PONTSHO YA BOROBONG

Ketsahalo ya pele

Ke mantsibuya Maditaba o fihla sedibeng o fumana Makabelo le Thato. O fihla a sutuditse melomo a sa ba dumedise.

Makabelo: Dumela le wena Maditaba. He ke rona re itseng o ikenye ditabeng tsa batho.
Thato: Hao mosadi, hobaneng ha o sa re dumedise? Re ne re robetse ha hao na?
Maditaba a ba nyemotsa ya ka ha ba bue le yena.
Makabelo: Hela ausi nnyeo. Re o entseng rona?
Maditaba a inama ho kga metsi ka sedibeng a ntse a thotse.
Thato: Ke maketse hore o ntse o tseba ho thola kamoo o di shwashwathang ka teng.
Makabelo: Ho maketse nna hle Thato. Re bolelle na di felletse kae he tsa ha Tumi. Akere re di utlwile ka wena.
Maditaba a phahamisa hlooho a sheba Makabelo.
Maditaba: O mpotsetsang athe o se o di utlwile?
Thato: Tjhe, boMaditaba ha le tshabe ditaba kannete.
Makabelo: Thato ha o tsebe hore lebitso lebe ke seromo na?
Thato: Ke a tseba feela ke ne ke sa tsebe hore e kaba nnete e tjena.
Maditaba: A ke le ntlohelleng nna.
Makabelo: Nna nke ke ka otlohela pele ke utlwa hore na di felletse kae tsa moradi wa Ntsie. Akere re tseba ditaba tsa motse oo ka wena.
Maditaba: Akere le utlwile hore mora Matatolo o dumetse molato mane moreneng. O bontsha tshwabo e kgolo. Feela ekare Morena le banna ba lekgotla ba ne ba mo tonetse mahlo hampe. Ke ha a tla dumela.
Thato: Ao tjhe, Maditaba. O sa ntse o tswelapele ho bua mashano?
Makabelo: Ba mo tonetse mahlo jwang Maditaba?
Maditaba: Ha se leshano ekare o ne a tshaba morena le banna ba lekgotla ha a tla dumela sekate.
Thato: E teng ntho e jwalo Maditaba?
Makabelo: Ako hlalose mosadi. Ekare taba ena ya hao e tla nqabola kannete. Motho o teng ya ka dumelang molato oo e seng wa hae ka lebaka la ho tonelwa mahlo feela?
Maditaba: Ke moo ho se ho etsahetse.
Thato: Na ba mo shapile kapa ba ne ba mo tlamme ka lesika monwaneng hore a dumele molato?
Maditaba: Tjhe, ha ba mo shapa kapa hona ho mo tlama ka lesika.
Makabelo: Jwale taba ela ya hore o ne o mmone a ena le moshanyana e mong yona e felletse kae? Hobaneng ho bitsitswe mora Bene feela eo yena a sa bitswa?
Maditaba: Moo ha ke tsebe.
Thato: Na o teng le moshanyana eo o buang ka yena Maditaba kapa e ne e ntse e le mokgwa o moo wa hao wa ho qapa ditaba?
Maditaba: Ehlile ke ne ke mmone ba potela ka lengope.
Makabelo: Haeba e ne e ntse e le Tatolo moo? Na o na le bonnete bo felletseng hore e ne e se yena.
Maditaba: Ke bua ka ntho eo ke e tsebang.
Thato: Jwale yena ha a bitswa keng mola moreneng?
Maditaba: Hao basadi le re nka tseba ditaba tse etsahalang moreneng nna
Thato le Makabelo ba shwa ke ditsheho.
Makabelo: Ao tjhe o pale mosadi. Ha se wena ya ntseng a re qoqela ka ditaba tsa moreneng hona jwale? Tsona o di tsebella kae o ne o sa ya kgotla? Kapa basadi ba se ba kena kgotla na re tsebe.
Thato: Leshano lena la hao le lokela ho fela Maditaba. O senya batho mabitso ke ho iqapela ditaba tse siyo. E re rona re o bolelle nnete he.
Makabelo: O opile kgomo lenaka Thato. Nna ke makatswa feela ke hore Maditaba o tswetse o na le moradi.
Thato: Hela, ha o realo o nkgopotsa ntho e nngwe. Eo moradi wa Maditaba o bolelletse moradi wa ka hore mmae o itse a se hlole a mmona a tsamaya le Mamello kaha a tla mo tshwaetse mekgwa ya hae e mebe.
Mamello: Basadi Maditaba. Hantle bothata ba hao bo hokae mosadi re mpe re o thuse?
Maditaba: Ke kopa letswe ditabeng tsa lelapa laka. Hore na ke reng ho ngwana wa ka ha e le batle.
Makabelo: Na o dula o tsamaya le moradi wa hao?
Maditaba: Tjhe, nka tsamaya le yena jwang athe o kena sekolo?
Thato: Ke bona bothata bono hoba tsela eo o buang hampe ka bana ba batho motho a ka nahana o dula o fuwame wa hao.
Makabelo: A ko fetohe hle Maditaba.
Thato: Ke itse nna ke o bolelle nnete. Mamello o dula a ena le Tatolo ho seng le mantsibuya. Taba ena ha e so fetohe esale o re hlaba malotsana hore eo moradi wa Tumi ke moimana. Hoseng Tatolo o mo emela mane patlollong hore a mo nkise mokotla. Le ha sekolo se etswa ba feta ho nna mane ba ntse ba le babedi. Ke ipotsa hore na wena moshanyana eo o neng o mmona a dikela ka lengope le Mamello ke ofeng?
Makabelo: Ke mahlabisa dihlong ana kannete Maditaba. O lokela ho ya kopa tshwarelo ho Tumi ka ho mo senya lebitso motseng mona ka hore ha a na kgodiso e ntle. Ha se hantle ho bua jwalo ka mosadi e mong.
Thato: O tle o hlokomele motsheha lefuba o a ipeletsa mosadi.
Maditaba: La se ke la nkemella lekgale. A ke le ntlohelleng le ke le shebane le ditaba tsa malapa a lona le tlohella laka.
Makabelo: O boletse teng moo, ha re tlohelleng ditaba tsa malapa a batho re shebaneng le tsa a rona. Mona teng ke dumellana le wena mme ke tshepa hore ho tloha kajeno o tla etsa jwalo.
Boraro bo rwala dinkgo tsa bona bo a tsamaya.

