PONTSHO YA BONE
Ketsahalo ya pele
Ke mantsibuya Ntsie o dutse mollong le Tumi ba qoqa. Mamello o ntse a ja apole.
Ntsie: | Mamello, na o buisane le Tatolo jwale? |
Mamello: | Ke busane le yena ntate. |
Ntsie: | A re o tla tsebisa batswadi ba hae neng haeka metsotso e ja mabedi tje? |
Mamello: | O kopile hore ke o kope hore o ise molato ho ntate wa hae kaha a tseba hore na ntate wa hae o tlo halefa ho jwang. A re ho betere ha ho iswa molato kaha yena a tla be se a dumela. |
Ntsie: | Ha se mehlolo ee? O ne a ntse a etsang ha ele moo a tshaba ntatae tje? Wena o itse ha o re tshabe ho yena? |
Mamello: | Tjhe ntate. Ha ke a realo. |
Ntsie: | Jwale keng ha a re nna ke ise molato empa e le yena monga molato. Akere ke yena ya tlamehang ho nka boikarabello e seng a bo fetisetse ho nna. |
Tumi: | Nna ke a mo utlwela ngwana ntate. Bene ke mollo le sebabole ntate. Le wena o a mo tseba. A ka tlatsetsa bana lerata ra makala. |
Ntsie: | Le wena o dumellana le taba ee ya hae na? |
Tumi: | Ngwana o entse kopo ntate. Ke kopa o e sekehele tsebe. |
Ntsie: | Ho lokile re tla bona na re etsa jwang. Feela nna ha ke re ke batla ngwanaka a nyalwe. O sale monyane o sa lokela ho kena sekolo. A ke ke be a phethisa tsa lenyalo a sa ntse a ithuta. Di boima tsa lenyalo ngwanaka. Bobedi ba lona le sa le banyenyane le sa hloka tataiso ya batswadi. |
Mamello: | Ke a utlwa ntate. |
Tumi: | Ntatao o a bolela ngwanaka. Ke rona feela re neng re nyalwa re sa le banyane. Lona le lokela ho ithuta le tsebe ho phela. Bophelo ba matsatsing ana ha bo sa tshwana le ba rona. Rona ho ne ho lengwa masimo dijo di le ngata ho ruuwe le diphoofolo nama e le ngata. Matsatsing ana ntho e nngwe le e nngwe ke tjhelete. |
Ntsie: | Le basadi ba ne ba sa ye mesebetsing. Ke banna ba neng ba ya merafong ho ya sebeletsa basadi. Kajeno ke tekatekano ngwanaka. O ke ke wa dula fatshe wa re monna a ilo o sebeletsa. Le lokela hore bobedi le ye mosebetsing. Ruri ke dinako tse thata tsena. |
Mamello: | Nna ke se ke kgathetse ke kopa ho ilo phomola (Mamello a ema setulong a ntse a idimula). |
Tatolo: | Tsamaya ngwanaka o ilo phomola. |
Tumi: | Ntata Tumi, o sa hopola hore mookamedi wa sekolo o re bitsitsa ha bo esa? |
Ntsie: | Hana e se e le hosane? Ke ne ke se ke lebetse. |
Tumi: | Nna ha ke lebale hoba esale e ntja ha re fumana pitso ena ya hae. |
Ntsie: | O jewa keng na mme? |
Tumi: | Ke touta hore na ha a tlo re ngwana wa rona a dule a se ye sekolong na. |
Ntsie: | Hana wena o letswalo e kang la nonyana. Kana ke a o lebala. |
