sekolong tshepe ya ho qetela ya lla e lokollang barutwana ho ya hae. Mamello o bitsa e mong wa metswalle ya hae Mmabatho ya mme yena o mo nyemotsa feela.

Mamello: Hao, ebe Mmabatho o nahana hore ke mo isa kae ha a nnyemotsa ha ke mmitsa. Ebe buka ee ya hae o re ke e etse jwang athe titjhere Thabo o itse ke mo fe yona? Ke tla e siya hona mona tafoleng ya hae. Akere ke mmitsitse ya ba ha a nnatse. E re ke nke mokotla wa ka ke tsamaye. Ke nahana hore abuti Tatolo o se a nkemetse. Tatolo o eme lebaleng o ntse sheba nako kgafetsa. E se e lemetsotso e mashome a mabedi a emetse Mamello. O qala ho ngongoreha. Mamello a hlaha a hata butle.
Tatolo: Wa dieha bo mofumahadi. Ke batlile ke ilo o sheba. Molato wa ho dieha?
Mamello: Tshwarelo hle abuti Tatolo. Ke ne ke emetse Mmabatho ke re ke ilo mofa buka eo titjhere Thabo a itseng ke mo fe yona. Ke ne ke mo emetse ka phaposing ya rona a ile ntlwaneng.
Tatolo: Ke ne ke se ke maketse. O mo file jwale?
Mamello: Ha o na kgolwa na o entseng ha ke mmitsa.
Tatolo: A tadima Mamello a sosobantse sefahleho. Bua hle ke utlwe.
Mamello: He! Wa sosobanya sefahleho tje molato?
Tatolo: Bua na o itseng pele.
Mamello: Ke ha a nnyemotsa jwalo ka dijo tse bodileng e ka ha a ntsebe le ho ntseba.
Tatolo: A se ke a bua letho?
Mamello: Tjhe, ha a bua letho o nnyemoditse a nto tswa.
Tatolo: Ho betere haeba o kwetse molomo ono wa hae. Ke yena eo ke utlwileng hore o ntse a re mme wa hae mme Maditaba o itse a tsamaele thoko le wena. Ke re kaba o buile ntho e o utlwisitseng bohloko.
Mamello: Tjhe ha a bua. Oh jwale ke a utlwisisa hore hobang matsatsing ana a sa batle le ho dula pelaka sehlopheng sa dipalo. Re ne re tlwaetse ho dula mmoho re sebetsa dipalo le yena.
Tatolo: Ke yona ntho eo ke reng ke lokela ho ba le wena ke o fe tshehetso. Ke batla metswalle ya hao e swabe. Ha ke tsebe hore na ha e se bona ba tlo hlokomela ngwana mathata a bona a ho kae?
Mamello: Ke hore o mputse mahlo jwale. Ke ne ke ipotsa dintho di hana ho fela.
Tatolo: Ho tla loka Dimame wa ka. Tsena tsohle di tla feta jwalo ka toro. Rona re lebohe feela hore re fuwe monyetla wa ho kena sekolo. Bohle re a tseba hore e kgoptjwa e le maoto mane. Etswe se sa feleng se a hlola. Re tla o theoha moepa ona.
Mamello: Ke a leboha ka mantswe a kgothatso abuti. Ruri le nna ke ipona ke le lehlohonolo ho kopana le motho ya tshwanang le wena. Mme o ne a mphetela dipale tsa banana ba lahluweng ke bahlankana ba imme.
Tatolo: Jo! Nahana hle eba sono jwang ka bana ba batho. Hobaneng o ka etsetsa ngwana motho ngwana ha o qeta ebe o a mo lahla kapa ha o dumele hore ke wena ntata ngwana? Ke bokgopo bo tswelelletseng.
Mamello: Ha ke batle le ho e nahana eno.
Tatolo: Potso ya ka ke hore na motho o wa ba ntsa kenekene ngwana batho ka eng ha ere ha mathata a hlaha ebe o a baleha.
Mamello: Ke ho baleha boikarabello le ho hloka pelo.
Tatolo: Na nka o kenya ka tlung kajeno haeka re se re atametse ha kaale?
Mamello: Bathong! Ke hore moqoqo o entse hore ke se bone le hore re se re kene lapeng.
Tatolo: Le nna ke hona ke hlokomelang hore re fihlile. Ehlile taba ena e lokela ho potlakelwa. Ngwana a ke ke a hlaha ke ntse ke kgutla tseleng. Ke batla ho ba wa pele ya tla bona lesea la rona le ho le sika ka ana a ka matsoho.
Mamello: A shwa ke ditsheho. Ke hore ha o wa tata lekgale. E se kaba o se o lebetse hore ke hona ke leng dikgwedi di nne.
Tatolo: Hao, nako e e sutsa ha kaakang? Nna ke tatetse ho bona sa ka setshwantsho ausi. Ha ke tsebe wena.
Mamello: O tla se bona ha nako e fihla. E re ke o tlohelle o tsamaye. Re tla kopana ha bo esa.
Tatolo: Ho lokile mmabana. Ntumedisetse mme wa hao