Ketsahalo ya bobedi

Ke shwalane Maphoka o fihla ha Tumi o fumana a ntse a soka pitsa.

Maphoka: Dumelang lapeng mona.
Tumi: Be! Mosadi ke wena?
Maphoka: Ke nna mosadi ke itse nke o fapohele. E se e le nako re ka kopane jwale.
Tumi: Ho jwalo hle mosadi. Haesale ke le maphathaphatha. O a tseba le hore ha o ena le moimana wa lestibulo o ka se mo siye a le mong.
Maphoka: Ke tseba taba eno hore ke ho se tsebe diphoso di ka etsahala. Le nna ho kotula ho ntshwere hle. Ke ntse ke bua ka pelo ke re ke tla tla o bona ebe ha ke re ke tla tla ho hlaha lebaka le leng. Empa kajeno ka ipolelle hore ke fapohele.
Tumi: Ke lebohile hle ha o nketetse.
Maphoka: E kaba di ntse di ya jwang tsa moradi le ba ha Bene? E sale ke qetela ha o ne o re le rera ho ngolla Bene.
Tumi: Ao tjhe! o nqetetse kgale. Ha ditaba tsa motse oo di sa timanwe di matha jwalo ka mohala wa tjhetjhe wena di o tlotse kae?
Maphoka: Ke se ke o bolelletse akere hore ke qetwa ke masimo. Esale ke qalella ho kotula dibeke tse pedi tse fetileng. Ke dife he re di utlwe?
Tumi: Ho ile ha senyeha mosadi. Re ile ra ngolla Bene le ha a ile a phaladisa leqosa la rona ka molamu.
Maphoka a tona mahlo.
Maphoka: O reng na mosadi?
Tumi: Kannete mosadi. Empa lengolo lona a le nka a se a qekiswa ke mosadi. O ne a hana le ho le nka a le bala.
Maphoka: Ke hore Bene ha a fetohe. Manganga a a hae a tla fella kae? Jwale ha etsahalang?
Tumi: Ha o thole ka o phetela mosadi.
Maphoka: Bua he ke mametse.
Tumi: Re sa re re utlwile ka ho phaladisa leqosa ke ha a etla mona haka.
Maphoka: A tlo ba tlang moo jwale?
Tumi: A tlo lwantsha Ntsie.
Maphoka a tona mahlo le ho feta.
Maphoka: Eng?
Tumi: Kannete. Ntsie o sa ntse a le mohele wa molamu wa Bene hloohong. Ya eba thibang thibang a re Ntsie o tsamaya a senya lelapa la hae lebitso ka hore o etseditse enwa moradi wa rona ngwana.
Maphoka: Athe? A kere ke mora hae monga sekate?
Tumi: Butle ho ba lehala mosadi ke o phetele.
Maphoka: Mehlolo ke dinoha mesenene ke batho ruri. Tswelapele mosadi.
Tumi: Ka lehlohonolo Ntsie o ne a se tsebisitse morena ka se etsahetseng ha a romeletse leqosa. O tla a hlasela Ntsie tjena, moreneng mane Morena le banna ba lekgotla ba dutse ho buisana ka ho rarolla qaka ena.
Maphoka: Bathong!
Tumi: Ke ha ba utlwa mokutu le seboko saka seo ke neng ke se hlabetse hodimo ke bona hantle hore Bene o bolaya monna wa ka. Morena a nto fihla le banna ba hae ho tla namola.
Maphoka: Ruri re a hola re a eletsa koma re se re e bina ka hlooho. Ka bakwena ba ntswetseng ena taba ke qala ho e utlwa motseng mona.