Tumi: | Ha se taba ya hoba letswalo e kang la nonyana ntate. Taba ena e ntjha ho rona. Ha re so be le ngwana ya imang a sa le sekolong. Kapa ka utlwela metswalleng e bileng le bothata bo jwalo. |
Ntsie: | Nna ke re o tlohelle ho itoutisa re emele ho utlwa ho tswa ho mookamedi wa sekolo hosane. |
Mamello: | Ke a utlwa empa ho thata. |
Ntsie: | Ha ekaba o ntse o itoutisa feela moo athe o mpa o tsheba moru o senang nkwe o tla reng? |
Mamello: | Ho tswala ho buima ntate. |
Ntsie: | Nna ke re re tla tshela borokgo ha re fihla ho bona. Ako ntshelle tee ke phoke ke tle ke ilo phomola. |
Mamello o a ema o nka ketlele rakeng o tshela mokotla wa tee le metsi a belang a mollong oo ba o orileng. O bula raka o nanabela kopi, tswekere le lebese la phoofo. O tshela metsi a belang koping o oka terei o neheletsa Ntsie. | |
Mamello: | Tee ke ena ntate. |
Ntsie: | Ke a leboha mme. Hana mookamedi o itse re tle re mmone ka nako mang? |
Mamello: | O itse ka hora ya leshone le metso e mmedi. |
Ntsie: | Ha ho le jwalo ke tla qala masimong. Ke batla ho kotula dinawa tsane pele serame se tla. Nka senyehelwa hampe. |
Mamello: | Ke tla theoha le wena hore re tle re etse kapele. Lenkorota leno le le nyane. Le ka re nka dihora tse tharo feela. Ha re ka theoha ka hore ya bosupa re tla be re kgutlile ka hora ya leshome mme re itokisetsa ho ya sekolong. |
Ntsie: | Ho jwalo. E re ke phoke tee ena re ilo phomola. Re lokela ho tsoha re le mahlahahlaha. |
Mamello: | E re ke ntshe paola ena ke be ke time mollo ona o se ke wa tjhesetsa. |
Ntsie: | Ho lokile. Ke tla hlaha sakeng mane ke shebe hore bashanyana bana ba kwalletse diphoofolo hantle na. Kopi ya hao ke ena. Ke a leboha ka tee. |
Ntsie o tswa monyako a nkile molamu wa hae. Tumi o nka kgarafu ya sekopo o ntsha paola. O fihla a e beha kantle a nka metsi a tshela metsi. | |
Ntsie o kena monyako ho tswa sakeng. | |
Tatolo: | O tseba ha ke fumana Tshemedi e tlotse lesaka. Ka lehlohonolo ke itse ba e rope le ha e ntse e le ka sakeng. Ke hore kgomo ena e na le mehlolo ruri. |
Mamello: | A kore hoja ha o wa ya ho ya e sheba. Mohlomong e ne e tlo kgaola le mohala ono. |
Ntsie: | Kannete ke lehlohonolo hore ke ile. Nahana lekgeba lane le moreneng. E ne e tlo iphepa ka lona bosiu bohle. |
Mamello: | Nahana na re ne re tla lefa bokae? |
Ntsie: | Tseo ha di sa buuwa. E re re tlohelle ho ingamangama ka se sa etsahalang re ilo phomola. |
Ntsie le Mamello ba kena kamoreng ya ho robala mme ba robala. | |
Ketsahalo ya bobedi
Ke sekolong, Ntsie le Tumi ba eme monyako wa mookamedi wa sekolo ba ntse ba kokota. Ho hlaha mongodi wa mookamedi wa sekolo o ba bulela lemati.
