Batshwantshisi

Mamello: moradi wa Tumi

Tatolo: Mora wa Bene

Matatolo: Mohatsa Bene

Ntsie: Ntata Mamello

Bene: Ntata Tatolo

Tumi: Moradi wa Ntsie

Setitimi: Morumuwa wa Bene

Kabelo: Moena wa Bene

Morena: Morena wa motse

Mofumahadi: Mohatsa morena

Thibedi

Puso

Lesedi

Morero

Tau Banna ba lekgotla.

Malitaba: Basadi ba motse

Puleng

Makabelo

Palesa

Thato

Maphoka Motswalle wa Tumi

Lenaneo

  1. Pontsho ya pele
  1. Ketsahalo ya pele……………………………………………………....3
  2. Ketsahalo ya bobedi………………………………………………....8
  3. Ketsahalo ya boraro………………………………………………....12
  • Pontsho ya bobedi
    1. Ketsahalo ya pele…………………………………………..………...19
    2. Ketsahalo ya bobedi……………………………………….………...21
    3. Ketsahalo ya boraro…………………………………….….………..25
    4. Ketsahalo ya bone………………………………………….………....29
  • Pontsho ya boraro
    1. Ketsahalo ya pele………………………………………………….....34
    2. Ketsahalo ya bobedi………………………………….……………...39
  • Pontsho ya bone
    1. Ketsahalo ya pele…………………………………….……………....42
    2. Ketsahalo ya bobedi…………………..……………..………….…47
  • Pontsho ya bohlano
    1. Ketsahalo ya pele……………………….…..………………..…..56
    2. Ketsahalo ya bobedi…………………………………………….....59
  • Pontsho ya botshelela
    1. Ketsahalo ya pele………………………………………………......61
    2. Ketsahalo ya bobedi…………………………………………….....64
  • Pontsho ya bosupa
    1. Ketsahalo ya pele………………………………………………......71
    2. Ketsahalo ya bobedi………………………..……………………...73
    3. Ketsahalo ya boraro………………………..……………………...78
    4. Ketsahalo ya bone………………………………….…………….....85
    5. Ketsahalo ya bohlano……………………..………..…………….91
  • Pontsho ya borobedi
    1. Ketsahalo ya pele………………………………………………….....95
  • Pontsho ya borobong
    1. Ketsahalo ya pele……………………….…………………………....99
    2. Ketsahalo ya bobedi………………………….…………………....104
  • Pontsho ya leshome
    1. Ketsahalo ya pele………………………………………………….....109



    PONTSHO YA PELE

    Ketsahalo ya pele

    Ke hoseng, Mamello moradi wa Tumi ya dilemo di leshome le metso e mehlano, o itukisetsa ho ya sekolong. O ntse a hlapa. Mmae o a kena.

    Tumi: Mamello, o nonne kapa ho etsahalang?
    Tumi o botsa a tonne mahlo a shebile Mamello mpeng.
    Mamello a se arabe mmae.
    Tumi: Ke ntse ke bua le wena ngwana towe. Ho etsahalang?
    Mamello a inamisa hlooho a thola tuu!
    Tumi: Na ha se mehlolo? Na mahlo a ka a mpontsha nnete? Mamello! Araba ngwana towe ke bua le wena.
    Tumi a atamela Mamello a fihla a mo tshwara mpa.
    Tumi: Haeka o moimana tje Mamello? Jowe! Mamello bua na ho etsahalang?
    Mamello a se hlabela hodimo.
    Tumi: Ke re o nkarabe Mamello. Keng e o e llisang? Ana o imme?
    Mamello a oma ka hlooho.
    Tumi: Jonna ekaba ke bomadimabe ba eng boo? Hao basadi! Mamello o imme jwang o sa le mokalenyana? Ako mpolelle hore ke a lora Mamello.
    Tumi a re sihla fatshe a nto se hlabela hodimo le yena.
    Tumi: Ebe ke fositse kae ho hodiseng ngwana yeo? Hao bathong? Ekaba ke hlahelwa keng?
    Tumi a bokolla le ho feta.
    Tumi: Mamello ekaba o nketsetsang tje? Ke tlo reng ho ntatao? Hona sekolong o tla ya jwang? Hobaneng o entse ntho e tje Mamello?
    Mamello a sheba mmae a hloka dikarabo tsa dipotso tsohle tseo mmae a neng a mmotsa tsona.
    Tumi: Ke mang ya o etseditseng ngwana Mamello? Hona o ne o kopana kae le yena? Neng le hona?
    Mamello a se arabe empa a boela a inamisa hlooho a ntsha dikeledi.
    Tumi: Ke tenwa ke ha o sa nkarabe Mamello. O se o le nako e kae? Hona ha o dutse o mpatla tjhelete ya diphetse o ntse o e isa kae? Ke hore o nkentse sehole sa hao ngwana towe? Ke hore o kgopo e le kannete.
    Mamello a ikhara fatshe a ntse a hikitsa.
    Tumi: Ha ke tsebe na o llelang. Nkarabe o tlohele ho nyibidiha tjena Mamello. Athe ha o tsebe hore seo o neng o ntse o se etsa lefifing se ne se tlo hlahella kganyeng? O ne o rerile hore mpa ee o tla e pata hofihlela neng? Ha o tsebe hore e a hola?
    Mamello a se arabe mmae empa a tswelapele ho bokolla.
    Tumi: Ena ke mehlolo kannete. Jwale ha o sa nkarabe tjena ke utlwa e le meleko e felletseng. Ke hore ke bitse ntatao, mohlomong yena o tla mo araba.
    Mamello ha a utlwa mmae a re o tla bitsa ntatae, a phahamisa hlooho a tswa puo hanong.
    Mamello: Tjhe mme, ke tla araba dipotso tsa hao. Ke kopa o ntshwarele mme.
    Tumi: Tshwarelo ha e tlo hlakola se seng se etsahetse Mamello. Ke ntse ke emetse dikarabo tsa dipotso tseo ke o botsitseng tsona.
    Mamello: Ke qetetse ho ya matsatsing dikgwedi tse nne tse fetileng.
    Tumi a tona mahlo ya ka motho ya bonang ho hong ho tshosang.
    Tumi: Mamello o reng? Kannete o ka bolaya motho. O ne o ntse o tholetseng ngwana towe? Ho ja ka se ke ka kena ka moo Mamello ho ne ho tlo etsahalang ka wena?
    Mamello: Ke kopa tshwarelo mme ke ne ke tshaba ho o bolella.
    Tumi: E o tswetse molemo ofe ntho yeo ya hao ya ho thola? E o thusitse kang? Ke mang ya o imisitseng?
    Mamello: Ke abuti Tatolo mme.
    Tumi a itswara hloohong.
    Tumi: Tatolo wa mohlankanahadi? Tatolo ya etsang kereiti ya leshome le metso e mmedi? Mamello o kopana kae le Tatolo e le abutiao? Thaka tsa hao di ile kae ngwana towe? Na o tseba ntatae hantle? Re tlo qala kae hore re mo tsebise ditaba tsee?
    Mamello a se arabe mmae empa a tjamela fatshe e ka o tla fumana dikarabo tsa letoto lena la dipotso tsa mmae.
    Tumi: Tatolo yena thaka tsa hae di ne di ile kae ha tla qhomela ho wena o le lesea? Hona dintho tsee le ne le di etsa neng nna ke ntse ke re o ile sekolong?
    Mamello a hobolela mmae mahlo a hloka dikarabo.
    Tumi: Na o a tseba yena Tatolo hore o imme?
    Mamello: E o a tseba mme.
    Tumi: Utlwang mehlolo. O hlotswe ho mopella kgale hore o imme athe lona le a tseba le re entse ditshwene?
    Mamello: Kgale abuti Tatolo a re ke o bolelle feela ke ne ke tshaba.
    Tumi: Yena o bolelletse batswadi ba hae?
    Mamello: Tjhe mme.
    Tumi: O re wena o bolelle batswadi ba hao empa yena a sa bolelle ba hae? Hobaneng a sa ba bolella?
    Mamello: O re o tshaba ntate wa hae.
    Tumi: Jwale rona ha o re tshabe ha a re o re bolelle?
    Mamello: Tjhe mme.
    Tumi: Ho tlo etsahala jwang ka sekolo Mamello? Na o a tseba hore ho hodisa ngwana ho boima jwang? Ha se kgwele tsa kobo ho hodisa ngwana. Na ke dintho tseo le di nahanneng ha le ne le kena thobalanong?
    Mamello a hadikisa mahlo a hloka karabo.
    Tumi: Ke tlo qala kae ho bolella ntatao ha a kgutla masimong? Na o a tseba o ithorisa ka wena ho jwang? O re o tlo ruteha o be ngaka ya pele lelokong la bo. O nahana o tlo reng ha a utlwa? O tlo shebana jwang le wena?
    Mamello: Ke le sitetswe mme. Ke se ke ikopela tshwarelo.
    Tumi a ema moo a neng a dutse teng.
    Tumi: Hlapa o tsamaye o ye sekolong. Na ba se ba o hlokometse hore o moimana sekolong?
    Mamello: Tjhe mme. Ha ba so mpone.
    Tumi: Ruri ke utlwa ke imetswe. Tsamaya o ye sekolong re tla bua ha o kgutla.
    Tumi a tswa monyako.

    Ketsahalo ya bobedi

    Ke matsheare wa mantsibuya, Ntsie o tswa masimong o fihla a dula tlasa moriti wa sefate mme o hwelehetsa Tumi ya neng a paqame betheng.

    Ntsie: Tumi! Tumi! Ke se ke kgutlile. Ke kopa metsi. Ke shwele ke lengora. Motjheso ona o tla re bolaya kannete.
    Tumi ha a arabe. O hlaha a sosobantse sefahleho eka motho ya tshwerweng ke lehlaba.
    Ntsie: Hao! O robetse na? Ha o sa rate boroko ba motsheare tje, ho etsahalang? Kapa o a kula na mosadi?
    Tumi: Tjhe ntate. E re ke ofe metsi a hao.
    Tumi o kgutlela ka tlung o nka lebekere o kga metsi ka nkgong a tswa monyako.
    Ntsie: Keng na mosadi wa kgomo tsa ntate. Ha o bonahale o thabile. Ekare ho na le ho o tshwenyang. Bua le nna ke utlwe.
    Tumi a hula setulo sa lekgala se tlasa sefate a dula pela Ntsie.
    Tumi: O opile kgomo lenaka ntate. E teng tabahadi yeo ke lokelang ho o jwetsa yona.
    Ntsie: Se ke wa ntshosa hle mosadi. Ho na le motho ya seng a re siile?
    Ntsie a beha lebekere la metsi leo a neng a le tshwere ka letsoho a nto tadima Tumi ka tjhesehelo e kgolo.
    Tumi: O ka tjho jwalo ntate hoba taba ena e nkimetse hona hoo.
    Ntsie: Bua hle mosadi o tlohele ho ntotha.
    Tumi: Ntate, moradi wa hao ke moimana.
    Ntsie: Moradi wa ka ofe?
    Tumi: Athe o na le baradi ba ba kae na ntate?
    Ntsie: Nna moradi wa ka e sa le lesea. E ka se be moimana. Ke ka hoo ke o botsang na o bua ka ofeng.
    Tumi: Ntate ke bua ka Mamello.
    Ntsie: Kamoo o ratang boswaswi ka teng. A ko bue ditaba mosadi o tlohele ho ntlodisa kgati.
    Tumi: Ntate, ke tiisitse. Hoseng ke ile ka ya ka mokgorong ke ilo nka emere mme ka fumana Mamello a ntse a hlapa. O ne a sa nahana hore ke tla kena. Ke ha a tlolela hodimo. Ho tlola hona ha etsa hore ke mo shebe. Ke ha ke bona hore mpa e hodile. Ke ile ka mmotsa hore na ho etsahalang ka mpa ya hae. A hlolwa ho nkaraba empa a bokolla. Ke ile ka mo emella hofihlela a mpolella hore ke moimana mme o imisitswe ke Tatolo wa Bene.
    Nakong ena Ntsie o tonetse Tumi mahlo ha a panye le ho panya
    Ntsie: Na o ntse o utlwa na o ntse o reng Tumi?
    Tumi: Kannete ho jwalo ntate.
    Ntsie a ipholla hlooho a nto inamela fatshe a thola tuu!
    Tumi: Ke yona taba e nkimetseng ena ntate. E sale e ntshwara habohloko ho tloha hoseng.
    Ntsie: Ke utlwa ke feletswe ke matla Tumi. Ha ke tsebe nkareng ka ngwanaka e monyenyane hakana.
    Ntsie o ema moo a dutseng.
    Ntsie: Ke hloka ho phodisa hlooho. Ekare pelo ena ya ka e tla ema. E re ke theohele ka mona ka dikgomong. Ke halefile hoo ke sa batleng ho bona Mamello ke le boemong bona.
    Ntsie a nka molamu wa hae a theohela tlase. Tumi a sala a dutse tlasa sefate a ntse a bua a le mong.
    Tumi: Ke hore jwale re thutse thaba. Ha ke tsebe na re tlo feta jwang ho ena kgehlepe ya taba. Ke hore bana ba rona ha ba nahane le ho bona ha ba re utlwisa bohloko. Ke a ikwahlaya hore na ha ke a isa ngwana enwa lefapheng la thero ya malapa keng. Empa ke ne ke bona a sa le monyenyane ke sa lemohe hore a ka kena ditabeng tsa thobalano a sa le tlase hakana dilemong. Ako bone ka moo ntatae a utlwileng bohloko ka teng? Mmmm! Morena kgotso! Ha ke so utlwe bohloko bo tjena. Ke hore boMaditaba ba tlo ntlhoma thupeng hampe ha ba fumana hore ngwana enwa wa ka o imme. Ha ke tsebe hore na ke tlo ba wa mang.
    Kamora metsotso e mashome a mabedi, Ntsie o a fihla a bonahala a kgathetse haholo mme o fumana Tumi a ntse a dutse moo a mo siileng teng.
    Ntsie: Ke kgutlile mosadi.
    Tumi a tlolela hodimo kaha a sa utlwa Ntsie ha a fihla ke ho bua ka pelo.
    Tumi: Jo! Ntate, ekaba o ntshosetsang hakaale?
    Ntsie: Ke re kaba o a mpona. Metsi a le a ka a kae? Ke omme nthane ena.
    Ntsie o nanabela lebekere la metsi o a nwa.
    Ntsie: Ke e nahanisitse taba ena ya Mamello mme ke nahana ke mohopolo o motle wa hore re se mo halefele haholo. Ke a tseba o se a ntse a itjhapile mono moo a teng. Re bue le yena hore a tsebe seo a se entseng ha re a se thabela ebile ke phoso. A tsebe hore phoso e tsamaya le ditlamorao tse sa thabiseng. Ha re qeta re mo tshehetse hoba o tlo fumana le dithohako ho tswa sekolong le motseng. Re lokela ho ema le yena jwalo ka ngwana wa rona. Ho se ho etsahetse mme ha ho thuse hore re ikutlwele bohloko ka hore kgodiso ya rona e mpe.
    Tumi: Ke a utlwa ntate mme ke dumellana le wena ha lekgolo. Ke ile ka nkwa ke pelo ka mmolella mantswe a seng monate. Ke a dumela hore o sa ntsane a tlo nenwa le ke metswalle ya hao.
    Tumi: Ere ke ilo pheha a tle a fumane ke tshotse.
    Tumi o nka lebekere o kena ka tlung. O siya Ntsie a ntse a dutse tlasa sefate.
    Tumi: Ha ba ha re kokololo. Ke ne ke ipotsa hore na ntata Mamello o tlo reng ha a utlwa. Mohlolo ebile ke nna ya buileng mantswe a bohloko ho ngwana. Ke ne ke nahanne hore Ntsie o tlo ba bohale a nkomanye le nna. Ao tje batho ba fetoha. Ere ke tlohele ho balabala ke phehe.

    Ketsahalo ya boraro

    Ke mantsibuya Mamello o fihla ho tswa sekolong. O fumana ntatae a dutse tlasa sefate. Mmae a le ka tlung. O dumedisa ntatae.

    Mamello: Dumela ntate.
    Ntsie: Dumela moradi. Ke hona o fihlang na?
    Mamello: Ke hona ke fihlang ntate.
    Ntsie: Ho ne ho le jwang sekolong? Hape o ntse o ya jwang mosebetsi wa sekolo?
    Mamello: Sekolong ho ne ho le monate e le dipapadi kajeno. Mosebetsi wa sekolo o ntse o tsamaya hantle.
    Ntsie: Kena ka tlung o hlobole unifomo o je o tle ho nna mona.
    Mamello pelo ya kututsa kapele ha ntatae a re a kgutlele ho yena. A tseba hoba mmae o se a mmolelletse ka tsa boimana ba hae. Mmele wa hatsela a kenelwa ke serame kahare matshwafong. Ya ka motho wa feberu. A otlanya meno sa motho ya tsamayang lehlweng a sa apara. A kgwehla mangole ke letswalo. A imelwa ke mokotlo wa dibuka oo a neng a ntse a o jere. Ya ka a ka re lefatshe ngamoha ke kene. A tsamaya butle ho ya kena ka tlung. A hloka takatso ya dijo. A fihla a petlenya mokotla hodima bethe a nto hlobola unifomo a ya kitjhining ho mmae.
    Tumi: Dumela Mamello.
    Mamello: Dumela mme.
    Tumi: Le ne le le jwang letsatsi la hao, ha o papateisitse melomo tje? Ke yona tlala?
    Mamello: Tjhe mme ha ke a lapa. Letsatsi la ka le tsamaile hantle.
    Tumi: Ha ho bonahale jwalo sefahlehong sa hao mona. Molato keng? O jele eng?
    Mamello: Ke tshohile mme. Ntate o itse ke hlobole ke je ke ye ho yena. Na o ilo ntjhapa mme?
    Mamello o botsa mmae a ntse a thothomela ke letswalo.
    Tumi a tsheha a nto tshwara Mamello mahetleng.
    Tumi: Tjhe ngwanaka, ntatao a ke ke a o shapa. Empa feela a batla ho bua le wena. Ke mmolelletse ka boimana ba hao.
    Mamello a tona mahlo.
    Mamello: A reng mme ha o mmolella?
    Tumi: Ha a ka ba a re letho. O itse o tlo bua le wena. Feela o se tshohe. A ke ke a o etsa letho.
    Mamello a kokobela ha a utlwa mmae a re ntatae a ke ke a mo etsa letho.
    Tumi: Dijo tsa hao ke tseno rakeng. O tsebe ha o sa jella wena o le mong. Lesea le lokela ho ja le lona.
    Mamello a nka dijo a dula setulong a ja. Ha a qeta ho ja a hlatswa sejana sa hae a nto ya ho ntatae.
    Mamello: Ke nna enwa ntate.
    Ntsie: Ho lokile. Tlo dule pelaka mona.
    Mamello a hula setulo sa lekgala a dula pela ntatae.
    Ntsie: Ngwanaka, mmao o mpolelletse hore o moimana. Ke a hlokomela hore o a thothomela. Ke batla o se tshohe kaha hoo ho ka ama lesea. Ke o bitsitse hore re tlo buisana hore na ho etsahaleng ho tloha mona.
    Mamello a inamisa hlooho ke dihlong.
    Ntsie: Ke batla hore o phutholohe o bue le nna. O se tshabe letho. Ho se ho etsahetse mme re ka se hlole re etsolla. Ke mang monga molato Mamello?
    Mamello: Ke abuti Tatolo ntate.
    Ntsie: O a tseba hore o imme?
    Mamello: E, o a tseba ntate.
    Ntsie: Jwale o rerile hore ho etshahaleng? Hona o se a bolelletse batswadi ba hae?
    Mamello: Ha re so bue hore na ho tla etsahala jwang. O itse feela a keke a ntshiya empa o tla mpha tshehetso yohle yeo ke e hlokang. Ha a so bolelle batswadi ba hae ntate.
    Ntsie: Hoja mmao a se o bone hantle le ne le rerile ho re bolella neng?
    Mamello: Ke ne ke tshaba ntate.
    Mamello a boela a tadima fatshe a ntsa dikeledi.
    Ntsie: Se ke wa ntsha menyepetsi eno Mamello ke itse ke bua le wena ele hore re fumane tharollo qakeng ena. Na sekolong teng ba se ba tseba?
    Mamello: Ha ba so tsebe ntate.
    Ntsie: O ka rata ha ke etsa jwang he ngwanaka? Ke bolelle mookamedi wa sekolo?
    Mamello: Ke kopa o mo tsebise ntate.
    Ntsie: Ke tla ngola lengolo o tle o tsamaye le lona hosane. Ke tla utlwa na o tla batla re mmone na kamora ho bala lengolo la ka.
    Mamello: Ke a leboha ntate. Ke ikopela tshwarelo ka ho o swabisa ntate. E ne e se maikemisetso a ka a ho o phoqa ntate.
    Ntsie: Ha re tlohele tseno di fetile. Na o a tseba hore o lokela hore e be o se o ntse o tsamaya tliliniki? Ke utlwile mmao a re o kgweding ya bohlano jwale.
    Mamello: Ke ne ke sa tsebe hore ke lokela hore ebe ke se ke ntse ke ya tliliniking ntate. Ho jwalo ke bolelletse mme hore ke qetetse ho ya matsatsing kgweding tse nne tse fetileng. Ekaba tliliniking ho etswa eng ntate?
    Ntsie: Moimana e mong le e mong o lokela ho ya tliliniking ya baimana ho ya hlahlojwa hore na boemo ba hae le ba lesea bo tsitsitse na. Le ho ya rupelwa hore o lokela ho ja le ho itshwara jwang ha o le mmeleng. O hlokomela ha o se o ile hore o ne o ntse o etsa diphoso tse ngata tse neng di ka ama lesea.
    Mamello: Oh ke a bona jwale. Ke ne ke ipotsa hore hobaneng mmangwane a ne a ya kgwedi le kgwedi. Jwale ke tla reng ha ke fihla moo?
    Ntsie: Se tshwenyehe. Ke tla tsamaya le wena. Wena o tlo fe mookamedi wa sekolo lengolo lena e le hore a tle a tsebe hore o tla lofa sekolo ka labone re tsebe ho ya tliliniking pele re aha serobe phiri e se e jele.
    Mamello: Ke tla etsa jwalo ntate.
    Ntsie: O bolelle mohlankana eno wa hao hore ke batla a tsebise ntatae ka boemo bona. Le ne le le babedi ha sena se etsahala. Le yena o tla lokela ho tsebisa batswadi ba hae.
    Mamello: Ke tla mmolella ntate.
    Ntsie: Tsamaya o ilo phomola o tsebe ho etsa mosebetsi wa hao wa sekolo. Ke se ke rapella feela hore mookamedi wa sekolo a se o tebele sekolong. Ke se ke itshepisa ka molao ona o motjha wa lefapha la thuto wa hore bana ha ba imme ba se lelekwe sekolong. Ke a tshepa re tla utlwana le mookamedi.
    Mamello a se arabe a mpa a ema setulong moo a neng a dutse teng a ya ka tlung.
    Tumi a hlaha monyako han kamora hore Mamello a kene ka tlung.
    Tumi: Le se le qetile ho bua na ntate?
    Ntsie: E, re qetile. Ako mphe pampiri le pene ke tlo ngolla mookamedi wa sekolo.
    Tumi a kgutlela ka tlung ho ya lata pene le pampiri.
    Tumi: Ke tsena ntate.
    Ntsie: Ke a leboha mme.
    Ntsie a kgwaritsa a ngolla mookamedi lengolo.