Tumi: Thola o utlwe. Morena a re ba mo sale morao ho ya mane kgotla. Ke moo a tshwetseng taba ena ya Bene ka mathe mme bobedi le Ntsie ba laelwa ho lata bana ba bona.
Maphoka: Moo morena o nepile. Tsa tsamaya jwang jwale tsa bana?
Tumi: Ke a utlwa ha a se a latile mora, ke moo mora a fihlileng a bolela hore ke yena ntata ngwana.
Maphoka a keketeha a ema a thenthetsa.
Maphoka: Halala halala halala! Ruri dikeledi ha di wele fatshe Tumi.
Tumi: Moo teng ke bona ka ana a ka mahlo. Mora o bolelletse enwa moradi hore ntatae o ne a itse a latole molato mme ha a sa o latole a se hlole a le beha mane ha hae. O re ntatae o ne a itse a se hlole a mmona a ena le yena.
Maphoka: A ko utlwe feela mahlabisa dihlong a tjena. Motho ha a ne e le wa hae moradi o ne a tla ikutlwa jwang ha a etswa jwalo?
Tumi: Kannete, feela mora a tsitlallela nnete mme a ipolella hore o se a tla tshela borokgo ha a fihla ho bona.
Maphoka: Jwale ekaba o ile a ikutlwa jwang ha mora a se a mo tswile tlaase?
Tumi: Ntata Mamello o re ke ha a tshaba le ho mo tadima mahlong. O re e sale a inama a thola tuu.
Maphoka: Ho bolelang hore Mamello ha a ka ba a bitswa yena?
Tumi: Ho jwalo. Moshanyana o ile a qeta ditaba. Ha o tsebe ke ile ka thaba jwang hoba ke ne ke bile ke re ntatae a tlohelle. Ha ke rate ha ngwanaka a ntse a tontotshwa a iswa hodimo le tlase a imme. Taba ena e ne e ka mmakela kgatello ya maikutlo mme ya ama lesea. Ke batla a be le lesea le shahlileng le phetseng hantle.
Maphoka: Ruri ke a o lebohela mosadi. O e hlotse ntwa ena.
Tumi: O tsebe o se a romelletse leqosa ho tla tlisa dikgomo tsa tshenyo.
Maphoka: O reng na mosadi?
Tumi: Ke a o bolelle wena.
Maphoka: Ke rata ho o bolelle hore o lehlohonolo hara basadi. Le tshehetso eo o e fumaneng ho tswa ho Ntsie ke e babatsehang. Hangata bontate ba tlohella ditaba tsa boimana ho bomme. Ha ke tsebe ke mang ya neng a re ho lokela ho ba jwalo. Re bone mohlolo ka enwa monna wa hao. Ke ka hoo ke reng o a ithaba mosadi.
Tumi: O sa hopola le nna ke ne ke sa dumele. Empa ka ba ka tlwaela hore o batla ho tshehetsa ngwana wa hae. Le mookamedi wa sekolo o ne a maketse jwalo feela.
Maphoka: Mosadi, e re ke itlhahanele e tswe ho so fifala jwalo. Wa tla wa mpolella ditaba tse thabisang. Ha ke sa bua ka tse bohloko. Re tla bonana hape. Ke se ke tla qeta ka masimong.
Tumi: Ke a leboha motswalle ha o nketetse. Ha e be boroko.
Maphoka: Fonaneng mosadi. O tla ntumedisetsa moradi le Ntsie.

Maphoka a ema moo a dutseng setupung a tsamaya.