Mongodi: | Dumelang batswadi. Mookamedi o sa na le kopano e kgutshwanyane le titjhere o tla ba le lona ka sebakana. Ke se ke mo tsebisitse hore le se le le teng. |
Ntsie: | Re a leboha ausi. Botle ke ho fihla ka nako mme re fumana a ntse a le teng. |
Mongodi: | Ana nka le phomosetsa senomaphodi kapa kofi? |
Tumi: | Nna nka thabela kofi ausi. |
Ntsie: | Ke tla thabela senomaphodi. Ho futhumetse ka kantorong ena ya hao. Kofi e ka mphufuletsa hampe. |
Tumi: | O a tshaha. O ntse o sa e rate tje kofi ntate. |
Ntsie: | Ha ke kopane le ntho e tlo ntjhesa leleme nna. |
Tumi: | Empa o ka e tshela lebese le batang akere. |
Mongodi: | Senomapodi ke sena ntate. Ke tla tlisa kofi ya hao mme ke sa bedisa metsi. |
Tumi: | Ha ho bothata ausi. Ke tla ema. |
Ka mora nakwana mookamedi wa sekolo a hlaha monyako le titjhere. Titjhere ya dumedisa ya tshwara Ntsie le Tumi ka matsoho ya nto itsebisa hore ke titjhere ya moradi wa bona. | |
Mookamedi: | Dumela mme le ntate. Ke a le amohela mona sekolong. Le ka kena ka ofising ya ka. (O bula lemati mme o ba bontsha moo ba tla dula teng.) Mongodi o tla a tshwere terehi ya kofi ya Tumi. |
Mongodi: | Kofi ke ena mme. Tshwarelo ka ho nka nako e telele. Ke hona ke neng ke hlokomela hore tswekere e a fokola. Ka lehlohonolo ke fumane ya matitjhere e ntse e le ngata. |
Tumi: | Se kgathatsehe hle ausi. Ha feela mookamedi a ntumella ho e nwella ofising ya hae, ha hona bothata. |
Mookamedi: | Tjhe mme, ha ho bothata o ka e phokela hona ka ofising ka mona. Ke kopa o kwale lemati ha o tswa.(Mookamedi o bolella mongodi). |
Bohle ba dula fatshe ho kenyeletsa le titjhere. | |
Mookamedi: | Ke boele ke le dumedise le ho le amohela kwano. Ke maswabi hore e be ke hona ke kopanang le lona kamora hore le nketele ka ho tla ntsebisa ka ditaba tsa moradi wa lona. Ke sa le leboha le jwale hoba ha se batswadi ba bangata ba emang ka maoto ho tla kopana le rona ha bothata bo se bo hlahile. |
Ntsie: | Hao mookamedi, ebe motswadi ha a sa tle ho wena ha bothata bo se be le teng o a be a nahana jwang? Ekare ke touta nyene le bosiu hore na ebe moradi eo wa ka ha a ka tsietsana a le sekolong moo nka etsa jwang? |
Mookamedi: | Ke bua nnete ntate. Ke bolella batswadi ka dinako tsohle hore thuso ke pitsa e maoto a mararo. Maotong ana a mararo ho teng motswadi. Empa ha o bone batswadi ba e ela hloko taba ena. Ha ba utlwisisi bohlokwa ba ho kenya letsoho thutong ya bana ba bona. Ba nahana hore ha ngwana a e ya sekolong ha bona ke ho lefella tjhelete ya sekolo feela. |
Ntsie: | Ah! O ntlhotse jwale. Nke ke ka o hanyetsa hoba le nna ke tlisitswe ke mathata. Pele ho mathata ke ne ke sa tle mona sekolong. Ke hona ke ithutang hore thuto ke pitsa e maoto a mararo. Mosotho o re thuto ha e tsofallwe. Re sa ithuta le jwale. |
Tumi: | O nepile ntate. Le nna ke ithutile jwale. Ke hore ha ho ntho e mpe e senang molemo. Re ka be re sa ithuta hore re lokela ho nka karolo thutong ya bana ba rona. Nna ke nahana mosebetsi wa rona le ho lefa tjhelete ya sekolo ebe tsohle ke tsa matitjhere le mookamedi. |
Titjhere: | Le rona re hloka thuso ya lona mme. Re hloka ho dula re buisanang tsa tshebetso ya bana ba lona le hore le re thuse ba etse mosebetsi malapeng. Ha re ne re sebetsang hammoho, ke a o tiisetsa bana ba rona ba ne ba tla sebetsa hantle haholo. |