    Kopanong High school

    Private bag x23

    Leratong

    Mookamedi ya ratehang

    Ke ngola lengolo lena ka tshwabo e kgolo. Ha ke tsebe le hore nka qala kae ha e se feela hore ke phunye seso se tswe boladu. Ke kopa ho o tsebisa hore moradi wa ka Mamello ke moimana ya kgwedi di hlano. Mme wa hae o mmone hoseng hona hore o se a imme. Ha ke na bonnete feela o re monga molato ke Tatolo ya etsang kereiti ya leshome le metso e mmedi sekolong moo. Taba ena e sa le lehwetla ditsebeng tsa rona kahoo re nahana ho potlakela lesea re ise Mamello tliliniking ka Labone. Ke tla kopa ho mo lofisa ka letsatsi leno.

    Ke tla utlwa ho wena hore na o ka rata ha re tlo o bona ka seqo mono sekolong kapa tjhe.

    Ka boikikibetso

    Ntsie

    Ntsie: Le nke lengolo lena o hle o le kenye dibukeng tsa Mamello a se ke a le lebala.
    Tumi a nka lengolo a kena ka tlung.
    Ntsie: Jwale mona di eme ka lekwa di hana ho tshela. Kannete di hlwa lekgwara. Ekana ngwana eo wa ka o ne a kenwe keng ha a ilo ipha moshanyana ya seng a tiil hakale? Hona ha mookamedi a ka mo ntsha sekolong re tlo etsa jwang? Ke hore bana ba rona ha ba nahane ha ba etsa dintho hore di tla morao di teng. Ke hore re ntse re sa mmone hore o se a bile iphile mmele haholo. Ke hona ho se nahane. Banna!


    PONTSHO YA BOBEDI

    Ketsahalo ya pele

    Mamello o dutse moriting wa sefate o shebile banana ba ntseng ba bapala thokwana mane.

    Mamello o bua a le mong.
    Ke hore ke kgalletse ho ya tlola kgati le boDisebo. Ekaba ke ne ke etsang. Bona jwale ke se ke phela jwalo ka batho ba baholo. Ho bohloko kannete. Le bona ha ba sa batla ho bapala le ho tsamaya le nna sekolong mane. E se e ka ha se metswalle ya ka. Tjhe ke tshaba metswalle.
    Tumi: Mamello o duletseng moo haeka o hlorile tje? O hopotse kae?
    Mamello: Ke shebile thaka tsaka ha di bapala kgati mme. Ke hopola hore le nna nkabe ke le hona moo ke bapala le bona hoja ka se ke kai ma.
    Tumi: Hao mosadi, o tla ikotla ho fihlela neng? Ho se ho etsahetse hle mme re ke ke ra fetola boemo bo teng. Seo re lokelang hose etsa feela ke ho amohela. Le wena o lokela ho tlohella ho ngongoreha kaha o tla bakela lesea mathata. Ha se mara ha se ho fela. Ho tla loka.
    Mamello: Ke a leboha mme ka mantswe ana. Ke a tseba hore ke o swabisitse kaha le wena o ne o ntse o ena le ditoro le ditabatabelo ka nna. E ne e se morero wa ka hore ke o phoqe mme.
    Mamello o qhela dikgapha ka letsoho tse keleketlang marameng a hae.
    Tumi: Mamello, ke itse o tlohelle ho llela lebese le qhalaneng. Phumula dikeledi tseno o ye ka tlung o ilo phomola. Ke kgale ke o bitsa ke re o tlo ja. O lokela ho ja hantle bakeng sa lesea. Le wena o hloka matla hore o tle o se be le mathata.
    Mamello: Ke pelo e ntsho mme. Ke utlwa ke sa batle dijo hona jwale.
    Tumi: O tla lokela ho di qobella le ha o sa di hana ngwanaka.
    Mamello: Empa mme o bone hore maoba mona di ile tsa kgutla kaofela ha ke qeta ho ja.
    Tumi: Ke ditaba tsa boimana tsena ngwanaka. Di tla feta. Le nna ha ke ne ke le moimana ke ne ke sa je haholo empa ke ne ke rata papa le moroho haholo. Le wena o ke o leke ho bona hore na ke sejo sefe se dumelang ha o se ja.
    Mamello: Ke a leboha mme ke tla etsa jwalo. Mamello o bua jwalo a ema moo a neng a dutse teng. E re ke kene ka tlung mme.
    Tumi: Nna ke sa ya sedibeng. O bolelle ntatao ha a fihla mona hore ke kwahetse dijo tsa hae mme o tla di fumana tafoleng moo. Ke tla fapohela ha Maphoka pele ke fetela sedibeng. Ke batla a ke a nkadime sefe ya motoho.
    Mamello: Ho lokile mme ke tla o bona ha o kgutla. Nna ke utlwa boroko jwale. Ke tla sekama betheng ya hao.
    Tumi: Ho lokile.
    Mamello a hlwella betheng ya mmae a ya le sephume sa boroko.

    Ketsahalo ya bobedi

    Ke ha Maphoka, Tumi o ntse a kokota fela ha ho karabo. O kokota hape mme o hwelehetsa Maphoka.

    Tumi: Koko koko! Maphoka! Maphoka we!
    Maphoka: Ke nna enwa ka mora ntlo. Fetela ka mona.
    Tumi: Hao mosadi, o etsang kamora ntlo?
    Maphoka: Ke ntse ke pola mabele mosadi. Ke batla bana ba tle ba ilo sila hosane. Ke feletswe ke phoofo ya mabele.
    Tumi: Nna ke ile maobane ho ya sila.
    Maphoka: Oh! hana jwale moradi wa hao o ithwetse ke ka hoo o ikisang le sedibeng. Ao tje bana ba rona.
    Tumi: Re tla reng mosadi ha e se hona hob a fa tshehetso eo ba e hlokang. Ho se ho etsahetse kannete.
    Maphoka: Ke mmone maoba mona a feta mona a kgathetse haholo. Ekaba o se a tla kena tlung?
    Tumi: Tjhe! O se a e na le dikgwedi tse pedi pele a kena tlung. Hei mosadi ha ke dule le ho dula, ke ya sedibeng. Ke tlo kadima sefe ya hao ya motoho. Ke nepotse motoho mane lapeng.
    Maphoka: Ha ho bothata mosadi. Kena ka mono ka tlung o e nke leboteng moo ke e hakileng teng. Feela o re o ntse o ya jwang motho wa batho ka monna wa hao ya bohale ha kale? Ke ne ke o nahanne maoba mona ke ipotsa hore na ebe taba ena ya ho ima ha moradi wa lona e mo tshwere jwang. Ke a tseba hore na o tshabana jwang le moradi wa hae.
    Tumi: Hei mosadi! Ke tabatabelo ya motswadi e mong le e mong hore a bone moradi wa hae a kena sekolo a pasa a atleha. Empa he re a tseba hore monokotshwai ha o butswe ho latela lephako la tshwene. Monna moholo o ile a kwata haholo a ba a qeta matsatsi a sa buise Mamello empa kamora hore ke bue le yena a theola pelo. Taba e ileng ya mo kwatisa haholo ke ha a e utlwa e qoqwa motseng mona. O ne a nahana hore le nna ke ne ke tseba, athe ke ne ke sa tsebe letho jwalo ka yena. Ha ke bua tjena ke yena ya bileng a hlokomelang Mamello le ho mpheta. O bile a nka Mamello a re ba ye toropong ba ilo sheba diaparo tsa lesea. Ke ne ke maketse hampe mosadi (Tumi o a tsheha).
    Maphoka: O reng na mosadi? Na re bua ka Ntsie tje? Ke hore feela mosadi ha re hlokomele hore mehla e fetohile. Bana ba se ba lokela ho fuwa monyetla wa ho ikgethela seo ba batlang ho ba sona le ho se etsa. Ho kgethela bana kapa ho ba le tebello ya hore ba nyalwe e felletswe ke nako. Nka dumellana le wena ka ditaba tsa sekolo kaha bophelo ba matsatsi ana e se e le tjhelete. Empa le teng ho ka etsahala hore ngwana a be le kgwebo ya hae mme e atlehe haholo a ntse a sa ya sekolong ha lelele. A fana ka mesebetsi mme le yena a se batle ho hirwa. Batho ba bangata ba nahana hore bophelo ke ba ho hirwa feela. Athe ho itshebetsa ho ntse ho le molemo mme ho patala haholo.
    Tumi: Ke a bolella motswalle. Mehlolo e ya etsahala. Ke ne ke maketse tje jwalo ka wena. Wa tla wa mpula mahlo he ka ditaba tsa ho itshebetsa. Akere rona batswadi ba rona ba ne ba re bolella hore re lokela ho nyalwa. Re ne re tshaba ho bitswa mafetswa. Bobedi ba shwa ke ditsheho.
    Maphoka: Moo o nepile mosadi. Kgale re phela ka thata hle.
    Maphoka a tswelapele. E fela batho ba hola hle mosadi. Nna ke tshaba le ho o botsa ntse ke re ke tla thonkga maqeba. Ha ke nahane hore ditaba di boemong bona. Kannete ke a o lebohela mosadi. Ha se ba bangata ba ka utlwisisang tjena jwalo ka monna wa hao. Ho betere ha batswadi ka bobedi ba tshehetsa ngwana wa bona le ha a ba foseditse ha kaalo. Tshwarelo ke ntho ya bohlokwa. Tsena ke ditaba tse monate ruri.
    Tumi: Ho jwalo motswalle. E re ke o siye hle ke se fumane batho ba se ba tletse sedibeng.
    Maphoka: Ho lokile mosadi.
    Tumi a nka nkgo ya hae le sefe a tsamaya.
    Maphoka: Di a ja di a roba molekane haeba ke Ntsie ya nkileng ditaba tsena ka bobebe ha kana. Empa ke ditaba tse monate kannete. Ke ne ke ngongorehile habohloko ke ntse ke ipotsa hore na ekaba Tumi wa modimo o ntse a etsa jwang, athe ditaba di thekeng la tshwene. E se e ka batswadi ba bangata ba ka qopitsa taba ena mme ba tshehetsa bana ba bona ha phoso e se e etsahetse. Taba ena e nkgahlile haholo.
    E re ke tlohele ho bua ke le mong etswe batho ba tla nahana hore ke se ke ena le lefu la hlooho ke ye haka.

    Ketsahalo ya boraro

    Ke lapeng ha Tumi ho fihla Ntsie o fumana Mamello a ile le sephume sa boroko. O hwelehetsa Tumi. O hlwedisa monyako mme ha ho motho ya arabang. O hwelehetsa Tumi le Mamello.

    Ntsie: Helang banna, ha ho motho ka moo? Tumi! Haeka lemati ha le a kwalwa tje feela ho se motho, ekaba mosadi eo o etsang? Hona Mamello yena o kae? Tumi! Mamello! Ntsie o potela ka mora ntlo ka ho nahana hore o tla bona mosadi le moradi. Helang banna! Na ha se meleko ee? Hosane ba tla re ba utsweditswe ba ntse ba siya ba butse mamati tjena.
    Thokwana mane ho tla Tumi a tsamaya a rwetse nkgo ya metsi a potlakile. O hlokomela hore Ntsie o ntse a tsomana le ho hong mme o mo hwehla ka letsoho.
    Tumi: Ntata Mamello! Ana o ntse o sheba nna?
    Ntsie: O re ke ntse ke sheba wena le siile mamati a le phenyenye moo. Ha mashodu a ka kena moo a alola sohle o tla reng? Hobaneng o siya o butse mamati ha o ya sedibeneg? Hona Mamello o kae?
    Tumi: Butle hle mokwena, ha ke a siya mamati a bulehile phenyenye. Ke siile Mamello lapeng mona ka ba ka re a o botshe moo dijo tsa hao ke di kwahetseng teng.
    Ntsie: Kannete o bapala ka mathe metsi a le teng. O reng? O siile o kwahetse dijo empa o sa kwala mamati? Haekaba motho o ntshelletse tjhefo moo o tla reng? Nke ke ka ja dijo tse siuweng ka tlung e sa kwalwang nna.
    Tumi: Ntate ke ntse ke re ke siile Mamello mona. O ne a kena ka tlung ha ke tloha. Na o mo shebile ka moo? E re ke bone.
    Ntsie: Ke hweleheditse ha ke fihla mona mme ha ho kaba haeba le motho ya nkarabang.
    Tumi: Empa Mamello ke enwa betheng moo a robetseng teng. Ao tje ntate. Ha o wa kena ka tlung ho sheba.
    Ntsie: Hao, Mamello o a shwa ha a robala? Ke entse lerata ha ke fihla mona. O bolela hore ha a nkutlwa le ho nkutlwa? Ke mehlolo kannete. Kapa ngwana eo o a ntsofatsa?
    Tumi: Ke ne ke maketse hoba ke tlohile mona a ntse a mpolella hore o utlwa a kgathetse. Ke ne ke ipotsa na o ile kae athe ha se le motho ya ratang ho tsamaya kapa ho tjhaka matsatsing ana.
    Ntsie: Ntsholele nna ke shwele ke tlala.
    Tumi: Ke itse dijo tsa hao ke tseo moo ke di kwahetseng. Akere o a bona hore Mamello o teng jwale ha ho motho ya keneng.
    Ntsie: Le ho leka. Ya shweleng eo? Le hona jwale o ntse a sa re utlwi ha re bua. Ha e kaba motho o kene moo. O atseba hore ken a le dira tse ngata motseng mona. Ha ke batle ho ikwahlaya nna. Ntsholele dijo tse ding. Tsena o tla di fa dintja.
    Tumi o tshehela hodimo hape o opa diatla.
    Tumi: Itjhuu! Ka tla ka qaboha. Jwale ntate o re dijo tsee di fapana jwang le tse ka dipitseng? Ha o nahane hore sera see sa hao se ka tshela tjhefo le ka dipitseng? Ha se sentse se batla ho o bolaya se ka o bolaya le tseleng moo o tsamayang teng haholo ha o rata ho tsamaya le masiu tjena.
    Ntsie: Ako ntsholele o tlohelle ho bua. Ke itse ke a shwa ke tlala hle.
    Tumi: Ho lokile ntate Tumi o bua a beha nkgo fatshe le sefe eo a tswa e kadima. O fetela rakeng o ntsha sejana o se beha tafoleng ha a qeta o nka dipitsa o tsholela monna.
    Tumi: Dijo ke tsena mokwena.
    Ntsie: O a bona hee. Motho ha a re o lapile o mo fe dijo o tlohele ditaba. Ntsie o nka kgaba o hlaba hlaba papa o sheba mosadi. Hana moo motho ha a sa batle metsi a ho hlapa matsoho a ka se a fuwe?
    Tumi: A kere ntate ha o wa mpha le sebaka sa ho beha metsi fatshe o ne o se o ntse o le ho nna ka ho se kwale lemati le ho o tsholela. Ke ne ke tla lata basekomo neng?
    Ntsie: Le jwale o sa ntse o bua ha o lokela ho mpha metsi ke hlape matsoho.
    Tumi o tswela ka ntle ho ya lata basekomo mme o kena e ka o a betsetswa o fihla a tshela metsi a ketleleng e setofong basekomong a fa monna hore a hlape matsoho. O boetse o lata lesela le tla hlakola metsi matsohong a monna.
    Tumi: Lesela ke lena ntate.
    Ntsie: O a bona. Jwale enwa ke mosadi wa ka eo ke mo nyetseng.
    Tumi o nka basekomo o tswela kantle ho ya qhala metsi.
    Tumi: Ntate, re lokela ho ya kopanong ya rona le mookamedi wa sekolo. O se ke wa lebala o ile re ilo mmona hosane.
    Ntsie: Be! Ke ne ke se ke lebetse. O kgopoditse hantle. Ke ile ka re mptjwang ptjang le yena lebenkeleng mane a mpotsa na re ntse re ya jwang lapeng mona kamora ditaba tsa moradi.
    Tumi: Oh! Wa mmolella hore le ha ho bile boima empa re amohetse?
    Ntsie: Ke mmolelletse jwalo mme a re tsohle re se re tla di tshohla mane sekolong ka letsatsi la kopano ya rona.
    Tumi: Ke a ipotsa na o ilo re bolella di fe tse fetang tseo re seng re di tseba.
    Ntsie: Re tla utlwa teng. Ke sa batla hore kgalo, ka thabeng ka mane ke ilo sheba na bashanyana ba ntse ba ya jwang. Ke utlwile ba re kgomo ya ne e kgolo, Kgubedu e bonahala e robehile leqaqailana. Ba re e a hlotsa mme e ruruhile.
    Tumi: Ao! leqheku la batho. E kaba e tla fola? O tsebe ho hola le hona ho baka mathata. Masapo a se a tiile mme ho boela a kopana ke bothata.
    Ntsie: Ha re tshepe ha ho hobe hakaalo. E re ke hle ke itahle. Ke tla le bona hamorao.
    Tumi: Ho lokile ntate.