Mookamedi: | O nepile titjhere Thato. Ke taba eo ke e buwang dikopanong tsa batswadi tseo le tsona ho tlang ba fokolang. O bone kopano ya ka le batswadi bekeng ena e sa tswa kodumela hore batswadi ba na ba fokola ho jwang. Ba bang ba tsamaile le pele kopano e fela. |
Titjhere: | Ke lemohile taba eno mongaka. Batswadi ha ba tsebe hore dinako tsena e se e le tse thata tse sa tshwaneng le tsa boba tsa moraorao. Bana ba rona ba se ba dula difonong le dikhomphutheng ba sheba dintho disele ba sa bale. |
Mookamedi: | E re re bue ka tseo le di tletseng mona. |
Ntsie: | Re a leboha mookamedi le titjhere ka thuto eo le re fileng yona kajeno. Re mametse mookamedi. O ka phunya seso sa tswa boladu. |
Mookamedi: | Le se le tsebane le titjhere Thato. Ke yena titjhere eo Mamello moradi wa lona a ikarabellang ho yena enwa. Ke ka hoo ke mo memmeng ho tla nka karolo ditabeng tsena. Nka thabela ha le ka la phutholoha la bua le sa tshabe letho. |
Ntsie: | Re a leboha mookamedi. |
Mookamedi: | Le ile la nketela ho tla ntsebisa hore moradi wa lona o robehile lengole. Ka le tshepisa ho le mema re tlotshohla ditaba tsena tsa moradi wa lona. Ekaba o se a le nako e kae? |
Tumi: | O kena kgweding ya bohlano jwale. |
Mookamedi: | Na o se a ntse a tsamaya tliliniki? |
Ntsie: | Ho jwalo mookamedi. Hang hoba re tsebe ka taba ena re ile ra mo isa tliliniking ya baimana. Ho ne ho se bobebe empa re ne re batla ho tseba hore o se a le nako e kae re se tshware mamphele ka sekotlo. |
Mookamedi: | Ke a leboha ntate. Motho o ne a ka lebella karabo e tjhena ho tswa ho mme empa ke a hlokomela hore le wena o nka seabo kgudisong ya ngwana wa hao. Hangata ho tlwaelehile hore ha ngwana a ithwetse ke ditaba tsa bomme. Ke qala ho bona ntate ya tsebang haholo tjhena ka ditaba tsa boimana. |
Tumi: | O tsebe o tsamaya le yena ha a e ya mono tliliniking. Le diaparo tsa lesea di rekilwe ke yena a tsamaile le Mamello. Kannete yena o kene ka setotswana ho thusa enwa moradi wa rona. |
Titjhere: | Le nna ke utlwa ke hloletswe hoba ke ne ke re ke tlo bua le mme e seng le ntate ka ditaba tsa boima. |
Bohla ba shwa ke ditsheho | |
Ntsie: | Ka boswaswi. Ke le phoqile hee. |
Bohle ba tsheha | |
Mookamedi: | Ntate le mme, pitso ya ka e mabapi le boimana ba moradi wa lona. Ke batla re tlhohle tse latelang; |
|
|
Ke rata ha re ka bina pina e le nngwe e le hore re thusaneng bophelong ba ngwana wa lona. Na ho na le seo le batlang hore re se kenyeletse lethathamong lee la rona la ditaba? | |
Ntsie: | Re a leboha mookamedi. Tjhe ha ho letho. Ke bona e ka o kenyeleditse tsohle tse bohlokwa. Kapa wena Tumi o na le seo o batlang ha se ka kena? |
Tumi: | Tjhe ntate, o opile kgomo lenaka. Mookamedi o di thathamisitse tsohle. |
Mookamedi: | Re hlophile lenane lena le titjhere Thato ke ka hoo ke sa mmotseng. Mme ke yena ya tsa tsamaisa kopano ena. Ke isa marapo ho wena titjhere. |
Titjhere: | Ke a leboha mongaka, ntle le ho senya nako ha re tshetshetheng ya pele. Hanyane re se re utlwile hore moradi o se a ntse a tsamaya tliliniki ya baimana. Ekaba bophelo ka kakaretso bona bo jwang batswadi? |
Tumi: | Ke a leboha titjhere. Nka re bophelo ba hae bo tsitsitse le ha ke bona hore o qalella ho ruruha maoto. Empa ha a na phallo e hodimo ya madi. Le lesea le ntse le hola hantle. O lla ka mokgathala e leng ntho e tlwaelehileng baimaneng. |
Ntsie: | Ho jwalo titjhere, maoto ke ona a motshwenyang. Ke belaela motjheso ona o teng le tsela e telele eo a e tsamayang. Empa ka ha dikolo di se di tla kwalwa, ke tshepa hore maemo ano a tla fetoha. |
Titjhere: | Ke a leboha batswadi. Ya bobedi ke tshehetso eo ke nahanang hore re se re fumane karabo ya yona kaha bobedi ba lona le bonahala le itahletse ka setotwana ho bana hore moradi wa lona phela hantle. |
Tumi: | Ho jwalo titjhere. Ke se ke etsa le mesebetsinyana eo a neng a e etsa mane lapeng hore a be le nako ya ho phomola. |
Mookamedi: | Ruri o lehlohonolo enwa ngwana. Ke hore le re etseditse mosebetsi o bobebe wa ho se dule re hlabolla ngwana ka lebaka la ho dula a komelwa lapeng. |
Ntsie: | O tla koma o felle kae mookamedi? Phoso ha e se e etsahetse o lokela o tshwarele ngwana o tsebe ho mo tshehetsa. Ha ho thuse ho mmolaisa kgatello ya maikutlo hoba aka qetella a nkile bophelo ba hae. |
Mookamedi: | Ekare o a tseba hore ke ba bangata ha kae bana ba nahanang o nka maphelo a bona ke kgatello eo ba leng tlasa yona ke ho hloka tshehetso malapeng a bona. Tswelapele titjhere. |
Titjhere: | Ntlha ya boraro ke tshehetso eo re e fang ngwana wa lona mona sekolong. Ka ha lefapha la thuto le dumetse hore bana ba lona ba ka tla sekolong le ha e le baimana, re entse metjha eo re ka tsebang ho ba thusa e kenyeletsang tshehetso ho tswa ho mookamedi le matitjhere, mohlabolli esita le ho ba fa ditulo tseo ba tsebang ho beha maoto hore a se ruruhe. Re a utlwisisa hore ba ka ba le mokgathala le ho ya ntlwaneng kgafetsa. Ha re na bothata moo. Ha feela ba tla sekolong ho re ba tle ba tsebe ho ngola diteko tsa bona, re tla dula re ba tshehetsa. |
Ntsie: | Kannete re a itebohela. Ehlile dintho di fetohile. Nna ke ne ke nahana hore re tla mo ntsha sekolong ha a se a imme tjena. Ke ile ka makala ha mookamedi a re a nne a tle sekolong. |
Tumi: | Rona mehleng ya rona ho ne ho ke ke ha tsebahala le hore o imme. Hang hoba batswadi ba tsebe o ne o ntshwa sekolong. E ne e le sekgobo se sebe hampe. Banana ba motse ba ne ba kgalemelwa ka wena. Ho thwe ba se tshwane le wena. |
Mookamedi: | Dinako di fetohile beso. Ha re fete titjhere. |
Titjhere: | Ya ho qetela ke nako ya hae ya ho kena tlung. |
Ntsie: | Ka lehlohonolo Mamello o tla kena tlung ka mora ho ngola ditlhahlobo tsa hae ka makgaola kgang. Mme o tla tseba ho tla sekolong selemong se hlahlamang a se a belehile. |
Mookamedi: | Ah! ditaba tse monate. Ka ba ka hema. Ke ne ke tshohile hore o tla tloha a sa ngole le ba bang. |
Tumi: | Tjhe mookamedi. Re rona ha re utlwa re ile ra ferekana haholo empa ra kgoba matshwafo ha re fumana hore ditlhahlobo tsa hae di ke ke tsa ameha. |
Titjhere: | Lenane la ditaba tsa rona le fedile jwale. Ke kgutlisetsa marapo ho wena mongaka. |
Mookamedi: | Ke a leboha titjhere ka mosebetsi o kgabane. Ke lebohile batswadi ba ka. Kopano ya rona e fella mona. Empa haeba le sa na le dipotso le ka botsa. |
Tumi: | Ha se le potso ke mpa ke kopa hore na re ka o tsebisa wena titjhere haeba a hloleha ho tla sekolong na? |
Titjhere: | Ho jwalo mme. |
Mookamedi: | Ke tseo he. Mookamedi o ema setulong o tshwara Ntsie le Tumi ka letsoho anto bula lemati. |
Tsamayang hantle batswadi. | |
Ntsie le Tumi: | Salang hantle. |