    Ketsahalo ya bone

    Ke hoseng Mamello o ya sekolong mme o kopana le Tatolo hang ha a tswa ka keiti.

    Tatolo: Dumela Mamello. O tsohile motsheare kajeno. Molato?
    Mamello: Ke tsohile ke se monatenyana tjena jwale ka dieha ho itukisa.
    Tatolo: Molato? Ho hana kae?
    Mamello: Ke ne ke ena le lehlaba ka mokokotlong empa mme a re ke tlameha ke robetse habohloko. Ke utlwa le le betere hona jwale.
    Tatolo: Mohlomong le baka ke ho touta. Na ha ho jwalo?
    Mamello: Ke toutang abuti Tatolo?
    Tatolo: Ke a tseba hle hore taba ena ya ho ima ha e ya o tshwara hantle. Ke ye ke o bone le ha o tadima metswalle ya hao ha e ntse e bapala mokou mane sekolong hore o tshwenyehile.
    Mamello: Moo teng o bua nnete abuti. Le maobane ke ne ke ba shebile ha ba bapala mane patlollong. Ka hopola hore pele ke ima ke ne ke bapala hamonate jwang.
    Tatolo: Ke maswabi hore ebe ke o fetotse mme o e so be dilemong tsa ho ba mme. E se e ka o ka ntshwarela hle.
    Mamello: Ho lla ha ho thuse abuti Tatolo. Ho se ho etsahetse. Seo re ka se etsang ke ho amohela fela.
    Tatolo: Ke lebohela ha o ntshwaretse.
    Mamello: Abuti Tatolo, ke kopa ho o botsa hore na o se o tsebisitse batswadi ba hao na? Ntate o mpotsitse maobane mme ya ba ke re ke tla o botsa kajeno.
    Tatolo: Ho bua nnete ha ke so tsebise ntate. Ke sa ntse ke nahana hore na ke tla qala kae. Ha ho motho ya sa tsebeng hore na ntate ke motho ya jwang. Ke a tseba hore o tlo halefa jwang ha a utlwa.
    Mamello: Jwale re tla fella kae ha o sa mmolelle?
    Tatolo: Ha ke re ha ke na ho mmolella. Ke mpa ke re ke sa loha mano a hore na ke tla mo hlaha ka kae.
    Mamello: Ha o bolelle mme wa hao keng?
    Tatolo: Mme o tshaba ntate hampe. Ke a tseba o tla re ke itjwetsetse ntate.
    Mamello: Empa ha o bone ho le betere ha ho na le motswadi ya tsebang?
    Tatolo: Le moo o ntse o bolela. Empa ke ne ke ena le monahano o mong.
    Mamello: Ke monahano o fe jwale?
    Tatolo: Wa hore ntate wa hao a ise molato ho ntate. Ka tsela eno e tla ba bobebe. Ke a tseba o tla mpitsa a mpotse. Ke moo ke tla mmolella nnete.
    Mamello: Ha ke tsebe hore na ntate o tla reng. O batla ke mmolelle hore o kopa a ise molato ho ntate wa hao?
    Tatolo: Ke a kopa hle. Taba ena le nna ha e ntjese ditheohelang. Le jwale thapelo ya ka e ile ya arabeleha ha mme wa hao a ne a o hlokomela hore o imme.
    Mamello: Jo! abuti Tatolo, athe o ne o nthapella hore ke tshwarwe? Na o a tseba hore mme wa ka o ile a lla ho jwang? A re ke sale monyenyane na ngwana ke tlo mo etsang. O ne a sa dumele feela a bona hore ke imme. Le yona taba ya hore ke ne ke ntse ke mo kopa tjhelete ya ho reka diphetse o ne a sa hlokomele hore ke ntse ke mo roka mahlwana naketsana.
    Tatolo: Ke ka hoo ke neng ke rapella hore a mpe a o bone pele re aha serobe phiri e se e jele. Ho se ho le betere hore o fumana tshehetso ho tswa batswading ba hao ebile o e hloka e le kannete. Le nna ke o tshepisa ho o tshehetsa ka hohle ka moo nka kgonang.
    Mamello: Teng nke ke ba bua leshano. Ke ne ke sa nahana ntate o tla ba bonolo tjena. Ebile motho ya ileng a nkomanya ke mme. Ntate eitse ha a utlwa a re phoso e se e etsahetse ha ho se ka etsollwang. Esale ke sa tshepe ke nahana ho na le mohla a tla nkomanya. Le ho leka.
    Tatolo: Ha o tsebe na taba eno e nthabisa jwang. Ekare ntate a ka bona hore na Ntate Ntsie o lerato ho jwang.
    Mamello: O tsebe o ntlela le ditholwana mehlaena ha a tswa mosebetsing. O re ke lokela ho ja ditholwana le meroho. O sa hopola ke yena ya nkisitseng tliliniking re siile mme hae. Ke ne ke maketse le hore o a tseba moo ke lokelang ho ya teng.
    Tatolo: Kannete ha ke tsebe na nka mo leboha kang. Ke a ipotsa hore na re ka be re le ba mang ho ja o tshwana le ntate. Ntate ke leshokgwa o baba he!
    Mamello: Ke mo tshaba ke sa dule le yena. Mamello a tsheha.
    Tatolo: Ke ntatao matsale eo. O tla mo tlwaela.
    Bobedi bo a tsheha.
    Tatolo: Hela pele ke lebala hape, ke bona o se o tsamaya o le mong ka dinako tsa dijo mane sekolong. Ho etsahalang ka Mmampe ha le ne le le mathe le leleme?
    Mamello: Ha ke tsebe hore na re qabantswe ke eng. Le ha ke mmitsa ka sehlopheng ha a nkarabe. Ke bile ke kgaohane le yena.
    Tatolo: O nahana mohlomong ke hoba o imme?
    Mamello: E kanna ya ba ho jwalo. Ehlile hore ba tsebe sehlopheng sa ka ke ha ke bona a se a mphetohela.
    Tatolo: Ke motswalle ya jwang tjhe? Motswalle wa hao o wa o tsoha le yena e seng ha bothata bo le teng ebe o a mo hlanohela.
    Mamello: Ke tla reng kannete. Ebile o tlohile le pelaka moo a neng a dula teng. O se a dula tafoleng e ka morao. Ke ipotsa feela hore na ebe setswalle sa rona se fedile na.
    Tatolo: Kgaohana le yena ngwana batho. Ha se moo re se re fihlile sekolong. Nka mokotla wa hao re tla kopana ha sekolo se etswa.
    Mamello: Ho lokile abuti Tatolo.
    Mamello o nanabela mokotla wa hae mme o o jara ka mahetleng o leba sehlopheng sa hae.


    PONTSHO YA BORARO

    Ketsahalo ya pele

    Ke hoseng Tatolo o eme thokwana le ha boTumi o shebile teng o emetse Tumi. O ntse a bua a le mong.

    Tatolo: Ke hore ke entse sono ka ngwanenwa wa batho. Ke ipotsa hore na batswadi ba hae ba tla tsebisa batswadi ba ka neng hore re se re entse diphoso. Ke hore motho le dijo di hana ho theohela ha ke hopola hore na ntate o bohale jwang. Feela ke tla wa ke tsohe le Mamello hoba re entse ditaba tsena mmoho. Leha ntate a ka nteleka ha hae, ke tla tsamaya le Mamello. Ho se ho le betere hore batswadi ba hae ba tseba mme ha ba mo leleka. Ekare le nna ba ka ba ka be ba se ba tseba hle. Ka nako e nngwe ha ntate a ntadima ekare o bona ka hare ho nna hore ke tshwenyehile. Ke hopola a mpotsa maoba mona hore na ke toutang e le hoba esale ke inamisa hlooho. Ke ne ke sa hlokomele hore e se e le nako ke imame. Ke hore le sekolong ha ke sa kgona ho tsepamisa maikutlo a ka dithutong. Ke ipotsa hore Mamello yena o jwang.
    Be! Moratuwa, ha ke o hlokomele hore o se o le pelaka mona. Ke bua ka pelo ke ka hoo ke sa o lemohang.
    Mamello: Hao abuti Tatolo, ebe molato keng?
    Tatolo: Kannete o botsa molato ngwana batho o ntse o tseba hore re sa le ka hara kgehlepe ya taba? Ekana ntate Ntsie o tla tsebisa batswadi ba ka neng? Kapa motho o itete sefuba o ba bolelle?
    Mamello: Kannete ha ke tsebe. Feela maoba mona ke utlwile e ka ba bua ka yona. Ke utlwile ba ntse ba botsana hore ba ba ka roma mang ho isa molato.
    Tatolo: Ke bona ba ntiehela hoo. Ke batla hore ba phunye seso se tswe boladu ke tle ke okane le leqeba le setseng. Ha seso se sa fehla boladi se dieha ho fola.
    Mamello o a tsheha.
    Mamello: Motho e kare o o lebetse ka maele ana a hao. Eba le mamello hle ho tla loka.
    Tatolo: Taba ena ha e nthobatse Mamello. Ke bala bala nyene le bosiu. Ke batla hore ke phutholohe ke o fe tshehetso eo o e batlang. Ke batla ke tle ho wena lapeng ha o ntlhoka. Ke a tseba hore ha o sa bapala le banana ba mona motseng. Ke boetse ke a tseba hore metswalle ya hao e o fetohetse esale o ima. Ke lokela ho ba le wena ho ofa tshehetso. O tsebe hore ha o mong.
    Mamello: Ke a tseba hle abuti empa re tla reng hoba re lokela ho emela batswadi?
    Tatolo: Ke a utlwa feela ho boima moratuwa. Ha ke rate ha ke o bona o se o le motwaitwai.
    Mamello: Ke se ke amohetse hore metswalle ya ka e mphetohetse.
    Tatolo: Ke batswadi ba bona ba itseng o mohlala o mobe mme ba se hlole ba o bona le bona.
    Mamello: Kannete abuti? O utlwile ka mang?
    Tatolo: Ha re tlohelle dintho tse tla o utlwisa bohloko re potlakele sekolong. Hora ba borobedi e se e tla otla. Mphe mokotlana wa dibuka ke o nkise.
    Mamello: Ha ke hlokomele hore e se e le motsheare tjena. Ha re hatise re se fihle lata.
    Tatolo: Bona na ho bua mang? O a tseha
    Mamello: Mang? Nka matha nna hona jwale. O nahana hore o ka ntshiya?
    Bobedi ba shwa ke ditsheho.
    Tatolo: Ho lokile mofumahadi o ka ntshiya he. Ke mpe ke amohele. Empa o se ke ba wa lla ka lehlaba jwalo ka maobane.
    Mamello: Hao, o sa hopola ditaba tsa maobane? Maobane e fetile, re bua ka tsa kajeno. Lebala ka tse etsahetseng maobane. Hape ke ne ke o bolelletse hore ke ne ke nwele metsi a mangata.
    Tatolo: Ke se ke thotse he. Ditaba ke tsa eng ngwetsi e sa ngala?
    Mamello: O so qadile hape ka dilotho tsena tsa hao.
    Tatolo: Tjhe bo! Ke mpa ke re ho lokile re habele pele moo ho tjhang teng.
    Mamello o tadima Tatolo ka pososelo.
    Mamello: Ke hore ke mpe ke busane le mookamedi wa sekolo hore a o fe mosebetsi wa ho re ruta Sesotho. O fela o se tseba e le nnete.
    Tatolo: Etsa jwalo hle motlatsi wa mookamedi. Nka thaba haholo ho fuwa mosebetsi wa ho ba titjhere.
    Mamello o a tsheha.
    Mamello: Jwalo ke se ke le motlatsi wa mookamedi? Ao tjhe mehlolo ke dinoha mesenene ke batho.
    Tatolo: Ke tla reng o qeta hore o tla buisana le yena a mphe mosebetsi? Ke re kaba o motlatsi wa hae.
    Tatolo o pholla hlooho ya Mamello ya itopodisitseng.
    Mamello: Ho lokile o mphoqe jwalo.
    Tatolo: O bua ka nna? Lekgale ke phoqa pabala ya ka. Mme wa ngwana wa ka? Thope ya kweneng. Seponono se dikoti marameng. Ngwanaka ha o tsheha ponto di ya wa. Ako bone meno ana eka phopi ya lebese. Ke a shwa ke a ikepela ho wena mona. Nka o phoqa jwang sephalaphala sa ka?
    Mamello a bososela ha a utlwa theneketso.
    Tatolo: Dikwata di hosha ka dimpa ha di o bona ngwanaka. Boholo ba lora o le wa bona. Ke lehlohonolo hara banna ke fumaneng silatsatsi se tjena ka wena. Ke bua ka Thakane wa tshomong. Ha o ka duka metsi nka a nwa. Ngwananyana ya tlhaku ya tekwane.
    Mamello: Jo abuti Tatolo, molato keng? Wa ntheneketsa ha kaale molato? Difela tsee tsa lerato di tswa kae? Ha ke tsebe hore o kgeleke e tjena.
    Tatolo: Hao Mamello, o ntse o nahana hore ke lepepele nna? Athe ha o ntsebe tje?
    Mamello: Atjhe ke ntse ke re ke a o tseba athe ke ntse ke ithetsa. Tsatsing lena ke o tsebile he. O kgeleke sebele. Jwale ke a bona hore na keng o nqhekanyeditse.
    Mamello a tsheha.
    Tatolo: Bua nnete Mamello. Ha ke a o qhekanyetsa. O jele tsuo.(Tatolo a shwa ke ditsheho) O bone hore banana ba ne ba shwa ba ikepela ho nna mona. Ke hopola hantle hore ha ke ne ke o fereha ha o kaba ba ntshenyetsa le nako.
    Bobedi ba shwa ke ditsheho.
    Tatolo: Ke ne ke tla bona pososelo e tje neng? Ako bone kgotso e kana. Nka mokotla wa hao o ye sehlopheng sa hao. Bona kamoo mookamedi wa sekolo a re shebileng ka teng. Ke a tshepa ha a nahane ho re bitsa. Re tla kopana mane lebaleng ha sekolo se tswa.
    Mamello o nanabela mokotla mme o fetela sehlopheng sa hae. Tatolo le yena o kena ho sa hae.

    Ketsahalo ya bobedi

    Ke sekolong tshepe ya ho qetela ya lla e lokollang barutwana ho ya hae. Mamello o bitsa e mong wa metswalle ya hae Mmabatho ya mme yena o mo nyemotsa feela.

    Mamello: Hao, ebe Mmabatho o nahana hore ke mo isa kae ha a nnyemotsa ha ke mmitsa. Ebe buka ee ya hae o re ke e etse jwang athe titjhere Thabo o itse ke mo fe yona? Ke tla e siya hona mona tafoleng ya hae. Akere ke mmitsitse ya ba ha a nnatse. E re ke nke mokotla wa ka ke tsamaye. Ke nahana hore abuti Tatolo o se a nkemetse. Tatolo o eme lebaleng o ntse sheba nako kgafetsa. E se e lemetsotso e mashome a mabedi a emetse Mamello. O qala ho ngongoreha. Mamello a hlaha a hata butle.
    Tatolo: Wa dieha bo mofumahadi. Ke batlile ke ilo o sheba. Molato wa ho dieha?
    Mamello: Tshwarelo hle abuti Tatolo. Ke ne ke emetse Mmabatho ke re ke ilo mofa buka eo titjhere Thabo a itseng ke mo fe yona. Ke ne ke mo emetse ka phaposing ya rona a ile ntlwaneng.
    Tatolo: Ke ne ke se ke maketse. O mo file jwale?
    Mamello: Ha o na kgolwa na o entseng ha ke mmitsa.
    Tatolo: A tadima Mamello a sosobantse sefahleho. Bua hle ke utlwe.
    Mamello: He! Wa sosobanya sefahleho tje molato?
    Tatolo: Bua na o itseng pele.
    Mamello: Ke ha a nnyemotsa jwalo ka dijo tse bodileng e ka ha a ntsebe le ho ntseba.
    Tatolo: A se ke a bua letho?
    Mamello: Tjhe, ha a bua letho o nnyemoditse a nto tswa.
    Tatolo: Ho betere haeba o kwetse molomo ono wa hae. Ke yena eo ke utlwileng hore o ntse a re mme wa hae mme Maditaba o itse a tsamaele thoko le wena. Ke re kaba o buile ntho e o utlwisitseng bohloko.
    Mamello: Tjhe ha a bua. Oh jwale ke a utlwisisa hore hobang matsatsing ana a sa batle le ho dula pelaka sehlopheng sa dipalo. Re ne re tlwaetse ho dula mmoho re sebetsa dipalo le yena.
    Tatolo: Ke yona ntho eo ke reng ke lokela ho ba le wena ke o fe tshehetso. Ke batla metswalle ya hao e swabe. Ha ke tsebe hore na ha e se bona ba tlo hlokomela ngwana mathata a bona a ho kae?
    Mamello: Ke hore o mputse mahlo jwale. Ke ne ke ipotsa dintho di hana ho fela.
    Tatolo: Ho tla loka Dimame wa ka. Tsena tsohle di tla feta jwalo ka toro. Rona re lebohe feela hore re fuwe monyetla wa ho kena sekolo. Bohle re a tseba hore e kgoptjwa e le maoto mane. Etswe se sa feleng se a hlola. Re tla o theoha moepa ona.
    Mamello: Ke a leboha ka mantswe a kgothatso abuti. Ruri le nna ke ipona ke le lehlohonolo ho kopana le motho ya tshwanang le wena. Mme o ne a mphetela dipale tsa banana ba lahluweng ke bahlankana ba imme.
    Tatolo: Jo! Nahana hle eba sono jwang ka bana ba batho. Hobaneng o ka etsetsa ngwana motho ngwana ha o qeta ebe o a mo lahla kapa ha o dumele hore ke wena ntata ngwana? Ke bokgopo bo tswelelletseng.
    Mamello: Ha ke batle le ho e nahana eno.
    Tatolo: Potso ya ka ke hore na motho o wa ba ntsa kenekene ngwana batho ka eng ha ere ha mathata a hlaha ebe o a baleha.
    Mamello: Ke ho baleha boikarabello le ho hloka pelo.
    Tatolo: Na nka o kenya ka tlung kajeno haeka re se re atametse ha kaale?
    Mamello: Bathong! Ke hore moqoqo o entse hore ke se bone le hore re se re kene lapeng.
    Tatolo: Le nna ke hona ke hlokomelang hore re fihlile. Ehlile taba ena e lokela ho potlakelwa. Ngwana a ke ke a hlaha ke ntse ke kgutla tseleng. Ke batla ho ba wa pele ya tla bona lesea la rona le ho le sika ka ana a ka matsoho.
    Mamello: A shwa ke ditsheho. Ke hore ha o wa tata lekgale. E se kaba o se o lebetse hore ke hona ke leng dikgwedi di nne.
    Tatolo: Hao, nako e e sutsa ha kaakang? Nna ke tatetse ho bona sa ka setshwantsho ausi. Ha ke tsebe wena.
    Mamello: O tla se bona ha nako e fihla. E re ke o tlohelle o tsamaye. Re tla kopana ha bo esa.
    Tatolo: Ho lokile mmabana. Ntumedisetse mme wa hao


    PONTSHO YA BONE

    Ketsahalo ya pele

    Ke mantsibuya Ntsie o dutse mollong le Tumi ba qoqa. Mamello o ntse a ja apole.

    Ntsie: Mamello, na o buisane le Tatolo jwale?
    Mamello: Ke busane le yena ntate.
    Ntsie: A re o tla tsebisa batswadi ba hae neng haeka metsotso e ja mabedi tje?
    Mamello: O kopile hore ke o kope hore o ise molato ho ntate wa hae kaha a tseba hore na ntate wa hae o tlo halefa ho jwang. A re ho betere ha ho iswa molato kaha yena a tla be se a dumela.
    Ntsie: Ha se mehlolo ee? O ne a ntse a etsang ha ele moo a tshaba ntatae tje? Wena o itse ha o re tshabe ho yena?
    Mamello: Tjhe ntate. Ha ke a realo.
    Ntsie: Jwale keng ha a re nna ke ise molato empa e le yena monga molato. Akere ke yena ya tlamehang ho nka boikarabello e seng a bo fetisetse ho nna.
    Tumi: Nna ke a mo utlwela ngwana ntate. Bene ke mollo le sebabole ntate. Le wena o a mo tseba. A ka tlatsetsa bana lerata ra makala.
    Ntsie: Le wena o dumellana le taba ee ya hae na?
    Tumi: Ngwana o entse kopo ntate. Ke kopa o e sekehele tsebe.
    Ntsie: Ho lokile re tla bona na re etsa jwang. Feela nna ha ke re ke batla ngwanaka a nyalwe. O sale monyane o sa lokela ho kena sekolo. A ke ke be a phethisa tsa lenyalo a sa ntse a ithuta. Di boima tsa lenyalo ngwanaka. Bobedi ba lona le sa le banyenyane le sa hloka tataiso ya batswadi.
    Mamello: Ke a utlwa ntate.
    Tumi: Ntatao o a bolela ngwanaka. Ke rona feela re neng re nyalwa re sa le banyane. Lona le lokela ho ithuta le tsebe ho phela. Bophelo ba matsatsing ana ha bo sa tshwana le ba rona. Rona ho ne ho lengwa masimo dijo di le ngata ho ruuwe le diphoofolo nama e le ngata. Matsatsing ana ntho e nngwe le e nngwe ke tjhelete.
    Ntsie: Le basadi ba ne ba sa ye mesebetsing. Ke banna ba neng ba ya merafong ho ya sebeletsa basadi. Kajeno ke tekatekano ngwanaka. O ke ke wa dula fatshe wa re monna a ilo o sebeletsa. Le lokela hore bobedi le ye mosebetsing. Ruri ke dinako tse thata tsena.
    Mamello: Nna ke se ke kgathetse ke kopa ho ilo phomola (Mamello a ema setulong a ntse a idimula).
    Tatolo: Tsamaya ngwanaka o ilo phomola.
    Tumi: Ntata Tumi, o sa hopola hore mookamedi wa sekolo o re bitsitsa ha bo esa?
    Ntsie: Hana e se e le hosane? Ke ne ke se ke lebetse.
    Tumi: Nna ha ke lebale hoba esale e ntja ha re fumana pitso ena ya hae.
    Ntsie: O jewa keng na mme?
    Tumi: Ke touta hore na ha a tlo re ngwana wa rona a dule a se ye sekolong na.
    Ntsie: Hana wena o letswalo e kang la nonyana. Kana ke a o lebala.
    Tumi: Ha se taba ya hoba letswalo e kang la nonyana ntate. Taba ena e ntjha ho rona. Ha re so be le ngwana ya imang a sa le sekolong. Kapa ka utlwela metswalleng e bileng le bothata bo jwalo.
    Ntsie: Nna ke re o tlohelle ho itoutisa re emele ho utlwa ho tswa ho mookamedi wa sekolo hosane.
    Mamello: Ke a utlwa empa ho thata.
    Ntsie: Ha ekaba o ntse o itoutisa feela moo athe o mpa o tsheba moru o senang nkwe o tla reng?
    Mamello: Ho tswala ho buima ntate.
    Ntsie: Nna ke re re tla tshela borokgo ha re fihla ho bona. Ako ntshelle tee ke phoke ke tle ke ilo phomola.
    Mamello o a ema o nka ketlele rakeng o tshela mokotla wa tee le metsi a belang a mollong oo ba o orileng. O bula raka o nanabela kopi, tswekere le lebese la phoofo. O tshela metsi a belang koping o oka terei o neheletsa Ntsie.
    Mamello: Tee ke ena ntate.
    Ntsie: Ke a leboha mme. Hana mookamedi o itse re tle re mmone ka nako mang?
    Mamello: O itse ka hora ya leshone le metso e mmedi.
    Ntsie: Ha ho le jwalo ke tla qala masimong. Ke batla ho kotula dinawa tsane pele serame se tla. Nka senyehelwa hampe.
    Mamello: Ke tla theoha le wena hore re tle re etse kapele. Lenkorota leno le le nyane. Le ka re nka dihora tse tharo feela. Ha re ka theoha ka hore ya bosupa re tla be re kgutlile ka hora ya leshome mme re itokisetsa ho ya sekolong.
    Ntsie: Ho jwalo. E re ke phoke tee ena re ilo phomola. Re lokela ho tsoha re le mahlahahlaha.
    Mamello: E re ke ntshe paola ena ke be ke time mollo ona o se ke wa tjhesetsa.
    Ntsie: Ho lokile. Ke tla hlaha sakeng mane ke shebe hore bashanyana bana ba kwalletse diphoofolo hantle na. Kopi ya hao ke ena. Ke a leboha ka tee.
    Ntsie o tswa monyako a nkile molamu wa hae. Tumi o nka kgarafu ya sekopo o ntsha paola. O fihla a e beha kantle a nka metsi a tshela metsi.
    Ntsie o kena monyako ho tswa sakeng.
    Tatolo: O tseba ha ke fumana Tshemedi e tlotse lesaka. Ka lehlohonolo ke itse ba e rope le ha e ntse e le ka sakeng. Ke hore kgomo ena e na le mehlolo ruri.
    Mamello: A kore hoja ha o wa ya ho ya e sheba. Mohlomong e ne e tlo kgaola le mohala ono.
    Ntsie: Kannete ke lehlohonolo hore ke ile. Nahana lekgeba lane le moreneng. E ne e tlo iphepa ka lona bosiu bohle.
    Mamello: Nahana na re ne re tla lefa bokae?
    Ntsie: Tseo ha di sa buuwa. E re re tlohelle ho ingamangama ka se sa etsahalang re ilo phomola.
    Ntsie le Mamello ba kena kamoreng ya ho robala mme ba robala.

    Ketsahalo ya bobedi

    Ke sekolong, Ntsie le Tumi ba eme monyako wa mookamedi wa sekolo ba ntse ba kokota. Ho hlaha mongodi wa mookamedi wa sekolo o ba bulela lemati.

    Mongodi: Dumelang batswadi. Mookamedi o sa na le kopano e kgutshwanyane le titjhere o tla ba le lona ka sebakana. Ke se ke mo tsebisitse hore le se le le teng.
    Ntsie: Re a leboha ausi. Botle ke ho fihla ka nako mme re fumana a ntse a le teng.
    Mongodi: Ana nka le phomosetsa senomaphodi kapa kofi?
    Tumi: Nna nka thabela kofi ausi.
    Ntsie: Ke tla thabela senomaphodi. Ho futhumetse ka kantorong ena ya hao. Kofi e ka mphufuletsa hampe.
    Tumi: O a tshaha. O ntse o sa e rate tje kofi ntate.
    Ntsie: Ha ke kopane le ntho e tlo ntjhesa leleme nna.
    Tumi: Empa o ka e tshela lebese le batang akere.
    Mongodi: Senomapodi ke sena ntate. Ke tla tlisa kofi ya hao mme ke sa bedisa metsi.
    Tumi: Ha ho bothata ausi. Ke tla ema.
    Ka mora nakwana mookamedi wa sekolo a hlaha monyako le titjhere. Titjhere ya dumedisa ya tshwara Ntsie le Tumi ka matsoho ya nto itsebisa hore ke titjhere ya moradi wa bona.
    Mookamedi: Dumela mme le ntate. Ke a le amohela mona sekolong. Le ka kena ka ofising ya ka. (O bula lemati mme o ba bontsha moo ba tla dula teng.) Mongodi o tla a tshwere terehi ya kofi ya Tumi.
    Mongodi: Kofi ke ena mme. Tshwarelo ka ho nka nako e telele. Ke hona ke neng ke hlokomela hore tswekere e a fokola. Ka lehlohonolo ke fumane ya matitjhere e ntse e le ngata.
    Tumi: Se kgathatsehe hle ausi. Ha feela mookamedi a ntumella ho e nwella ofising ya hae, ha hona bothata.
    Mookamedi: Tjhe mme, ha ho bothata o ka e phokela hona ka ofising ka mona. Ke kopa o kwale lemati ha o tswa.(Mookamedi o bolella mongodi).
    Bohle ba dula fatshe ho kenyeletsa le titjhere.
    Mookamedi: Ke boele ke le dumedise le ho le amohela kwano. Ke maswabi hore e be ke hona ke kopanang le lona kamora hore le nketele ka ho tla ntsebisa ka ditaba tsa moradi wa lona. Ke sa le leboha le jwale hoba ha se batswadi ba bangata ba emang ka maoto ho tla kopana le rona ha bothata bo se bo hlahile.
    Ntsie: Hao mookamedi, ebe motswadi ha a sa tle ho wena ha bothata bo se be le teng o a be a nahana jwang? Ekare ke touta nyene le bosiu hore na ebe moradi eo wa ka ha a ka tsietsana a le sekolong moo nka etsa jwang?
    Mookamedi: Ke bua nnete ntate. Ke bolella batswadi ka dinako tsohle hore thuso ke pitsa e maoto a mararo. Maotong ana a mararo ho teng motswadi. Empa ha o bone batswadi ba e ela hloko taba ena. Ha ba utlwisisi bohlokwa ba ho kenya letsoho thutong ya bana ba bona. Ba nahana hore ha ngwana a e ya sekolong ha bona ke ho lefella tjhelete ya sekolo feela.
    Ntsie: Ah! O ntlhotse jwale. Nke ke ka o hanyetsa hoba le nna ke tlisitswe ke mathata. Pele ho mathata ke ne ke sa tle mona sekolong. Ke hona ke ithutang hore thuto ke pitsa e maoto a mararo. Mosotho o re thuto ha e tsofallwe. Re sa ithuta le jwale.
    Tumi: O nepile ntate. Le nna ke ithutile jwale. Ke hore ha ho ntho e mpe e senang molemo. Re ka be re sa ithuta hore re lokela ho nka karolo thutong ya bana ba rona. Nna ke nahana mosebetsi wa rona le ho lefa tjhelete ya sekolo ebe tsohle ke tsa matitjhere le mookamedi.
    Titjhere: Le rona re hloka thuso ya lona mme. Re hloka ho dula re buisanang tsa tshebetso ya bana ba lona le hore le re thuse ba etse mosebetsi malapeng. Ha re ne re sebetsang hammoho, ke a o tiisetsa bana ba rona ba ne ba tla sebetsa hantle haholo.
    Mookamedi: O nepile titjhere Thato. Ke taba eo ke e buwang dikopanong tsa batswadi tseo le tsona ho tlang ba fokolang. O bone kopano ya ka le batswadi bekeng ena e sa tswa kodumela hore batswadi ba na ba fokola ho jwang. Ba bang ba tsamaile le pele kopano e fela.
    Titjhere: Ke lemohile taba eno mongaka. Batswadi ha ba tsebe hore dinako tsena e se e le tse thata tse sa tshwaneng le tsa boba tsa moraorao. Bana ba rona ba se ba dula difonong le dikhomphutheng ba sheba dintho disele ba sa bale.
    Mookamedi: E re re bue ka tseo le di tletseng mona.
    Ntsie: Re a leboha mookamedi le titjhere ka thuto eo le re fileng yona kajeno. Re mametse mookamedi. O ka phunya seso sa tswa boladu.
    Mookamedi: Le se le tsebane le titjhere Thato. Ke yena titjhere eo Mamello moradi wa lona a ikarabellang ho yena enwa. Ke ka hoo ke mo memmeng ho tla nka karolo ditabeng tsena. Nka thabela ha le ka la phutholoha la bua le sa tshabe letho.
    Ntsie: Re a leboha mookamedi.
    Mookamedi: Le ile la nketela ho tla ntsebisa hore moradi wa lona o robehile lengole. Ka le tshepisa ho le mema re tlotshohla ditaba tsena tsa moradi wa lona. Ekaba o se a le nako e kae?
    Tumi: O kena kgweding ya bohlano jwale.
    Mookamedi: Na o se a ntse a tsamaya tliliniki?
    Ntsie: Ho jwalo mookamedi. Hang hoba re tsebe ka taba ena re ile ra mo isa tliliniking ya baimana. Ho ne ho se bobebe empa re ne re batla ho tseba hore o se a le nako e kae re se tshware mamphele ka sekotlo.
    Mookamedi: Ke a leboha ntate. Motho o ne a ka lebella karabo e tjhena ho tswa ho mme empa ke a hlokomela hore le wena o nka seabo kgudisong ya ngwana wa hao. Hangata ho tlwaelehile hore ha ngwana a ithwetse ke ditaba tsa bomme. Ke qala ho bona ntate ya tsebang haholo tjhena ka ditaba tsa boimana.
    Tumi: O tsebe o tsamaya le yena ha a e ya mono tliliniking. Le diaparo tsa lesea di rekilwe ke yena a tsamaile le Mamello. Kannete yena o kene ka setotswana ho thusa enwa moradi wa rona.
    Titjhere: Le nna ke utlwa ke hloletswe hoba ke ne ke re ke tlo bua le mme e seng le ntate ka ditaba tsa boima.
    Bohla ba shwa ke ditsheho
    Ntsie: Ka boswaswi. Ke le phoqile hee.
    Bohle ba tsheha
    Mookamedi: Ntate le mme, pitso ya ka e mabapi le boimana ba moradi wa lona. Ke batla re tlhohle tse latelang;
    1. Bophelo ba hae
    2. Tshehetso ho tswa lapeng
    3. Tshehetso ho tswa sekolong
    4. Mathata a ka tobanang le ona ho tswa barutwaneng ba bang
    5. Ntata ngwana
    6. Nako ya ho pepa.
    Ke rata ha re ka bina pina e le nngwe e le hore re thusaneng bophelong ba ngwana wa lona. Na ho na le seo le batlang hore re se kenyeletse lethathamong lee la rona la ditaba?
    Ntsie: Re a leboha mookamedi. Tjhe ha ho letho. Ke bona e ka o kenyeleditse tsohle tse bohlokwa. Kapa wena Tumi o na le seo o batlang ha se ka kena?
    Tumi: Tjhe ntate, o opile kgomo lenaka. Mookamedi o di thathamisitse tsohle.
    Mookamedi: Re hlophile lenane lena le titjhere Thato ke ka hoo ke sa mmotseng. Mme ke yena ya tsa tsamaisa kopano ena. Ke isa marapo ho wena titjhere.
    Titjhere: Ke a leboha mongaka, ntle le ho senya nako ha re tshetshetheng ya pele. Hanyane re se re utlwile hore moradi o se a ntse a tsamaya tliliniki ya baimana. Ekaba bophelo ka kakaretso bona bo jwang batswadi?
    Tumi: Ke a leboha titjhere. Nka re bophelo ba hae bo tsitsitse le ha ke bona hore o qalella ho ruruha maoto. Empa ha a na phallo e hodimo ya madi. Le lesea le ntse le hola hantle. O lla ka mokgathala e leng ntho e tlwaelehileng baimaneng.
    Ntsie: Ho jwalo titjhere, maoto ke ona a motshwenyang. Ke belaela motjheso ona o teng le tsela e telele eo a e tsamayang. Empa ka ha dikolo di se di tla kwalwa, ke tshepa hore maemo ano a tla fetoha.
    Titjhere: Ke a leboha batswadi. Ya bobedi ke tshehetso eo ke nahanang hore re se re fumane karabo ya yona kaha bobedi ba lona le bonahala le itahletse ka setotwana ho bana hore moradi wa lona phela hantle.
    Tumi: Ho jwalo titjhere. Ke se ke etsa le mesebetsinyana eo a neng a e etsa mane lapeng hore a be le nako ya ho phomola.
    Mookamedi: Ruri o lehlohonolo enwa ngwana. Ke hore le re etseditse mosebetsi o bobebe wa ho se dule re hlabolla ngwana ka lebaka la ho dula a komelwa lapeng.
    Ntsie: O tla koma o felle kae mookamedi? Phoso ha e se e etsahetse o lokela o tshwarele ngwana o tsebe ho mo tshehetsa. Ha ho thuse ho mmolaisa kgatello ya maikutlo hoba aka qetella a nkile bophelo ba hae.
    Mookamedi: Ekare o a tseba hore ke ba bangata ha kae bana ba nahanang o nka maphelo a bona ke kgatello eo ba leng tlasa yona ke ho hloka tshehetso malapeng a bona. Tswelapele titjhere.
    Titjhere: Ntlha ya boraro ke tshehetso eo re e fang ngwana wa lona mona sekolong. Ka ha lefapha la thuto le dumetse hore bana ba lona ba ka tla sekolong le ha e le baimana, re entse metjha eo re ka tsebang ho ba thusa e kenyeletsang tshehetso ho tswa ho mookamedi le matitjhere, mohlabolli esita le ho ba fa ditulo tseo ba tsebang ho beha maoto hore a se ruruhe. Re a utlwisisa hore ba ka ba le mokgathala le ho ya ntlwaneng kgafetsa. Ha re na bothata moo. Ha feela ba tla sekolong ho re ba tle ba tsebe ho ngola diteko tsa bona, re tla dula re ba tshehetsa.
    Ntsie: Kannete re a itebohela. Ehlile dintho di fetohile. Nna ke ne ke nahana hore re tla mo ntsha sekolong ha a se a imme tjena. Ke ile ka makala ha mookamedi a re a nne a tle sekolong.
    Tumi: Rona mehleng ya rona ho ne ho ke ke ha tsebahala le hore o imme. Hang hoba batswadi ba tsebe o ne o ntshwa sekolong. E ne e le sekgobo se sebe hampe. Banana ba motse ba ne ba kgalemelwa ka wena. Ho thwe ba se tshwane le wena.
    Mookamedi: Dinako di fetohile beso. Ha re fete titjhere.
    Titjhere: Ya ho qetela ke nako ya hae ya ho kena tlung.
    Ntsie: Ka lehlohonolo Mamello o tla kena tlung ka mora ho ngola ditlhahlobo tsa hae ka makgaola kgang. Mme o tla tseba ho tla sekolong selemong se hlahlamang a se a belehile.
    Mookamedi: Ah! ditaba tse monate. Ka ba ka hema. Ke ne ke tshohile hore o tla tloha a sa ngole le ba bang.
    Tumi: Tjhe mookamedi. Re rona ha re utlwa re ile ra ferekana haholo empa ra kgoba matshwafo ha re fumana hore ditlhahlobo tsa hae di ke ke tsa ameha.
    Titjhere: Lenane la ditaba tsa rona le fedile jwale. Ke kgutlisetsa marapo ho wena mongaka.
    Mookamedi: Ke a leboha titjhere ka mosebetsi o kgabane. Ke lebohile batswadi ba ka. Kopano ya rona e fella mona. Empa haeba le sa na le dipotso le ka botsa.
    Tumi: Ha se le potso ke mpa ke kopa hore na re ka o tsebisa wena titjhere haeba a hloleha ho tla sekolong na?
    Titjhere: Ho jwalo mme.
    Mookamedi: Ke tseo he. Mookamedi o ema setulong o tshwara Ntsie le Tumi ka letsoho anto bula lemati.
    Tsamayang hantle batswadi.
    Ntsie le Tumi: Salang hantle.


    PONTSHO YA BOHLANO

    Ketsahalo ya pele

    Ke motsheare lapeng ha Bene o dutse tlasa sefate o ntse a politjha dirifi tsa hae. Matatolo mosadi wa hae o ntse a kgetha dinawa. Ho fihla monna wa pere.

    Monna pere: Ke a dumedisa mona lapeng.
    O theoha pere ho e hulala sefatseng se haufi mme o fihla a e holeha sefateng. O atamela moo Bene a dutseng le Matatolo.
    Bene o tonne mahlo o shebile monna pere ka ho makala. Ha a utlwe le hore o ntse a dumedisa.
    Matatolo: Dumela ntate. Ntata Tatolo araba motho o dumedisa.
    Bene: Dumela monna. O behwa keng haka moo?
    Monna pere: Kgotso ntate. Ke mpa ke le morumuwa ntate. Morumuwa ha a na nyewe.
    Bene: Bua monna o tlohelle ho potapota. Ke re na haka mona o behwa keng? Bua pele ke o tshaeletsa dintja tsena tsa ka.
    Matatolo: Ntate a ko mo fe sebaka hle a tle a itlhalose. Ha o so arabe le tumediso ya hae o se o ntse o mo kena kena ka lethathamo la dipotso. Mo fe sebaka hle Tau.
    Bene: Ke tenwa ke bothoso malapeng a batho. Ho ja re tsamaile moo o ne a tla etsa jwang? Dumela monna.
    Monna pere: Monghadi ke tlisitse lengolo le tswang ho Ntsie. O itse ke tlo o nehela lengolo lena ke be ke kgutle le karabo. O neheletsa Bene lengolo mme Bene o le sheba feela. Matatolo o ema moo a dutseng o nka lengolo.
    Bene: Ha ke ngollane le BoNtsie nna. O tena a nngolla ka dife?
    Matatolo: Bala lengolo o tle o tsebe ntate. O tla tseba jwang o sa bule lengolo?
    Bene: Wena le bule o le bale.
    Matatolo o bula lengolo o a le sheba.
    Matatolo: Ke o balle ntate?
    Bene: Le bale ke utlwe.
    Matatolo a bala lengolo
    Monghadi Bene
    Ke o ngolla lengolo lena ho kopa kopano le wena mabapi le ditaba tsa moradi wa ka le mora wa hao. Nka thaba ha o ka beha letsatsi la kopano kapele ka moo o ka kgonang. Ke nahana hore taba ena e lokela ho potlakelwa.
    Ke tla thabela karabo ya hao.
    Ka boikokobetso
    Ntsie
    Bene: O bua kang ha a re ditaba tsa moradi wa hae le mora wa ka? Ke mehlolo ya eng ee monna eo o e tlisitseng haka moo?
    Bene o tonela monna pere mahlo.
    Monna pere: Jwalo ka ha ke se ke boletse morenaka, ke mpa feela ke le morumuwa.
    Matatolo: Ntate ke kopa o arabele lengolo lena o tlohelle morumuwa ha a tsebe letho.
    Bene: Nke ke ka senya nako ya ka ka masawana ana nna. Tsamaya monna o bolelle eno ntatao hore ha ke na naka ya mmantlwane ona wa hae. Ke na le mosebetsi o mongata oo ke lokelang ho o etsa.
    Monna pere: O ne a kopile hore o arabele ka lengolo e le bopaki ba hore e fela o fumane ditaba tsa hae.
    Bene: Monna, e le hore o tsebe tutu? Ha o nkutlwe na ke ntse ke reng? Ke tloha ke o bata ka lebetlela lena. Tloha mona haka pele ke o ntsha kotsi.
    Matatolo: Hao ntate. Monna enwa ha a na molato hle. Se ke wa mo hlekefetsa tjena. Itsamaele o se ke wa ahlamelwa ke ditaba tseo e seng tsa hao. Ke tla sala ke buisana le ntate.

    Ketsahalo ya bobedi

    Ke mantsibuya ha Bene Matatolo o ntse a ba tsholela dijo. Tatolo o dutse thokwana le ntatae o ntse a bala dibuka tsa hae. Tatolo o ntse a bala koranta. O e beha fatshe mme o bitsa Tatolo.

    Bene: Tatolo!
    Tatolo: Ntate.
    Bene: Nkatamele mona re tlo bua.
    Tatolo o kwaela buka mme o ya ho ntatae.
    Tatolo: Ke nna enwa ntate.
    Bene: Dula pelaka mona re bue.
    Tatolo a dula fatsha ka monyebe kaha a ne a sa tlwaela ketso ena ya ntatae ya ho mmitsa e be o re a dule pela hae. Empa hang a tlelwa ke monahano wa hore ditaba ka Mamello di se di fehlile ditsebeng tsa hae. A hatsela ka sefubeng empa a boela a tlelwa ke thabo ya hore e fihlile jwale nako.
    Tatolo: Ke nna enwa ntate.
    Bene: O tlo mpolelle nnete ngwanaka. Ke batla nnete feela. Bene a bua a sosobantse sefahleho ho bonahala hore ha a thaba.
    Tatolo: Bua ntate ke mametse.
    Bene: Na o tsebana le moradi wa Ntsie?
    Tatolo: E ntate ke a mo tseba.
    Bene: O tsebana le yena jwang?
    Tatolo: Ke kgarebe ya ka.
    Bene: Nna ke o isa sekolong wena o ilo dulellana le ditaba tsa maratano? Hantle ngwana towe o mpatlang? Na o a tseba hore monna pere o fihlile a hokotla moo ha ka a tlo mpolella hore eo moradi wa Ntsie o imme. Ke masawana a eng ao Tatolo?
    Tatolo: A inamisa hlooho. Ho jwalo ntate.
    Bene: O reng moshanyana towe? Tloha pelaka mona pele ke o bata ka molamu ona. Ha o le lesea le ikanyang menwana tje ngwana o ka mo etsang? Ke tle ke utlwe o ntso pota o re ke wena monga sekate o tla ntseba. O lokela ho kena sekolo o tlohellana le masawana ana.
    Tatolo: Ntate empa… Tatolo a se qete ntatae a mo kgarumela ka bohale.
    Ntsie: Moshemane o batla ho nkarabisa? Ke itse o tlohe pelaka mona pele ke o masola ka molamu ona. Ha o a nkutlwa ke buile? O batla ke phete ha kae? Ke tle ke utlwe ho thwe o ne o ena le ngwananyana eno haeno ke naheng.
    Tatolo a sutha pela ntate ya lolomang ke kgalefo.
    Ntsie: Ke tle ke utlwe feela. Wena Matatolo o bue le ngwanenwa wa hao pele ke mo ntsha kotsi.
    Ntsie o a ema o tswela kantle.


    PONTSHO YA BOTSHELELA

    Ketsahalo ya pele

    Ke moreneng hoseng Ntsie o etetse morena. O fumana morena le banna ba babedi ba lekgotle feela ho bonahala hore ba se ba phethela ditaba tsa bona mme ba arohana.

    Ntsie: Moreneng mona.
    Morena le banna ba lekgotla: Dumela Ntsie.
    Ntsie: E kaba morena o phetse le banna ba hae?
    Morena: Re a phela wena o phela jwang ha o re tsohelletse hoseng ha kaale?
    Ntsie: Ke tlile ho wena ka ditaba tsa bana morena.
    Morena: E re ke qetelle le banna bana ba tsebe ho lokoloha.
    Ntsie: Ke a leboha morena.
    Morena o bua le banna ba lekgotla mme ba arohana.
    Morena: Atamela monna ke utlwe sello sa hao.
    Ntsie: Ke a leboha morena. E re ke hle ke phunye seso se tswe boladu.
    Morena, moradi wa ka Tumi o imme mme o imisitswe ke mora Bene. Maobane mona ke romme leqosa ho isa molato. Ha o na ho dumela Morena hore le kgutlile ka ntshwe di sa fohlwa. Le re Bene o ne a mo tshepisa diopapina kamora ho bala lengolo leo ke neng ke mo ngolletse lona ke mo tsebisa ka kemaro ya moradi wa ka
    Morena: O tshepisa leqosa diopapina jwang athe yena ke morumuwa feela?
    Ntsie: Ha ke tsebe Morena feela leqosa le re o nthohakile a ba are ha a na nako ya ho arabela mangolonyana a tletseng masawana. Morena ke tlile ho tla o tlalehela e le hore o tsebe ka boemo bona ba ditaba. Bene ke motho ya tala haholo mme ha ke batle ho iphumana ke ntse ke kena kenana le yena.
    Morena: Ke a utlwa monna. Jwale o ka rata ha ke kena dipakeng?
    Ntsie: Ke lona lebaka la mantlha le ntlisitseng ho wena morena. Nna ke a hlokomela hore nka se e hlanake ke le mong. Ke ne ke nahana hore o tla sebetsa ditaba tsa bana ka tlhompho empa ke fositse. Bene ha se motho wa ho fetoha.
    Morena: Ako mpolelle ditaba kaofela he ke tle ke tsebe ho buisana le banna ba lekgotla pele re le bitsa.
    Ntsie: Moradi wa ka o ntlalehetse hore o etseditswe ngwana ke mora Bene, Tatolo. O kgweding ya bohlano ha re bua. O ne a patile taba ena hofihlela mmae a mo hlokomela nakong eo a hlapang. Ha a mmotsa a bolela dinako tseo a qetetseng ho ya matsatsing ka yona. Mma a bala mme a hlokomela hore dikgwedi di se di le hlano. Re ile ra bitswa le sekolong ka tsona ditaba tsena tsa kemaro. Ke ngolletse Bene lengolo ho mo tsebisa taba ena ke moo a sa batlang ho e mamela.
    Morena: Ho lokile ke tla teka taba ena hosane hoseng mane kgotla. Ke tla roma leqosa le mpitsetse Bene. Le wena ke tla o hloka mona. Ho tla tswa hore na ditaba di eme jwang, ke tla bitsa bana hoba ke bona beng ba ditaba. Lona le amohela feela seo ba le bolellang sona.
    Ntsie: Ho jwalo Morena. Ke lebohela nako ya hao. Re tla bonana hosane.
    Morena: Ke hantle monna o fihla ke ntse ke lohotha ho hlaha ka masimong.
    Ntsie: E re ke o lokolle o tsebe ho tsamaya. Dikgomo!
    Morena: Ho lokile monna.
    Morena o arohana le Ntsie.

    Ketsahalo ya bobedi

    Ke kgotla ho dutse morena le banna ba lekgotla. Morena o ba bitsitse kajeno ho tla tshohla ditaba tsa Ntsie le Bene.

    Morena: Banna ke le bitsitse kajeno ho tla buisana ka ditaba tsa moradi wa Tumi le Ntsie. Maoba mona Ntsie o fihlile mona a lla a re mora wa Bene o sentse moradi wa hae. Ke ile mmolella hore ke sa tla bua le banna ba lekgotla pele. Ka mmolella hore ke tla mo etsetsa molaetsa hore a tle hang ha re buisane ka ditaba tsa hae.
    Morero: Hao banna! Ke mora wa Bene monga sekate?
    Thabo: He banna! Mehlolo.
    Lesedi: Ena ke meleko banna!
    Thabiso: Ke a bona jwale. Nkile ka kopana le moradi eno wa Ntsie bosiu a potlakile a dikela ka lengope. Ke ile ka ipotsa na o ya kae hona ka shwalane jwalo. Ho hlakile o ne a ya moshanyaneng eno.
    Tau: Butle Thabiso ka ho bua dintho tseo o sa di tsebeng. Taba ena e tshophodi mme ha e batle ho sejetswa ka dikgopolo feela.
    Morena: Butleng banna. Ha ke so le bolelle le ditaba kaofela feela le se ntse le iketsetsa diqeto.
    Puso: Bua morena re mametse.
    Morena: Ntsie o mpolelletse hore o lekile ho ya ho Bene ho ya mo tsebisa ka boemo bona empa ba seke ba utlwana. Banna ba kgotsa kaofela.
    Morena: Butleng banna!
    Ho utlwahala mokutu ekare ntwa e teng. Morena le banna ba lekgotla ba thola- thola ho mamela se etsahalang.
    Morena: Banna e kare ho na le mokutu ka hara motse.
    Thibedi: Le rona morena re utlwa mokutu ono.
    Ho utlwahala seboko sa motho wa mosadi.
    Tumi: Jonna thusang we! Motho ke enwa a bolaya monna wa ka. Jowe ! Jo! Jo thusang! Batho thusang.
    Morena le banna ba lekgotla ba utlwa seboko sena mme ba tloseletsa ho leba moo mokgosi hlahang teng.
    Ke lapeng ha Ntsie le Tumi. Ntsie o ka fatshe o palangwe ke Bene mme Bene o phahamisitse molamu o ntse a bata Ntsie ka ona. Mosadi wa Ntsie o lla seboko. O itshwere hloohong
    Tumi: Jo motho a mpolaela monna we. E kaba ngwana eo o ntenetseng ka ho re tlisetsa mathata a tje? Tumi o itahlela fatshe ha a bona morena le lebotho la hae.
    Morena: Ke meleko ya eng eo ke e bonang ka hara motse wa ntate? Bene! Ntsie! Le etsang ka pela bana le basadi? Ba le loile na?
    Bene o theoha hodima Ntsie ya seng a fopha madi hloohong.
    Bene: Morena ke kgathetse ke ho tellwa ke Ntsie. Ke nako jwale ke thotse a ntse a bua ka lelapa la ka.
    Ntsie: Morena, o tseba ditaba tsa ka. Ke tlile ho wena maobane ke re o kene dipakeng. Ke makala hona jwale ha ke bona Bene a se a fihla a ntlhasela haka mona mme a se a ntwantsha.
    Bene: Ho bohloko morena ho tellwa ke serathana se kang Ntsie tjena.
    Thabiso: Tholang banna le se le re hlabisitse dihlong. Ha le bone tlotlollo eo le e etseng?
    Morena: Ke le batla kgotla mane hona jwale wena Bene le Ntsie. Tumi, tlamisa monna enwa wa hao a tsebe ho ntshala morao.
    Tumi: Ke tla etsa jwalo morena.
    Morena o a tloha le banna ba lekgotla ba setse Bene morao ya ntseng a honotha ho ya kgotla.
    Morena o fihla kgotla le banna ba lekgotla
    Morena: Kgele! Mehlolo e tjena ha ke so e bone. Re ne re e so bue le ka taba ena feela ho se ho etsahala meleko e tjena. Bene o hloka ho ntlhalosetsa na o nkile matla kae a ho ya ha Ntsie o ilo mo lwantshetsha ha hae.
    Banna ba lekgotla: Ke ho tella ho hoholo hoo.
    Neo: Morena o rata hore ke bonolo haholo empa mona teng nka be ke bolaile Bene. Monna ya o hlaselang ha hao o a o tella mme o batla o mo shape. Ke hobane a tella Ntsie.
    Bene: O thole wena o hlolwang ke mosadi. Tsa hao di o hlotse hoba o serota sa monna.
    Morena: Banna le sa ntse le tswelapele ho ntella le kamora hore le etse mahlabisa dihlong a tjena. Tholang! Kannete ke swabile haholo hore ebe banna ba motse ona ba lokelang ho kgalema le hoba mohlala baneng ebe ke bona ba re hlabisang dihlong tjena. Le re ban aba etse jwang? Hona na le a hlokomela hore na taba ee eo le e tlatseditseng lerata ha kale e ama ban aba rona? Ha ke a thaba ho hang. Ha le tsebe na banna ba sebetsa qaka jwang ha e se e hlahile? Hona le ne le tlo ntlalehela hobaneng ha le se le iketseditse diqeto tsa lona?
    Ntsie: Morena! Ha e hate ka maro hle morenaka. Ke kopa sebaka ke o hlalosetse na ho etsahetseng ha ditaba di tla fihla mona.
    Morena: Bua monna.
    Ntsie: Ke ne ke le mane haka mosadi wa ka a qeta ho ntsholela dijo ha ke utlwa lerata la motho wa monna ka ntle. O ne a utlwahala a halefile haholo. Ke ile ka tlohella dijo tsaka mme ka hlwedisa ntle ho sheba se etsahalang. Ke ile ka kopanya mahlo le Bene ya neng a bonahala a halefile haholo. Moo ke reng ke tla mmotsa molato, a be a se a ntlhwele setha ka molamu. Ka re ke a thiba empa a mpheta k aba ka kena fatshe. O ile a ntja tsome morenaka. Ke ne ke ferekane ke sa tsebe na nka etsa jwang. Ho bonahala a tlile haka ka sepheo sa ho ntlhasela morena. Nakong eo ke welang fatshe ke ha mosadi wa ka a hlaha monyako mme a hlaba mokgosi. Ha ke tsebe na ke hobaneng a tlile haka a se a le makwebeta jwalo morena. Empa nakong eo a ntseng a nkgakgatha tha molamu o itse re re mora wa hae o etseditse moradi wa rona ngwana motseng mona. Ho bolelang ke sona sesosa morena. Empa o tla ipuelella morena nna ke sona seo ke se tsebang le ho se utlwa.
    Morena: Bua Bene re utlwe lehlakore la hao la ditaba.
    Bene: Morena! Ke qale pele ka ho itshwela mokgubu ka ho o tella morena. Ha e lale makwala re none. Morena, ke maoba mona ha ke feta ka sekgutlong ka mane ha ke utlwa basadi ba motse ona wa hao morena ba ntse ba bua ba re Ntsie o re mora w aka o etseditse moradi wa hae ngwana. Ke ile ka etsa eka ke a feta morena ka ha ba ne ba sa mpone empa ka potela ka sefate ho utlwa hantle seo ba se buang. Ke utlwile ba re yena Ntsie o itse ha a ka kopana le moraka o tlo mo fapantsha le pula. Taba ena e ile ya nkhalefisa haholo morena mme ka etsa qeto ya hore e hle e be nna ya fapanyang Ntsie le pula pele a ka atamela mora wa ka. E ile yaba ha ke sa botsa morena ke se ke nka lebetlela laka ho ya ha Ntsie. Ke a hlokomela ke bile phoso hob a nka be ke tlile mona hot la o tsebisa morena. Ke se ke ikopela tshwarelo feela Ntsie yena o a tella morena.
    Morena: Na ha se meleko? Bene, o re o mametse mashano a basadi? Ke yona taba e o isitseng ha Ntsie ee? Na banna ke utlwa hantle?
    Morero: Ehlile o realo morena. O mametse ditaba tsa bo Maditaba a nto ya ka tsona hoy a hlasela monna e mong ha hae.
    Morena: Bene, e re ke o botse potso e bobebe ke ena. Na mora wa hao ke yena monga sekate?
    Bene: Tjhe morena, ha se yena.
    Morena: O tseba jwang hore ha se yena?
    Bene: Moraka o sa le monyenyane morena. Ha a so kene ditabeng tsa thobalano.
    Morena: O tseba jwang? O dula o tsamaya le yena ka dinako tsohle?
    Bene: Tjhe morena empa ke tseba mora waka.
    Morena: Na o kile wa botsa mora wa hao ka taba ee pele wena o iketsetsa diqeto?
    Bene: Tjhe morena ha ke so mmotse.
    Morena: Teng ha a ka re ke yena o tla reng?
    Bene: E tla ba ke mohlolo morenaka.
    Moerena Ke batla o tsamaye o ilo mpitsetsa mora wa hao hona jwale. Wena Ntsie o kile wa bua le moradi wa hao mabapi le kimo ya hae?
    Ntsie Ho jwalo morena. Ke ka hoo ke tlileng ho wena hore o tlo nthusa ho rarolla qaka ena kaha ke tseba hore Bene hlooho ena e a nela. Moradi waka o mphile lebitso la mora Bene a re ke mohlankana wa hae mme bobedi ba tseba ka taba ena. Ke makalla ha Bene a tiisa a hlapanya hore ha se mora wa hae monga sekate. Ke maketse le ho feta ha a re more wa hae o sa le monyenyane athe ke yena ya moholo ho moradi waka.
    Morena Le wena Ntsie ke batla o ntatele moradi wa hao feela a se tle mona kgotla. O mo ise ka lapeng ho mofumahadi. Ke batla taba ena re hle re e tshohle e fele.
    Bene le Ntsie ba tsamaya ba ilo lata bana.
    Morena: Banna, e be le ntse le mametse ka hloko ditaba tsena. Le se mamele feela empa le be le ithute. Ntwa ha e ahe motse. Ha ho lebaka la hore ebe ho bile le tshollo ya madi ka lebaka la bana. Ha ho motho ya dulang a disitse ngwana wa hae moo a ka reng o tseba metsamao ya hae. E re ba tle re ikutlwele baneng.


    PONTSHO YA BOSUPA

    Ketsahalo ya pele

    Ke lapeng ha Bene mosadi wa hae o behile matsoho hloohong o ntse a se kgitla kamora ho utlwa hore monna wa hae o tswa hlasela Ntsie ha hae. O bona Bene a kena ka heke mme o hikitsa le ho feta.

    Bene: Molato keng ha e ka o shwetswe tje?
    Mosadi Hao Ntata Tatolo hobaneng o re tlotlolla tje? Na o ka re etsa setshehisa sa mose oo tje? Ho ne ho se tsela e betere yah o sebetsa taba ee ho ena le ho hlasela Ntsie ha hae? Kannete o ka etsa taba e dihlong ha kaale? O nahana batho ba to re re batho ba jwang? Hona Tatolo ha a utlwa hore o ntse o bata batho ka lebaka la hae o tla reng?
    Bene: Hela mosadi ntlohelle ka ditaba. Ke tlile mona ho tla lata Tatolo morena o a mmatla. O kae? Mmolelle morena o batla ho mmona. Ke tena ke ntse ke kena ka hare tjena ke manyofonyofo ana a hae. Tatolo! Tatolo! O kae na moshanyana eo?
    Mosadi: Ke yane sakeng. Tatolo ntate wa hao o ntse a o bitsa.
    Tatolo: Ke sa kwalla dikgomo ntate ke ya tla.
    Bene: Etsa kapele monna ha ken a peralla mona ke emetse wena.
    Tatolo o tla a matha.
    Tatolo: Ke nna enwa ntate. Molato keng ntate?
    Bene: O re molato keng athe ke wena ya nketseng manyofonyofong ana. O ne o kene moradi wa Ntsie ka eng banana ba le bangata hakaale motseng moo. Jwale ke enwa o o phareha ka molato. Ke hore bana ba rona ha le re mamele. Ke tswa bata ntatae le sa tshelweng ken ta ke ho nna a tsamaya a bua ka lelapa laka. Nka se dumella mang kapa mang ho tella lelapa laka.
    Tatolo: O bolela jwang ntate ha o re o tswa mo bata le sa tshelweng ke nta? O bolela hore o tswa lwantsha Ntate Ntsie? Tatolo a ntsha mahlo dinameng.
    Bene: Ke hlile ke tjho jwalo. O nkutlwa hantle. Ha ke tellwe ke banna nna.
    Tatolo a tadima ntatae a se dumele seo a se utlwang.
    Bene: Ha re potlake morena o re emetse.
    Tatolo: Ntate hantle ho etsahalang? Ke batla ke ferekane ke seo o qetang ho mpolella sona. O re o tswa lwantsha ntate Ntsie? Hobaneng?
    Bene He monna, ke kgotla moo jwale? Ke ntse ke re re potlakele moreneng wena o batla ho nkenya kgotla jwale.
    Bene a hatisa maoto mme Tatolo a tla a matha ka mora hae ho ya moreneng.

    Ketsahalo ya bobedi

    Ka hara motse basadi ma motse ba eme matlotlosia kamora ho bona ntwa ya Bene le Ntsie. Makabelo o eme le Puleng ba shebile ha Tumi le Ntsie mme ba qoqa.

    Makabelo: Ao tjhe dintho tsa motse oo!
    Puleng: Mosadi! Ke mehlolo
    Makabelo: Hantle ho etsahala eng mosadi? Lona le e be le di tseba ditaba tsa motse ona.
    Ho fihla Maditaba a hlahlile mahlo.
    Maditaba: Helang basadi na le utlwile na ka moradi wa Tumi?(O tshehela hodimo)
    Puleng: He motho o rata ditaba enwa. Hana ba re lebitso lebe ke seromo. Ke ditaba dife jwale Maditaba?
    Makabelo: Re sa tla kena kahare ke Maditaba.
    Maditaba: Butleng basadi ke le qoqele. Moradi waTumi ke moimana basadi. Ho utlwahala hore o etseditswe ngwana ke mora wa Bene. Empa ekare ba re o boetse o utlwana le moshanyana wa motsing wa Ha Paki. Ho bolelang hore ha a tsebe na ntata ngwana ke mang.
    Puleng: Butle Maditaba ka leshano.
    Makabelo: Ke o tseba o le tjena wena Maditaba. O di nka kae ditaba tsee?
    Maditaba: Ha le ka mamela la tlohela ho nkena hanong?
    Puleng: Bua re mametse he.
    Maditaba: Jwale ekare Bene o utlwile hore ho thwe ke mora wa hae ya sentseng. Ke ha a tla ya ha Ntsie ho ya ikutlwela. Bare…..
    Makabelo o mo kena hanong hape.
    Makabelo: Ba re ke mang?
    Puleng: Ke tseo hee.
    Maditaba: Ke ne ke feta nna, ha ke tla utlwa lerata la Bene a tshepisa Ntsie diopa pina.
    Makabelo: Hao Maditaba, o qeta hore ba re. Jwale o se o re o utlwile ha o feta? Ao tjhe mosadi o leshano enwa.
    Maditaba: E le hore lona ha le a bona Bene ha a ntse a lwantsha Ntsie ha hae?
    Puleng: Re bone empa re nyatsa ha o sa re bolelle nnete. Ke mang ya tsebang hore moradi wa Tumi ke moimana le hore o imisitswe ke mang? Le ne le le kae ha a ima? He le rata ditaba tsa batho hle.
    Maditaba: E re ke le tlohele ha le sa batle ho utlwa ditaba.
    Maditaba o ba siya ba ntse ba maketse. Pelenyana mane o bona Palesa le Thato le Katleho ba etswa sedibeng mme o ba hwehla ka letsoho hore bae me.
    Maditaba: Helang basadi. Na le se le di utlwile tsa motse oo?
    Ba arabela ka boraro ba bona.
    Ke dife jwale Maditaba?
    Maditaba: Hao! Athe lona le phela kae? Ha le so di utlwi tsa ha Tumi?
    Palesa: Tjhe, di reng?
    Thato: Dife tsa moradi wa hae?
    Katleho: O entse jwang moradi wa Tumi? Le se ke la re tshosa hle.
    Palesa: Hao batho ba makatsa ruri. Ke yona taba eo o re emiseditseng yona ee Maditaba?
    Katleho: Hao athe o a di tseba na Palesa? Re qoqele he.
    Palesa: Hoja ha o na moradi wena Maditaba.
    Thato: Tlohella Maditaba a bue hle. Akere ha se moradi wa hae ya immeng.
    Katleho: Le reng? Moradi wa Tumi ke moimana? Jonna we! Ekaba Tumi o lekehile ho jwang? Hao basadi bana athe ke batho ba jwang? Jwale Maditaba ke tsona ditaba tseo o ntseng o di jala jala tsee?
    Thato: O di jala jwang athe ke bona ba tlamelletseng mora Bene ka hore ke yena ya imisitseng? Tlohellang Maditaba.
    Palesa: Ha ke dumele hore Thato o dumellana le Maditaba le wena o tswetse moradi. E re ke itsamaele ngwana batho ke le siye le bua ka batho.
    Maditaba le Thato: Tsamaya le jwale.
    Thato: Hehehehehe! O ne a tseba Tumi hore e tlaba ho tje kajeno? Na o sa hopola mohla matjhonisa a tlang haka a tlo nka thepa ya ka hore o ne a bontshitswe ke Tumi hore na haka ke kae? Ke ne ke tjho hore le tla mo tjhbela le yena. Kajeno ho jwang? Bophelo ke le lebidi hle.
    Maditaba: Aa! Mosadi, athe o thabile tje? O thabela tsietsi ya mosadi e mong? Nna ke ne ke le qoqela ke sa tsebe hore o jaretse Tumi lerumo ka dikobong. Empa he di jwalo mosadi. Ngwana ke eo o imme o siile sekolo ka lehare. Ba re ba mo ntshitse sekolong ho ba ba hlajwa ke dihlong tsa hore batho batla reng ka moradi wa bona eo ba neng ba mo nketse hodimo ha kana. Tjhe bana ba tla o theolela fatshe hle. Ha o ikakasa batla o beha fatshe. Empa Tumi yana ha a ikakase hle o mpa a hlahetswe ke tsietsi.
    Thato: Tsietsi ya eng? E mo loketse ena e mo hlahetseng. Hape ba tlohelle ho etselletsa mora Bene hoba ngwana enwa wa hae e ne e le pere e senang ditomo. A matla hohle mona re mmona le bashanyana ba fapaneng.
    Maditaba: Ao tjhe ha o hloile motho o mo hloile hle mosadi. Motho e mong le e mong o a tseba hore Mamello ke ngwana ya neng a hlompha haolo motseng mona ho fapana le baradi bana ba lona. Le wena o paki empa feela o hloile mmae. Ngwana eno o wetswe ke tsietsi hle mosadi.
    Thato: O batla ho reng Maditaba? Wa tla ka itlama he ka lepeketla. Kapa o tshepisitse mabele? Ke a o tseba wena o ka se buelelle motho feela. Ho teng seo a o tshepisitseng sona.
    Maditaba: Le haeba ho thwe ke Maditaba nnete yona ke ntse ke e tseba. Ha ho letho leo a ntshepisitseng lona. Feela batho ba motse ona ke a ba tseba hle. Le mona hampe ebile le kgopo.
    Thato: Tsamaya! O ntse o tshwana le bona le wena. Ke ne ke re kaba o motho.
    Thato o arohana le Maditaba mme o honothela tlase.
    Enwa ya bitswang Maditaba o ipona bobetere ka nna? O nahana hore ke mang yena? Nywenywenywe! Ha a tlohe mona. Tumi yena o laehile hle.

    Ketsahalo ya boraro

    Ntsie o fihla ha hae o fumana Tumi le Mamello ba dutse tlasa sefate ba ntse ba kgotsa kgafetsa. Ha Tumi a bona Ntsie a mo kgahlametsa ka letoto la dipotso.

    Tumi: Ntate ekaba le jwang leqeba. Na ha o opelwe? Madi a emisitse? Morena yena o itseng?
    Ntsie: Butle hle ka letoto lena la dipotso. Mphe sebaka sa ho araba. Leqeba ha le sa fopha madi. Mofumahadi o le tlamisitse ka disebediswa tsa hae tsa tshohanyetso. Ke tlile mona ho tla lata Mamello. Morena o itse ke tlo mo lata.
    Tumi: Mamello o ya kgotla? Ao tjhe, e seng ka moradi waka a bile a ithwetse.
    Ntsie: Butle hle. Mamello ha a ye kgotla empa o tla ba le mofumahadi.
    Tumi: Le nna ke tla le yena. Nke ke ka dumela ka moradi wa ka hore a nne a ilo botswa dipotso tse bohloko mono. Ke tsamaya le yena.
    Tumi a mathela ka tlung ho ya rwala dieta le tuku. A tswa a sala Mamello le Ntsie morao.
    Ntsie: Ha ho lebaka. Ha re ye. Ha ke nahane mofumahadi a tla ba le bothata ha o le teng.
    Bohle ba tsamaya ho ya moreneng.
    Ke kgotla ho dutse banna ba lekgotla le Bene le mora ho fihla Ntsie.
    Ntsie: Morena! Ke phethile thomo ya hao. Moradi o teng le mofumahadi mane lapeng.
    Morena: Ke hantle banna ha le kgutlile kapele. Re tla qala ka wena Tatolo o tsebe ho ya kwalla dikgomo. Monna re o bitsitse tjena hoba hona le qakanyana eo e leng wena feela ya ka e rarollang. Bontatao ba lekile ho e sebetsa empa e ba hlotse hoba monga ditaba ke wena. Ke batla hore o mpolelle nnete. Nnete feela monna ditabeng tseo ke tlang ho o botsa tsona.
    Tatolo: Ke a dumedisa morena le lekgotla la hao. Ke a o tshepisa morena hore ke tla o bolella nnete. O ka mpotsa eng kapa eng.
    Morena: O a bona he. Ke rata motho ya tjena ka wena. Mpolelle he. Na o tsebana le Mamello moradi wa Ntsie?
    Tatolo: Ee morena ke a mo tseba.
    Morena: O mo tseba jwang?
    Tatolo: Ke kgarebe ya ka morena.
    Morena: Ke kgarebe ya hao le jwale kapa e ne e le kgarebe ya hao?
    Tatolo: Ke kgarebe ya ka le jwale.
    Morena: O qetetse neng ho kopana le yena?
    Tatolo: Ke qetetse maobane morena empa le kajeno hoja ntate a se re key a batleha kwano ke ne ke ilo kopana le yena.
    Morena: Mh! Ke a bona. Na o a tseba hore ke moimana?
    Tatolo: E, morena ke a tseba.
    Morena: Na ke wena monga molato?
    Tatolo: E, ke nna morena.
    Ha utlwahala modumo wa banna ba lekgotla. Haele Bene yena a hla a qhomela hodimo a hwantaka a ntse a honotha. A nto boela lekgaleng leo a neng a le dutse a tadima mora.
    Morena: Ke eo taba. Le ikutlwetse. E saleng jwale? Le dipaki hore Tatolo o dumetse molato. Ha ho hlokehe le ho botsa Mamello dipotso. Ho lokile monna o ka lokoloha.
    Tatolo: A na ke phetho seo morena a neng a mpitseditse sona?
    Morena: Ho jwalo mora. Ke lebohile ka nnete ya hao. E se eka le bohle ba ka tshwana le wena. O hlokomele lesea la hao he monna ha le se le hlahile o se ke wa iketsa banna bana bao e reng ha ngwana a hlaha ba be ba kgola phalo.
    Tatolo: Tjhe morena. Nke ke ka mo siya. Ho leboha nna morena. Ntate o tla nthola lapeng ke potlakele dikgomo.
    Bene a se ke a araba a mpa a sunya molomo kobong.
    Morena: Ntsie, tsamaya o ilo lokolla Mamello le mmae ba ye hae. Taba ena e se e batla rona banna feela.
    Ntsie: Ke tla etsa jwalo morena.
    Ntsie a se ke a senya le nako a tsamaya ho ya lokolla mosadi le moradi.
    Ha a sa ile jwalo morena a shebana le Bene mme a bolella Bene hore hang ha Ntsie a fihla a hle a kope tshwarelo le pele ba qala ditaba.
    Ke lapeng ha morena ho dutse mofumahadi le mafielo a hae a mabedi le Tumi le Mamello. Ntsie o kena a bososela.
    Tumi: Hao ntate, athe o nne o bososele? Ekaba o tla ka dife he hoba re sa letile re emetse pitso ya morena? Ebe ke eng e ka o bososedisang tje?
    Ntsie: Butle mosadi ke bue le mofumahadi. Mma rona!
    Mofumahadi: Dumela Ntsie. Tumi o nepile o bonahala o tletse thabo sefahlehong mona. Ebe ke di fe? Ke re kaba le tshohla tabahadi kgotla kwana na ke yona e etsang hore ebe sefahleho se batuweng se se se kganya kgotso tje?
    Ntsie: Mofumahadi wa ka ditaba di mosenekeng. O tla ikutlwela ho morena feela ha ho lebaka la hore sefahleho sa ka se se kganye kgotso kajeno.
    Tumi: Hona ke mohlolo. O tlo bitsa ngwana jwale?
    Ntsie: Ke tlo le lokolla hore le ye hae. Taba eo le neng le e bitseditswe mona e se e itshebeditse ha le sa hlokeha. Tsamayang le yeng ha eke tla le fumana teng.
    Mofumanadi: Ruri mehlolo ke dinoha mesenene ke batho. Ena taba e kgwadi e kgwatsana.
    Ntsie a tshehela hodimo ha ba ha hlaha mehlare.
    Tumi: O opile kgomo lenaka mofumahadi. Re sa tla ke re di utlwe. Ha ke eso bone ntata Mamello a tsheha ho bile ho hlaha mehlare. Le ha hole jwalo e re re tsamaye mofumahadi. Ke ne ke siile feela lapeng mane ke re ke phallele mona ke se tlohelle ngwana a tsamaya a le mong. Re lebohile haholo.
    Tumi a ema a tsamaya le Mamello. Ntsie le yena a kgutlela kgotla.
    Ntsie a fihla kgotla a fumana ho se ho emetswe yena.
    Morena: Dula fatshe monna Ntsie re se re emetse wena feela. Banna le ikutlwetse ditaba tsa mora wa Bene ka ditsebe tsa lona. Pele re di sebetsa, Bene ke fa wena sebaka sena.
    Bene: Ke a leboha morena le banna ba lekgotla. Ke utlwa ke sa tsebe na ke qala kae. Ke swabile nko ho feta molomo. Empa pele ke tla rata ho kopa tshwarelo ho wena morena ka ketso e swabisang eo ke e entseng motseng wa hao. Ke boele ke kope tshwarelo ho wena Ntsie. Monna ke tshaba le ho o sheba mahlong. E se e ka o ka e nka senna taba ena mme ra bopa kgotso. Ke swetsitswe ke moraka. Bana ba rona ba re swabisa ntate. Ke bile lewatla ka nkwa ke pelo mme ka dumela seo pelo ya ka e mpolellang sona. Ke ne ke sa lokela ho o hlasela ha hao. Le jwale o matsoho a maruru hoba e mong a ka be a mpolaile a mpolaetse ha hae. Ke entse ketso e mpe e swabisang. Nkabe ke ile ka bua le mora wa ka pele ke inkela diqeto tse fosahetseng. Taba ena e etsahetseng kajeno e nthutile taba e kgolo. Ya ho se sebetse ditaba ka mehopolo empa ho batla mahlakore ohle ha ke sebetsana le ditaba. Ke boetse ke ithutile hore ha o sa tsamaye le ngwana o se ke wa re o wa mo tseba. Ha ke tsebe le hore na ke ilo shebana jwang le mosadi waka. Ke kopa o nkopele tshwarelo ho Tumi le Mamello. Tumi ke motho ya ntlhomphang haholo ke a ipotsa hore na o sa tla ntlhompha na. Ke hlabiswa dihlong ke hore Mamello o imme setloholo sa ka. Yena ke tlo shebana jwang le yena. Morena le banna ba lekgotla kannete ke se ke itshwetse mokgubu. Ke fahlile mmuso ka lehlabathe. Ntshwareleng ba heso.
    Morena: Ntsie, ditaba ke tseo di lebisitswe ho wena. O ka reng ha o araba?
    Ntsie: Ke a di utlwa morena. Nna kere ha ho pharela banneng. Kaofela ha re le tjena re tswetse bana. Re a tseba mathata ao bana ba rona ba re fang ona. Ke thabetse feela hore moradi waka ha a kaba a hlabiswa dihlong ka ho botswa ntata ngwana. Nna Bene ke o tshwaretse mme ke a tseba le Tumi o tla o leballa. Ke rata hoba o ithutile ho hong ditabeng tsena. Morena ke thabetse le hore taba tsena di tla hlakola le sekgobo se jarisitsweng moradi waka motseng ona. Ditaba tsa hore moradi wa ka o ne a matha le bashanyana ba bangata motseng mona le hore o jarisitse Tatolo molato oo e seng wa hae di itshebeditse kajeno. Pelo ya ka e imolohile. Ke tletse thabo.
    Morena: Monna o bua tjena Ntsie monna. O lehlohonolo wena Bene e le kannete hore e be o fumane motho ya kang Ntsie tjena. Monna ya nang le tshwarelo. Ke a tshepa ke la pele ebile ke la ho qetela o etsa ketso e tjena motseng mona. Feela nke ke ka o tlohela feela. Ke o ahlola kgomo ka boitshwaro bona ba hao ka hara motse ona wa ntate. Ke batla ha bosiu bona bo esa e be e le mona. Ha le tloha mona le ilo sebetsa ditaba tsena tsa bana ba lona ka kgotso. Le tlohelle ho hlabisa bana dihlong. Le Mamello ha a batle ho nna a ntse a tujwa ka ditaba tsa mabarebare. Banna le ka ikela. Ke a leboha ka mamello ya lona ya ho sebetsa ditaba tsa motse ona.
    Ha utlwahala modumo hape. Banna ba kgotsa ba sa qete. Ba nto tswa ka makgoro ho ya mahae. Ntsie le Bene le bona ba tshwarana ka matsoho ba nto arohana.

    Ketsahalo ya bone

    Ke tseleng. Bene o hatisa maoto eka ha a batle ho tsamaya le banna ba bang a ba a dikela ka lengope.

    Bene o bua a le mong.

    Bene: Ha o tshaba o tshabe bana. Ke hore ke swabile hona hoo. Ha ke tsebe nka iketsang. Hoja ka mamela mosadi ha a ne a nkeletsa hore ke tlohelle Tatolo. Ebe ke tlo reng ho yena ha ke fihla hae? Ke hore ha ke batle le ha ba mpona mona motseng kamoo ke fetileng ke le makwebeta ka teng. Mh! Hona bana baa ba kopanela kae, neng ha Tatolo a re le kajeno o ne a ilo kapana le Mamello? E le hore ha a ka ba a mmamela ha ke bua le yena hore a se hlole a kopana le ngwananyana eo? Hona e le hore batho ba tseba empa ba sa mpolelle? Ebe le Matatolo o e tseba taba ee? Ruri hona ke lebote. Hana ke tlo qala kae ho lefa molato? Hona haeba Tatolo o rera ho nyala ngwana eo ke tlo etsa jwang? E re ke tlohele ho ingamangama le ho ipotsa dipotso tseo ke senang dikarabo tsa tsona hona jwale. Ke ipotsa feela hore na batho ba tlo reng ha ba mpona ke kganna kgomo eo ke e ahlotsweng ke morena hoseng ka ho bata Ntsie. He banna ho thata fatshe.
    Bene ha a hlokomele hore o se a fihlile ha hae.
    Matatolo: Hao ntate, wa bua o le mong tje ekaba molato keng motaung?
    Bene: Be! mosadi, o ntshosetsang na? Ha ke a o hlokomela.
    Matatolo: O ne o tla ntlhokomela jwang o shebile fatshe eka o bua le lefatshe?
    Bene: He monna ditaba di nkimetse mane kgotla. O kae Tatolo?
    Matatolo: O fehlile mona a tatile a re o ilo kwalla dikgomo. A na molato o teng?
    Bene: Ke se ke tjhulo hore ditaba di nkimetse mane kgotla. Tatolo ke yena ya ntswileng tlase. Ebile ba ntse ba kopana letsatsi le letsatsi tlasa nko tsa rona mona re sa ba bone. Ntle le haeba wena o ne o tseba taba ena. Ha ke sa tseba na ke kgolwe eng jwale. Ke se ke fetohile ngwana ya sa tsebeng letho jwale. Ke ne ke tiisa ke re ke tseba mora enwa wa ka athe ke a ithetsa. Wena o tsebang?
    Matatolo: Ha ke tsebe letho ntate. Ke mpa feela nke keng ka emela ngwana. Bana bana ha re tsamaye le bona jwale o ka se tsebe tseo ba di etsang ha ba le thoko le rona. Ke ne ke ipotsa feela hore ngwana e monyenyane hakaale wa Ntsie a ka etselletsa Tatolo jwang e le abutiae. Empa le teng ka kgutla ka re o ka se tsebe metsamao ya bana bana. Basadi! Ke taba e kaakang? Jwale ba tsebile jwang? Ke yena Tatolo ya ba bolelletseng?
    Bene: Ke yena ya bolelletseng morena le lekgotla la hae. Kamora hore ke mo late mona morena a mmatla, mme ke mo kope makgetlo ho latola molato, o fihlile a di barutsa ha a fihla moo. E ile ya ka nkare lefatshe ngamoha ke kene. Nahana kamora ho hlasela Ntsie ha hae ke mo bata ka sehloho.
    Matatolo: Basadi! Jwale wa etsa jwang?
    Bene: Ka thola ka mamela. Ho ne o re ke mo fofele ke mmate le sa tshelweng ke nta hlooho e mpe ena ka mpa ka ithiba kaha ke ne ke se ke sentse. Ka utlwa e le ngwana ya kgopo ka mokgo makatsang.
    Matatolo: Ekaba Ntsie yena o ne a le jwang nakong eo Tatolo a le bolellang hore ke monga molato?
    Bene: Ha nka ba ka batla le ho mo tadima mahlong. Ke ne ke iname ke sa batle a bone ditlhong tse neng di nkaparetse. O tsebe ke ile ka tlameha ho kopa tshwarelo. E mpe le ho feta ke hore morena o nkahlotse kgomo ka ho baka moferefere kahara motse wa hae. Ke nahana feela nakong eo ke e kgannang ho ya moreneng. Batho ba motse ona kamoo ba ratang ditaba bat la be ba eme matlotlosia jwalo ka kajeno.
    Matatolo: Ke maswabi ntate. Nna ke re o tlohelle ho nahana ka batho. Motho e mong le e mong o na le mathata a hae. Wena ha feela o kopile tshwarelo ho Ntsie mme a o tshwaretse ke yona taba ya bohlokwa.
    Bene: Monna, ke tshaba Ntsie. O a tseba ha a kaba a ikgantshetsa nna empa o ile a hla a ntshwarela ra ba ra tshwarana ka matsoho. Ho bolelang hore hona jwale ha se yena eo ke nang le bothata le yena. Hona jwale ke a kgolwa di se di tsamaile ka mohala wa tjhetjhe mme di tletse motse ona. Feela ke tla reng? Le tsona ke di ya banneng. A ko ntsholele dijo ke je. Ke sa tla inahanela taba ena hantle.
    Matatolo a siya monna kantle moo a dutseng teng a kena ka tlung ho ya tsholela monna. O bua a le mong.
    Matatolo: Hoja monna enwa o ile a ka mmamela. Ho ka be ho se tjena. Bona na e se e le sono se jwang. E se e le hore motho o ka se hlole o re ke ne ke o jwetse. (O tsheha ha sesame) Basadi! E re ke mo isetse dijo pele a ntja ka bohale.
    Matatolo: Dijo ke tsena motaung.
    Bene: Ke a leboha mme.
    Ho fihla Tatolo a tsamaya le rangwanae Kabelo mme ba fetela moo Bene a neng a dutse teng.
    Kabelo: Dumela weso.
    Bene: O hlaha kae na moreso? Hona o kopana kae le Tatolo?
    Kabelo: Ke hlaha lapeng. Tatolo o fihlile ho nna mane a mpolella hore le ne le bitsitswe mane moreneng hape e kare o batile Ntsie. Ebe molato e ne e leng weso?
    Bene: Hela ngwana monna. Ditaba di sa ya kae ngwetsi e sa thoba. Ho se ho etsahetse diphoso tse ngata haholo. Ke tena ke kena ka hare tjena ka lebaka la yena Tatolo. Hoja a ka a itshwara hantle a tlohella ho mathaka a robala le bana ba batho re ka be re se mathateng ana ao re leng ho ona. O mphoqile hampe ke ne ke motshepile. Monna ke tswa hlasela Ntsie ha hae ke re o ntse a senya lelapa la ka lebitso athe ke ntse ke mathela masawana. Hele!
    Bene a bua tjena a tadimile Tatolo eka o tloha a mo masola ka molamu oo a neng a o kokositse.
    Kabelo: Theola moya weso. Lebaka leo ke leng mona ka lona ke lona lena leo o buang ka lona. Tatolo o mpolelletse hore o ne o re a hane molato empa letswalo la hae la se mo dumelle hape o rata morwetsana eno. O mpolelletse hore o ne a ke ke a phela a tseba hore o robile ngwana batho lengole ya ba o baleha boikarabello. O re o swabisitswe ke ha o se o ilo hlasela ntata kgarebe eno ya hae ha hae o sa mo rerisa le ho ko resisa feela a o tsebisitse hore ditaba ke tsa hae. Potso ya ka ke hore na monna o etsa jwang qeto e jwalo. A ko bone na o itlotlolotse jwang empa taba ena e ne e ka rarolloha ha bobebe. Tatolo o mpolelletse hore ke yena monga molato mme ebile o ikemiseditse hore a nyale Mamello. O bile o re kaha yena o se a ngola materiki o tla ya batla mosebetsi e le hore Mamello a tle a kgutlele sekolong. Hape a tle a tsebe ho hlokomela mosadi le ngwana. Monna heso nna ke re re sebetse ditaba seholo e seng ka ntwa. Re ke ke ra hlola re fetola se etsahetseng. Ke hlahisa hore ha le tjhaba re ngolle ba ha Ntsie re ba kope kopano e le hore re lokise ditaba tsa bana pele lesea le hlaha. Ke yona taba ya bohlokwa ha jwale. Kapa morero wa hao e ne e le ofe?
    Bene: O buile ngwana monna. Ke yona tsela eo re lokelang ho e nka ho tloha mona. Morena o se a nkahlotse kgomo mme nka se etse molato o mong hape. Ke dumellana le wena hore re ngolle ba ha Ntsie. Monna bana ba ka o lobokanya hampe. O tsebe ke ne ke re ke atisa leruo laka jwale ke mona ke tlameha ho lefa mpa
    Kabelo: Ho lla ha ho thuse monna. Ho se ho etsahetse. Le ho nna o sola ngwana ha ho thuse. Motsotsong ona bana bana ba batla tshehetso ya rona e seng hob a lwantsha. Dinako di fetohile monna. Ha e sale dinako tsane tsa rona moo ho neng ho thwe thupa e otlollwa e le metsi. Bana ba matsatsing ana ba na le ditokelo monna. Ha ba kgannwe ka lere la tshepe. Hape ha ba thata jwalo ka rona. O tloha o re o a mo shapa a ba roballa ruri. Bana ba shatjwa ka leleme le teng o kgetha hore na o reng ha o reng. Hape ha o batle ho etsa ntho yeo o tla ikwahlaya kamorao ka lebaka la ho betwa ke pelo.
    Bene: Ke mametse ka hloko weso mme ditaba tsa hao di wela ditseng tse utlwang. Ha re kopane hoseng re tlo qetela ditaba tsa lengolo. Tatolo nka sejana sena o se ise ka tlung. O bolelle mmao ke sa felehetsa rangwanao.
    Kabelo: Hao, ke se ke sa dumedisa le ausi feela ke se ke bile ke tsamaya. Monna mmolelle hore ke tla mmona hosane ebile ke tla habola le motoho.
    Bene le Kabelo ba potela ka ntlo.

    Ketsahalo ya bohlano

    Ke lapeng ha Ntsie o fihla hae mme a fumana Tumi le Mamello ba mo emetse. Hang hoba a kene Tumi a se ke a mo emela le hore a dule fatshe.

    Tumi: Ra se ke ra ema ntate. Ke ne ke re kaba o tla fihla kapele. Di tsamaile jwang hle? Hobaneng morena a qetelletse a itse o se bitse Mamello feela o siile lekgotla ka lehare wa tla lata Mamello? Hona keng e neng e o thabisitse hakale ha o fihla ho rona moreneng?
    Ntsie: Hana ekare motho o a o lebala. Na o ke o mpotse potso e le nngwe mme o emele hore ke arabe? Hona ha o mpotse le hore na ke batla dijo na o se o ntse o mpolaisa dipotso? Ha ke so dule le fatshe. Mamello ngwanaka mmao ke lehlanya kannete. O hlotse jwang na ngwanaka?
    Mamello: Ke hlotse ntate, ke mpa ke kgathetse ke tsela ya ho ya le ho kgutla moreneng. Ho ne ho tjhesa haholo. O re tshwarele ngwanaka ha re o bolaisitse tsela. Ditaba di ile tsa fetoha yaba ha ho sa hlokahala hore o ka bitswa. Tumi se ka peralla tjena hle a ko ntsholele ke shwele ke tlala.
    Tumi: Ke kgalletse ditaba hle ntate. O tsebe ha ke so o bone ha o thabile tjena. Ke bile ke o phehetse mala le mohodu tseo o di ratang haholo.
    Ntsie: Ha se moo mosadi wa dikgomo tsa ntate. Ke tla ja sa mpana phahloha kajeno. Ha ke se ke jele ke tla o qoqela tsa moo ke tswang. Tsamaya o ilo phomola Mamello. Ke batla re ilo batlela lesea basekomo le mokotlana hosane hoseng
    Mamello: Ke a leboha ntate. Le tla robala ha monate le mme.
    Mamello a bua a se a eme ka maoto eka o ne a se a emetse feela ho utlwa ntatae a re a ilo robala. A kena phaposing ya hae ya ho phomola. A ba a kwala lemati. Moeka o ne a tatetse mohala wa hae oo a fihlileng a o ntsha tlasa mosamo mme a ngola molaetsa. Molaetsa ona o ne a o ngolla Tatolo mme a mo tsebisa ka tsa pitso ya hae moreneng e sa tswelellang. Mamello o ne a sa tsebe hore le Tatolo o ne a bitsitswe mme ke yena ya entseng hore a se bitswe.
    Molaetsa wa Mamello
    Dumela abuti Tatolo
    Ke hlotswe ho tla kopanong ya rona kajeno kaha ke ne ke bitsitswe moreneng.
    Ha ke tsebe na morena o ne a nkisa kae hobane ntate o ile a fihla a re ha ke sa hlokahala. Taba ena ha e ya ntula hamonate hoba ke a ipotsa na e bolelang kamora hore ntate wa hao a hlasele ntate mona lapeng. Abuti Tatolo hantle ho tlo etsahalang ka rona?
    Tatolo a araba molaetsa wa Mamello
    Dumela moratuwa waka.
    Nna ke qetwa ke tlholohelo hle. Ha ke tsebe hore na ke tla bo hlotha ke sale bona. O ntshunele ngwana yeo waka. Le nna ke ne ke bitsitswe moreneng ka ditaba tsena tsa rona. Morena o ne a ilo mpotsa na ke nna ya o emisitseng na. Ke ile ka mmolella hammoho le banna ba lekgotla hore ke nna. Mohlomong le wen aba ne ba ilo o botsa ka tsona. Moratuwa, robalang hamonate mm eke enwa a mpitsa. Ke ntse ke le rata haholo.
    Mamello a bobotheha moo a popometseng teng ke molaetsa ona wa Tatolo anto tima mohala le lebone a robala.
    Ntsie ha qeta ho ja yaba o re ho mosadi ba ilo dihomothela dikobong kaha hlooho ya hae e opa.
    Tumi: O itse mofumahadi o e tlamisitse hantle ntate? Ke bona motshwetshwenyana wa madi pela tsebe mona.
    Ntsie: O ntlamme hantle. Ha re yo phomola re tla di bona hoseng.
    Tumi: Hao ntate, mpolelle ditaba hle.
    Ntsie: Kannete batho ha ba tsebe ho reha mabitso. Hantle ke wena ya neng a lokela ho bitswa Maditaba. O rata ditaba hle mosadi waka. Ntsie a boela a keketeha. E re ke o qoqele wena mosadi wa kgomo tsa ntate.
    Tumi: Qala moo le fihlang kgotla he.
    Ntsie: Ha o ka thola wa mamela. Ha re fihla kgotla morena a qala a botsa na ho etsahetseng mona yaba ke mmolella tsohle ho fihlela Bene a ntwantsha. Le Bene le yena a pheta lehlakore la hae. Ke mono moo a ileng a bua ka mora hae jwalo ka ha eka ke lenyoloi. Ke ha morena a tla re re tlo lata bana bana ba rona. Ho fihleng kgotla kamora ho lata bana, ke fumane a se a le teng le mora wa hae. Ho se ho engwe ka nna feela. Morena a se senye le nako yaba hang o se a wela tabeng. A botsa Tatolo ka tsa tsebo ya hae ya Mamello le ka mpa. Tatolo a bolella morena le banna ba lekgotla hore ke yena ya imisitseng Mamello le hore ba kopana letsatsi le leng le le leng. Nakong ena ke ne ke tadimile ntatae ya ileng a fothoha moo a neng a dutse teng o bona hore o tletse kgalefo ya difefo. Feela he a boela a dula fatshe a sunya mora mahlo. Nakong ena mosadi waka pelo ya ka e ne tletse thabo e kgaphatsehang. Ke ne ke thabetse ngwana enwa w aka Mamello e oho seng motho ya sa mo rwakeng motseng mona ka hore o pharile Tatolo ka molato. Ha Tatolo a qeta ho bua, morena a mo lokolla ha sala rona. Ke ha ke tla tla ho lona hoba morena o ile a re Mamello ha a sa hlokahala hoba Tatolo o dumetse molato. Hang kamora hore le tsamaye ka kgutla kgotla moo Bene a ileng a kopa tshwarelo ka ho ntlhasela haka ka ditaba tsa mabarebare.
    Tumi: Jwale o ile wa motshwarela ntate?
    Ntsie: Ke ile ka mo tshwarela molemong wa ngwana enwa wa ka. Le jwale ke sa ntse ke thabile. Hele mosadi ha re robala ke bosiu.
    Ntsie a tima lebone ba nto isa masapo ho beng.


    PONTSHO YA BOROBEDI

    Ketsahalo ya pele

    Ke hoseng ha Ntsie o ntse a kama moriri wa hae kantle e leho itukisetsa ho ya toropong le Mamello. Ho fihla monna ya palamemg pere o a dumedisa.

    Monna wa pere: Dumelang lapeng mona.
    Ntsie: E dumela monna. Ana nka o thusa?
    Monna wa pere: Ho jwalo ntate ke moeti wa hao. Na nka ropa pere ee sefateng moo?
    Ntsie: E, o ka e ropa.
    Monna wa pere a ropa pere a nto fetela moo Ntsie a neng a eme teng. A fihla a mo tshwara ka letsoho.
    Monna wa pere: Ke nna Setitimi ntate ke rometswe ha hao mona ke ntate Bene a re ke tlise lengolo lena.
    Ntsie: Ke a leboha monna Setitimi. Ekaba lengolo lee la hao le hloka karabo hang kapa e tla nne e tle? Ha o mpona ke le tjena ke maoto ke oka ditlhabela.
    Setitimi: Tjhe ntate, karabo e tla nne etle. Ha ke nahane e hlokahala hang.
    Ntsie: Tsamaya o ilo tsebisa ntate Bene hore ke fumane lengolo mme ke tla fana ka karabo.
    Setitimi: Ke a leboha ntate.
    Ntsie a hwelehetsa Tumi hore a phomosetse Setitimi motoho pele a tsamaya. Setitimi a leboha mme Tumi a mo fehlela motoho. A habola a nto palama pere ya hae a ikela.
    Tumi: Ntate o ne a batlang monna eo?
    Ntsie: O tlisitse lengolo le tswang ho Bene.
    Tumi: Kannete? Tumi a didielletsa tlase a thenthetsa a phutlanya mese a kena ka tlung. Tjhe, ke a kgolwa kajeno ha ho thwe dikeledi tsa motho ha di wele fatshe. Ho jwang kajeno. Moradi wa ka o ne a fetohile sesomo sa motse ona. A rwahakwa ho thwe o etselletsa mora Bene. Basadi ba motse ona ba ntsheha ha ke feta ke ya sedibeng. Ba re ha ke tsebe ho kgalema moradi wa ka. Ba ntsheha ba re bona bana ba bona ba itshwere hantle kaha ba sa le dikolong. Mh! Ba sa tla swaba ha ba utlwa hore Tatolo o dumetse molato mme o ikemiseditse ho tshehetsa le ho hodisa ngwana wa hae. (Tumi a tshehela tlase). E ne e le mona feela hoba Tatolo a sa sheba baradi ba bona. Akere motseng moo ha ho ya sa shebang Tatolo ka lebaka la matla le tlhompho ya hae. Ekaba ba kae boMaditaba ha ho le tje?
    Tumi a hlaha ba sekotlolo sa motoho mme a fihla a se neheletsa monna wa pere.
    Tumi: Motoho ke ona ntate.
    Setitimi: Ke a leboha mme ka kamohelo e mofutho. E kare o a tseba hore ke ne ke sa tlosa le e molomong mona feela tlala.
    Tumi: Ao basadi! O tla tjho ha o batla ke o ekeletse.
    Tumi a furalla monna wa pere a ya ho Ntsie moo a neng a eme teng.
    Tumi: Jwale le reng lengolo ntate?
    Ntsie: Ha ke so le bule. Akere jwale ke potlaketse masimong. O ka nna wa le bala ha nna ke theohela masimong.
    Ntsie a neheletsa Tumi lengolo a nto sadisa Setitimi hantle.
    Tumi a nka lengolo a le phunya. Lona le baleha tjena;
    Monghadi Ntsie
    Ke ngola lengolo lena ka maswabi a maholo. Ha ke tsebe le hore nka qala kae ha e se ho kopa tshwarelo. Ruri ke swabile molomo ho feta nko. Bana ba ka re etsisa diphoso. Ke kopa o ntumelle hore re kopane ho tla tshohla ditaba tsa bana ba rona. Ke kopa re lebale mahlabisa dihlong ao ke a entseng molemong wa lesea le tlo belehwa.
    Ke kopa letsatsi la ho tla busana ka dikgomo tsa tshenyo.
    Ka boikokobetso
    Bene
    Kamora ho bala lengolo, Tumi a bososela. A bua a le mong.
    Tumi: Ke sa tjho ke re dikeledi ha di wele fatshe. Dithapelo tsa ka di arabetswe. Ekaba ke batlang kannete.
    Setitimi: Ke a leboha mme ke jele sa mpana phatlowa.
    Tumi: Be! Ke se ke nkilwe ke lengolo lena la hao ke se ke lebetse hore ha ke mong. Ho lokile ntate tsamaya hantle. Na ntate o ile a o arabela ka ditaba tsa lengolo lee?
    Setitimi: Ho jwalo mme. O itse ke bolelle ntate Bene hore o tla araba lengolo la hae, ho na le moo a potlaketseng teng.
    Tumi: Ho lokile he. Tsamaya hantle.
    Tumi o kena ka tlung, o nka nkgo o ya sedibeng. Tseleng o fapohela ha Maphoka empa o fumana ho se motho. O bua a le mong.
    Ke hore ke thabile hoo ke neng ke batla ho tla arolelana thabo ya ka le Maphoka jwale ke enwa ha a yo. E re ke ye sedibeng ke tlohelle ho bua ke le mong. Ke tla mmona Maphoka etswe e se e le nako re sa kopane jwale.


    PONTSHO YA BOROBONG

    Ketsahalo ya pele

    Ke mantsibuya Maditaba o fihla sedibeng o fumana Makabelo le Thato. O fihla a sutuditse melomo a sa ba dumedise.

    Makabelo: Dumela le wena Maditaba. He ke rona re itseng o ikenye ditabeng tsa batho.
    Thato: Hao mosadi, hobaneng ha o sa re dumedise? Re ne re robetse ha hao na?
    Maditaba a ba nyemotsa ya ka ha ba bue le yena.
    Makabelo: Hela ausi nnyeo. Re o entseng rona?
    Maditaba a inama ho kga metsi ka sedibeng a ntse a thotse.
    Thato: Ke maketse hore o ntse o tseba ho thola kamoo o di shwashwathang ka teng.
    Makabelo: Ho maketse nna hle Thato. Re bolelle na di felletse kae he tsa ha Tumi. Akere re di utlwile ka wena.
    Maditaba a phahamisa hlooho a sheba Makabelo.
    Maditaba: O mpotsetsang athe o se o di utlwile?
    Thato: Tjhe, boMaditaba ha le tshabe ditaba kannete.
    Makabelo: Thato ha o tsebe hore lebitso lebe ke seromo na?
    Thato: Ke a tseba feela ke ne ke sa tsebe hore e kaba nnete e tjena.
    Maditaba: A ke le ntlohelleng nna.
    Makabelo: Nna nke ke ka otlohela pele ke utlwa hore na di felletse kae tsa moradi wa Ntsie. Akere re tseba ditaba tsa motse oo ka wena.
    Maditaba: Akere le utlwile hore mora Matatolo o dumetse molato mane moreneng. O bontsha tshwabo e kgolo. Feela ekare Morena le banna ba lekgotla ba ne ba mo tonetse mahlo hampe. Ke ha a tla dumela.
    Thato: Ao tjhe, Maditaba. O sa ntse o tswelapele ho bua mashano?
    Makabelo: Ba mo tonetse mahlo jwang Maditaba?
    Maditaba: Ha se leshano ekare o ne a tshaba morena le banna ba lekgotla ha a tla dumela sekate.
    Thato: E teng ntho e jwalo Maditaba?
    Makabelo: Ako hlalose mosadi. Ekare taba ena ya hao e tla nqabola kannete. Motho o teng ya ka dumelang molato oo e seng wa hae ka lebaka la ho tonelwa mahlo feela?
    Maditaba: Ke moo ho se ho etsahetse.
    Thato: Na ba mo shapile kapa ba ne ba mo tlamme ka lesika monwaneng hore a dumele molato?
    Maditaba: Tjhe, ha ba mo shapa kapa hona ho mo tlama ka lesika.
    Makabelo: Jwale taba ela ya hore o ne o mmone a ena le moshanyana e mong yona e felletse kae? Hobaneng ho bitsitswe mora Bene feela eo yena a sa bitswa?
    Maditaba: Moo ha ke tsebe.
    Thato: Na o teng le moshanyana eo o buang ka yena Maditaba kapa e ne e ntse e le mokgwa o moo wa hao wa ho qapa ditaba?
    Maditaba: Ehlile ke ne ke mmone ba potela ka lengope.
    Makabelo: Haeba e ne e ntse e le Tatolo moo? Na o na le bonnete bo felletseng hore e ne e se yena.
    Maditaba: Ke bua ka ntho eo ke e tsebang.
    Thato: Jwale yena ha a bitswa keng mola moreneng?
    Maditaba: Hao basadi le re nka tseba ditaba tse etsahalang moreneng nna
    Thato le Makabelo ba shwa ke ditsheho.
    Makabelo: Ao tjhe o pale mosadi. Ha se wena ya ntseng a re qoqela ka ditaba tsa moreneng hona jwale? Tsona o di tsebella kae o ne o sa ya kgotla? Kapa basadi ba se ba kena kgotla na re tsebe.
    Thato: Leshano lena la hao le lokela ho fela Maditaba. O senya batho mabitso ke ho iqapela ditaba tse siyo. E re rona re o bolelle nnete he.
    Makabelo: O opile kgomo lenaka Thato. Nna ke makatswa feela ke hore Maditaba o tswetse o na le moradi.
    Thato: Hela, ha o realo o nkgopotsa ntho e nngwe. Eo moradi wa Maditaba o bolelletse moradi wa ka hore mmae o itse a se hlole a mmona a tsamaya le Mamello kaha a tla mo tshwaetse mekgwa ya hae e mebe.
    Mamello: Basadi Maditaba. Hantle bothata ba hao bo hokae mosadi re mpe re o thuse?
    Maditaba: Ke kopa letswe ditabeng tsa lelapa laka. Hore na ke reng ho ngwana wa ka ha e le batle.
    Makabelo: Na o dula o tsamaya le moradi wa hao?
    Maditaba: Tjhe, nka tsamaya le yena jwang athe o kena sekolo?
    Thato: Ke bona bothata bono hoba tsela eo o buang hampe ka bana ba batho motho a ka nahana o dula o fuwame wa hao.
    Makabelo: A ko fetohe hle Maditaba.
    Thato: Ke itse nna ke o bolelle nnete. Mamello o dula a ena le Tatolo ho seng le mantsibuya. Taba ena ha e so fetohe esale o re hlaba malotsana hore eo moradi wa Tumi ke moimana. Hoseng Tatolo o mo emela mane patlollong hore a mo nkise mokotla. Le ha sekolo se etswa ba feta ho nna mane ba ntse ba le babedi. Ke ipotsa hore na wena moshanyana eo o neng o mmona a dikela ka lengope le Mamello ke ofeng?
    Makabelo: Ke mahlabisa dihlong ana kannete Maditaba. O lokela ho ya kopa tshwarelo ho Tumi ka ho mo senya lebitso motseng mona ka hore ha a na kgodiso e ntle. Ha se hantle ho bua jwalo ka mosadi e mong.
    Thato: O tle o hlokomele motsheha lefuba o a ipeletsa mosadi.
    Maditaba: La se ke la nkemella lekgale. A ke le ntlohelleng le ke le shebane le ditaba tsa malapa a lona le tlohella laka.
    Makabelo: O boletse teng moo, ha re tlohelleng ditaba tsa malapa a batho re shebaneng le tsa a rona. Mona teng ke dumellana le wena mme ke tshepa hore ho tloha kajeno o tla etsa jwalo.
    Boraro bo rwala dinkgo tsa bona bo a tsamaya.

    Ketsahalo ya bobedi

    Ke shwalane Maphoka o fihla ha Tumi o fumana a ntse a soka pitsa.

    Maphoka: Dumelang lapeng mona.
    Tumi: Be! Mosadi ke wena?
    Maphoka: Ke nna mosadi ke itse nke o fapohele. E se e le nako re ka kopane jwale.
    Tumi: Ho jwalo hle mosadi. Haesale ke le maphathaphatha. O a tseba le hore ha o ena le moimana wa lestibulo o ka se mo siye a le mong.
    Maphoka: Ke tseba taba eno hore ke ho se tsebe diphoso di ka etsahala. Le nna ho kotula ho ntshwere hle. Ke ntse ke bua ka pelo ke re ke tla tla o bona ebe ha ke re ke tla tla ho hlaha lebaka le leng. Empa kajeno ka ipolelle hore ke fapohele.
    Tumi: Ke lebohile hle ha o nketetse.
    Maphoka: E kaba di ntse di ya jwang tsa moradi le ba ha Bene? E sale ke qetela ha o ne o re le rera ho ngolla Bene.
    Tumi: Ao tjhe! o nqetetse kgale. Ha ditaba tsa motse oo di sa timanwe di matha jwalo ka mohala wa tjhetjhe wena di o tlotse kae?
    Maphoka: Ke se ke o bolelletse akere hore ke qetwa ke masimo. Esale ke qalella ho kotula dibeke tse pedi tse fetileng. Ke dife he re di utlwe?
    Tumi: Ho ile ha senyeha mosadi. Re ile ra ngolla Bene le ha a ile a phaladisa leqosa la rona ka molamu.
    Maphoka a tona mahlo.
    Maphoka: O reng na mosadi?
    Tumi: Kannete mosadi. Empa lengolo lona a le nka a se a qekiswa ke mosadi. O ne a hana le ho le nka a le bala.
    Maphoka: Ke hore Bene ha a fetohe. Manganga a a hae a tla fella kae? Jwale ha etsahalang?
    Tumi: Ha o thole ka o phetela mosadi.
    Maphoka: Bua he ke mametse.
    Tumi: Re sa re re utlwile ka ho phaladisa leqosa ke ha a etla mona haka.
    Maphoka: A tlo ba tlang moo jwale?
    Tumi: A tlo lwantsha Ntsie.
    Maphoka a tona mahlo le ho feta.
    Maphoka: Eng?
    Tumi: Kannete. Ntsie o sa ntse a le mohele wa molamu wa Bene hloohong. Ya eba thibang thibang a re Ntsie o tsamaya a senya lelapa la hae lebitso ka hore o etseditse enwa moradi wa rona ngwana.
    Maphoka: Athe? A kere ke mora hae monga sekate?
    Tumi: Butle ho ba lehala mosadi ke o phetele.
    Maphoka: Mehlolo ke dinoha mesenene ke batho ruri. Tswelapele mosadi.
    Tumi: Ka lehlohonolo Ntsie o ne a se tsebisitse morena ka se etsahetseng ha a romeletse leqosa. O tla a hlasela Ntsie tjena, moreneng mane Morena le banna ba lekgotla ba dutse ho buisana ka ho rarolla qaka ena.
    Maphoka: Bathong!
    Tumi: Ke ha ba utlwa mokutu le seboko saka seo ke neng ke se hlabetse hodimo ke bona hantle hore Bene o bolaya monna wa ka. Morena a nto fihla le banna ba hae ho tla namola.
    Maphoka: Ruri re a hola re a eletsa koma re se re e bina ka hlooho. Ka bakwena ba ntswetseng ena taba ke qala ho e utlwa motseng mona.
    Tumi: Thola o utlwe. Morena a re ba mo sale morao ho ya mane kgotla. Ke moo a tshwetseng taba ena ya Bene ka mathe mme bobedi le Ntsie ba laelwa ho lata bana ba bona.
    Maphoka: Moo morena o nepile. Tsa tsamaya jwang jwale tsa bana?
    Tumi: Ke a utlwa ha a se a latile mora, ke moo mora a fihlileng a bolela hore ke yena ntata ngwana.
    Maphoka a keketeha a ema a thenthetsa.
    Maphoka: Halala halala halala! Ruri dikeledi ha di wele fatshe Tumi.
    Tumi: Moo teng ke bona ka ana a ka mahlo. Mora o bolelletse enwa moradi hore ntatae o ne a itse a latole molato mme ha a sa o latole a se hlole a le beha mane ha hae. O re ntatae o ne a itse a se hlole a mmona a ena le yena.
    Maphoka: A ko utlwe feela mahlabisa dihlong a tjena. Motho ha a ne e le wa hae moradi o ne a tla ikutlwa jwang ha a etswa jwalo?
    Tumi: Kannete, feela mora a tsitlallela nnete mme a ipolella hore o se a tla tshela borokgo ha a fihla ho bona.
    Maphoka: Jwale ekaba o ile a ikutlwa jwang ha mora a se a mo tswile tlaase?
    Tumi: Ntata Mamello o re ke ha a tshaba le ho mo tadima mahlong. O re e sale a inama a thola tuu.
    Maphoka: Ho bolelang hore Mamello ha a ka ba a bitswa yena?
    Tumi: Ho jwalo. Moshanyana o ile a qeta ditaba. Ha o tsebe ke ile ka thaba jwang hoba ke ne ke bile ke re ntatae a tlohelle. Ha ke rate ha ngwanaka a ntse a tontotshwa a iswa hodimo le tlase a imme. Taba ena e ne e ka mmakela kgatello ya maikutlo mme ya ama lesea. Ke batla a be le lesea le shahlileng le phetseng hantle.
    Maphoka: Ruri ke a o lebohela mosadi. O e hlotse ntwa ena.
    Tumi: O tsebe o se a romelletse leqosa ho tla tlisa dikgomo tsa tshenyo.
    Maphoka: O reng na mosadi?
    Tumi: Ke a o bolelle wena.
    Maphoka: Ke rata ho o bolelle hore o lehlohonolo hara basadi. Le tshehetso eo o e fumaneng ho tswa ho Ntsie ke e babatsehang. Hangata bontate ba tlohella ditaba tsa boimana ho bomme. Ha ke tsebe ke mang ya neng a re ho lokela ho ba jwalo. Re bone mohlolo ka enwa monna wa hao. Ke ka hoo ke reng o a ithaba mosadi.
    Tumi: O sa hopola le nna ke ne ke sa dumele. Empa ka ba ka tlwaela hore o batla ho tshehetsa ngwana wa hae. Le mookamedi wa sekolo o ne a maketse jwalo feela.
    Maphoka: Mosadi, e re ke itlhahanele e tswe ho so fifala jwalo. Wa tla wa mpolella ditaba tse thabisang. Ha ke sa bua ka tse bohloko. Re tla bonana hape. Ke se ke tla qeta ka masimong.
    Tumi: Ke a leboha motswalle ha o nketetse. Ha e be boroko.
    Maphoka: Fonaneng mosadi. O tla ntumedisetsa moradi le Ntsie.

    Maphoka a ema moo a dutseng setupung a tsamaya.



    PONTSHO YA LESHOME

    Ketsahalo ya pele

    Ke hoseng Ntsie o dutse tlasa sefate le Tumi. Ho fihla Bene le moena wa hae Kabelo.

    Bene: Lapeng mona.
    Ntsie: Kgotso ntate.
    Bene a nanabetsa letsoho a tshwara Ntsie le Tumi ka letsoho. Kabelo le yena a latela.
    Bene: E kaba le ntse le phela hantle?
    Ntsie le Tumi: Re phetse ntate ha re tsebe lona.
    Bene le Kabelo: Le rona re ipheletse kannete.
    Bene: Re o etetse ntate ho tla biusana ka ditaba tsa bana jwalo ka ke ne ke bontshitse lengolong. Re lebohela ha o re file letsatsi lena ho tla busana.
    Ntsie: Ha ho bothata ntate. Mme a ko ba lokisetse tee. Nna ke tla ya ba nkela ditulo ka tlung.
    Tumi o ema fatshe moo a neng a dutse teng o kena ka tlung. Ka mora nakwana o hlaha a nkile terei ya dikopi tsa tee le ketlele. O fihla a e beha setulwaneng se pela Bene le Kabelo. Ho bile ho na le dikuku.
    Tumi: Tee le dikuku ke tsena bontate le ka ja.
    Bene le Kabelo: Re a leboha mmarona.
    Bene: Na re ka tseba ho bua re ntse re eja ntate Ntsie? Kapa ho na le motho e mong ya tlo tla kopanong?
    Ntsie: Ha ho bothata ha lona le batla jwalo. Ha ho na motho. Ke nna ya tlo bua ditaba tsa moradi wa ka.
    Bene: Ha ho bothata. Re tlile ntate ho tla busana ka dikgomo tse tsheletseng tsa tshenyo.
    Ntsie: Tswelapele ke mametse.
    Kabelo: Ke tlile ho tla lla ntate. Re batho ba hao.
    Ntsie: Le tla ka dikgomo tse maoto mane kapa tjhelete?
    Bene: Re tla ka tse maoto mane ntate.
    Ntsie: Ha ho le jwalo ha ho se hlokang ho tshohlwa akere. Le tla tla le di kganna. Lesaka la ka le se le loketse tsona.
    Bohle ba tsheha.
    Kabelo: Ke rata taba ya hore lesaka le se le lokile.
    Bene: E be re ka di lata hona jwale ntate Ntsie?
    Ntsie: Ha ho bothata. E re ke apare kobo re kene tseleng.
    Ntsie a kena ka tlung a tswa a tshwere molamo le koba. A e akgela lehetleng ba nto kena tseleng.
    Ntsie: Ho lokile mme re tla o bona ka sebakana.
    Tumi: Ke hantleng bo ntate.
    Tumi a kena ka tlung a thabile jwalo ka lesea.
    Ke rata hore motse ona o eme matlotlosiya o bone ha dikgomo di feta ho tla kena haka mona. Ke batla ba eme sa mohla Bene a batang monna wa ka. Ba ne ba itse ho tla ba jwang?
    Ka mora hora ha utlwahala modumo wa ditlhako tsa dikgomo. Tumi a tswela kantle a fumana hore ehlile ke tsona. Ntsie le Bene ba tla ba di kganna. A o hlaba a o laola modidietsane. Maphoka a o amohela a le ha hae. Ha dubeha. Batho ba ema matlotlosiya ba makalletse lerata. Ho eme le boMaditaba ba neng ba sola Tumi.
    Tumi: Ruri Mosotho o ne a nepile ha a re dikeledi ha di wele fatshe.